Ezekiele 4:1-17

  • Pontsho ya hore na Jerusalema e tla thibellwa jwang (1-17)

    • Molato o jarwa ka matsatsi a 390 le a 40 (4-7)

4  Mora motho, nka setene o se behe ka pela hao. O etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima sona.  O etse eka o a o hlasela,+ o hahe lerako ho o potoloha,+ o hahe qubu e o thibellang,+ o hlome ditente bakeng sa masole mme o o potapote ka dibetsa tse dihang marako.+  Nka terei* ya tshepe, o etse eka ke lerako la tshepe pakeng tsa hao le motse. O shebe motse mme o o thibelle. Lena e tla ba letshwao bakeng sa Baiseraele.+  O paqame ka lehlakore le letshehadi mme o jare molato wa Baiseraele.+ O tla jara molato wa bona ka matsatsi ao o tla beng o paqame ka ona.  O paqame jwalo ka matsatsi a 390 a lekanang le dilemo tseo ba ntshitetsweng ka tsona.+ Ka ho etsa jwalo, o tla jara molato wa Baiseraele.  O paqame jwalo ho fihlela matsatsi ao a fela. Ka mora moo, o paqame ka lehlakore le letona mme o jare molato wa Juda+ ka matsatsi a 40. Ke kgethile hore letsatsi le emele selemo.  O shebe tlhaselo ya Jerusalema+ seaparo sa hao se mennwe letsohong mme o profete hore e tla hlaselwa.  Ke tla o tlama ka diropo e le hore o se ke wa fetoha ho fihlela matsatsi a tlhaselo a fedile.  O nke koro,* harese, dinawa, lensisi, nyalothe le koro e nngwe ebe o di tshela ka hara sekotlolo o iketsetsa bohobe. O tla ja bohobe boo ka matsatsi a 390 ha o ntse o paqame.+ 10  O lekanye dijo tseo o tla di ja ka letsatsi hore di etse dikramo tse ka bang 230.* O di je ka nako e tshwanang letsatsi le leng le le leng. 11  O nwe dikopi tse pedi* feela tsa metsi. O a nwe ka nako e tshwanang letsatsi le leng le le leng. 12  O je bohobe boo jwalo ka bohobe bo sedikadikwe ba harese. O bo phehe ba ntse ba shebile o sebedisa mantle a batho a ommeng e le dibeso.” 13  Jehova a boela a re: “Ka tsela e tshwanang, Baiseraele ba tla ja bohobe bo sa hlwekang ditjhabeng tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”+ 14  Yaba ke re: “Ke a o kopa hle Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle! Ho tloha ke sa le moshanyana ho fihlela hona jwale, ha ke eso ka ke itshilafatsa ka ho ja nama ya phoofolo e shweleng+ kapa e bolailweng ke diphoofolo tse hlaha ebile ho hang ha ke eso je nama e sa hlwekang.”*+ 15  A re ho nna: “Ho lokile, o ka sebedisa bolokwe bo ommeng eseng mantle a batho bakeng sa ho etsa mollo wa ho pheha bohobe ba hao.” 16  A boela a re ho nna: “Mora motho, ke etsa hore ho se ke ha eba le dijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsweng ba tshwenyehile+ le metsi ba tla nwa a lekantsweng ba tshohile haholo.+ 17  Bohobe le metsi di tla fela e le hore ba ka shebana ba tshohile mme ba ote ka lebaka la diphoso tsa bona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng terei e bakang.
Ka Seheberu: “ho buuwa ka mofuta o mong wa koro ya boemo bo tlase e neng e lengwa Egepeta ya boholoholo.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 20.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “karolo ya botshelela ya hine,” e leng hoo e ka bang halofo ya lithara. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “e bodileng.”
Ka Seheberu: “ke roba melamu ya bohobe.” Mohlomong ho buuwa ka melamu eo ho neng ho hakwa bohobe ho yona.