Ezekiele 43:1-27

  • Kganya ya Jehova e tlala tempele (1-12)

  • Aletare (13-27)

43  O ile a nkisa keiting e shebileng ka botjhabela.+  Ha ke le moo, ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e hlaha ka botjhabela,+ modumo wa lentswe la hae o ne o le jwalo ka modumo wa metsi a mangata+ mme lefatshe le ile la tlala kganya ya hae.+  Pono ena e ne e tshwana le pono eo ke ileng ka e bona ha ke ne ke* tlo fedisa motse, e ne e tshwana le ntho eo ke ileng ka e bona nokeng ya Kebare.+ Ke ile ka kgumama fatshe ke inamisitse hlooho.  Kganya ya Jehova e ile ya kena ka tempeleng* ka keiti e shebileng ka botjhabela.+  Moya* o ile wa nkuka wa nkisa lebaleng le ka hare, ka bona tempele e tletse kganya ya Jehova.+  Ka utlwa motho a bua le nna a le ka tempeleng yaba motho eo o a tla mme o ema pela ka.+  O ile a re ho nna: “Mora motho, sena ke sebaka sa terone ya ka+ le seo ke behang maoto a ka ho sona,+ ke moo ke tla dula teng hara setjhaba sa Iseraele ka ho sa feleng.+ Baiseraele le marena a bona ha ba sa tla hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang+ ka ho se ntshepahalle* le ka ditopo tsa marena a bona.  Ba ile ba beha monyako wa bona pela monyako wa ka le kosene ya monyako wa bona pela kosene ya monyako wa ka e le hore ho be le lebota feela dipakeng tsa ka le bona.+ Ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dintho tse nyonyehang tseo ba neng ba di etsa. Ka hoo, ke ile ka ba fedisa ke halefile.+  Ba ke ba kgaotse ho se ntshepahalle ba be ba tlose ditopo tsa marena a bona ba di ise hole le nna mme ke tla dula hara bona ka ho sa feleng.+ 10  Mora motho, hlalosetsa Baiseraele hore na tempele e entswe jwang+ e le hore ba tle ba swabele diphoso tsa bona.+ Ba lokela ho ithuta hore na e entswe jwang.* 11  Haeba ba swabela dintho tsohle tseo ba di entseng, o lokela ho ba bontsha polane ya motheo wa tempele, tsela eo e entsweng ka yona le menyako ya yona e tswang le e kenang.+ O ba bontshe melao le ditaelo tsa polane yohle ya motheo, o di ngole fatshe ba ntse ba o bona e le hore ba ka di mamela le ho di latela.+ 12  Ona ke molao wa tempele. Sebaka sohle se potolohileng karolo e ka hodimo ya thaba ke sona se halalelang ka ho fetisisa.+ Ona ke molao wa tempele. 13  Tsena ke ditekanyo tsa aletare ka dimithara*+ (halofong e nngwe le e nngwe ya mithara* ho ile ha eketswa tekanyo ya bophara ba seatla).* Karolo e ka tlase ya yona e ne e ka ba halofo ya mithara le bophara ba yona e ka ba halofo ya mithara. E ne e ena le moedi ho potoloha karolo e ka thoko mme o ne o ka etsa bophara ba disenthimithara tse ka bang 22.* Ena ke karolo e ka tlase ya aletare. 14  Ho tloha karolong e ka tlase ho ya sethaleng sa pele se potolohileng, e ne e ka ba ka hodimonyana ho mithara* mme bophara ba yona e ka ba halofo ya mithara.* Ho tloha sethaleng se senyenyane se e potolohileng ho ya sethaleng se seholo se e potolohileng, e ne e ka ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi* mme bophara ba yona e ka ba halofo ya mithara.* 15  Leifo la aletare le ne le le bophahamo ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi* ebile le ena le manaka a mane a shebileng hodimo.+ 16  Leifo la aletare le ne le ena le mahlakore a mane a lekanang, bolelele ba lona e le dimithara tse ka hodimonyana ho tse tsheletseng* le bophara ba lona e le dimithara tse ka hodimonyana ho tse tsheletseng.*+ 17  Mahlakore a mane a potolohileng sethala a ne a le bolelele ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse supileng* le bophara ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse supileng,* moedi o se potolohileng e ne e ka ba disenthimithara tse 26* le mahlakore ohle a karolo ya sona e ka tlase e ka ba halofo ya mithara.* “Ditepisi tsa sona di ne di shebile ka botjhabela.” 18  A re ho nna: “Mora motho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Tsena ke ditaelo tse lokelang ho latelwa ha ho etswa aletare e le hore ho etsetswe dinyehelo tsa setjheso ho yona ho be ho fafatswe madi ho yona.’+ 19  ‘O fane ka pohwana e tswang mohlapeng e le nyehelo ya sebe+ ho baprista ba Balevi bao e leng ditloholo tsa Tsadoke+ ba tlang ka pela ka ho tla ntshebeletsa,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 20  O nke a mang a madi a yona o a tlotse manakeng a mane a aletare, dikhoneng tse nne tse potolohileng sethala le ho potoloha moedi e le ho hlwekisa aletare sebeng le ho e etsetsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+ 21  Ka mora moo, o nke pohwana ya nyehelo ya sebe e le hore e tjhesetswe sebakeng se kgethilweng sa tempele, ka ntle ho sehalalelo.+ 22  Ka letsatsi la bobedi, o fane ka phooko* e phetseng hantle e le nyehelo ya sebe. Baprista ba tla hlwekisa aletare sebeng jwalo ka ha ba ile ba e hlwekisa sebeng ka pohwana.’ 23  Ha o qeta ho e hlwekisa sebeng, o nyehele pohwana e phetseng hantle le ramo e phetseng hantle ho tswa mohlapeng. 24  O di hlahise ka pela Jehova mme baprista ba di tshele ka letswai+ ebe ba di nyehela e le nyehelo ya setjheso e feletseng ho Jehova. 25  Letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng, o fane ka phooko e le nyehelo ya sebe+ ha mmoho le pohwana le ramo e tswang mohlapeng, e be tse phetseng hantle.* 26  Baprista ba tla etsetsa aletare sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ka matsatsi a supileng, ba tla e hlwekisa ba be ba e lokisetse ho sebediswa. 27  Ha matsatsi ao a fetile, ka letsatsi la borobedi,+ baprista ba tla etsa dinyehelo aletareng ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso tse feletseng le mahlabelo a kopanetsweng mme le tla nthabisa,+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “a.”
Ka Seheberu: “ntlo”
Ka Seheberu, lentswe lena le ka bolela moya wa Modimo kapa lengeloi.
Kapa: “ka ho etsa botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ba methe polane.”
Ka Seheberu: “ka ditswe.”
Ka Seheberu: “Boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.
Ho buuwa ka ditswe tse telele. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.”
Ka Seheberu: “setswe se le seng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”
Ka Seheberu: “setswe se le seng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 12.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 12.”
Ka Seheberu: “halofo ya setswe.”
Ka Seheberu: “setswe se le seng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 14.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 14.”
Kapa: “podi e tona.”
Kapa: “phethahetseng.”