Ezekiele 44:1-31

  • Keiti e ka botjhabela e lokela ho dula e kwetswe (1-3)

  • Melao e yang ho baditjhaba (4-9)

  • Melao e yang ho Balevi le baprista (10-31)

44  O ile a nkgutlisa ka keiti e ka ntle ya sehalalelo e shebileng ka botjhabela+ mme e ne e kwetswe.+  Jehova a re ho nna: “Keiti ena e tla dula e kwetswe. Ha e a lokela ho bulwa mme ha ho na motho ya lokelang ho kena ka yona hobane Jehova Modimo wa Iseraele o kene ka yona.+ Ka hoo, e lokela ho dula e kwetswe.  Empa kgosana e tla kena ka yona, e dule mme e je dijo ka pela Jehova+ hobane ke kgosana. E tla kena ka tsela ya foranta ya keiti e be e tswe ka yona.”+  A ntlisa ka pela tempele ka keiti e ka leboya. Ka bona kganya ya Jehova e tletse tempele ya Jehova+ yaba ke kgumama fatshe ke inamisitse hlooho.+  Jehova a re ho nna: “Mora motho, hlokomela, shebisisa mme o mamele ka hloko dintho tsohle tseo ke tla o bolella tsona ka melao le ditaelo tsa tempele ya Jehova. O shebe ka hloko tsela e kenang ka tempeleng le ditsela tsohle tse tswang ka sehalalelong.+  O bolelle Baiseraele ba sa mameleng hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, dintho tse nyonyehang tseo le di etsang di se di lekane.  Baditjhaba bao le ba tlisang ka sehalalelong sa ka ba dipelo di mpe ebile ba sa bolla, ba silafatsa tempele ya ka. Le ntlisetsa bohobe, mafura le madi empa le ntse le tlola selekane sa ka ka dintho tsohle tse nyonyehang tseo le di etsang.  Ha le a hlokomela dintho tsa ka tse halalelang.+ Ho ena le hoo, le fa batho ba bang boikarabelo ba ho hlokomela mosebetsi o etswang sehalalelong sa ka.’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ho na moditjhaba ya dulang Iseraele ya sa bollang le ya pelo e mpe ya ka kenang ka sehalalelong sa ka. 10  Balevi ba ileng ba ntahla+ ha Baiseraele ba ntahla e le hore ba rapele ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang,* ba tla fumana ditlamorao tsa dintho se mpe tseo ba di entseng. 11  Ba tla sebetsa sehalalelong sa ka ba hlokomele dikeiti tsa tempele+ ba be ba sebetse tempeleng. Ba tla hlabela batho diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso e feletseng le tsa sehlabelo mme ba tla ema ka pela batho hore ba ba sebeletse. 12  Ke ile ka ikana hore ke tla ba ahlola le hore ba tla fumana ditlamorao tsa dintho tse mpe tseo ba di entseng ka ha ba ile ba sebeletsa Baiseraele ba ba thusa ho rapela ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang mme ba etsa hore ba etse sebe,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 13  ‘Ba ke ke ba tla ka pela ka ho tla sebeletsa e le baprista ba ka kapa ba atamela ntho le ha e le efe ya ka e halalelang kapa e halalelang ka ho fetisisa mme ba tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la dintho tse nyonyehang tseo ba di entseng. 14  Empa ke tla etsa hore ba hlokomele mesebetsi e etswang tempeleng, ba tla hlokomela mesebetsi yohle e lokelang ho etswa ho yona.+ 15  Ha e le baprista ba Balevi e leng bara ba Tsadoke+ ba ileng ba hlokomela sehalalelo sa ka ha Baiseraele ba ne ba ntahlile,+ ba tla tla ka pela ka hore ba ntshebeletse mme ba tla ema ka pela ka hore ba ntlisetse mafura+ le madi,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 16  ‘Ke bona ba tla kena ka sehalalelong sa ka mme ba tle tafoleng ya ka hore ba ntshebeletse+ ba be ba etse mesebetsi eo ba lokelang ho nketsetsa yona.+ 17  Ha ba kena dikeiting tsa lebala le ka hare, ba lokela ho apara diaparo tsa line.+ Ha ba sebeletsa dikeiting tsa lebala le ka hare kapa ka hara lona, ha ba a lokela ho apara ntho le ha e le efe e entsweng ka ulu. 18  Ba rwale dituku tsa line hloohong, ba apare le marikgwe a makgutshwanyane a line a kwahelang matheka.+ Ba se ke ba apara letho le etsang hore ba fufulelwe. 19  Pele ba ya ka lebaleng le ka ntle moo ho nang le batho, ba lokela ho hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba ne ba sebetsa+ mme ba di behe ka dikamoreng tsa ho jela tse halalelang.*+ Ba apare diaparo tse ding e le hore ba se ke ba fetisetsa ho halalela* ho batho ba bang ka diaparo tseo. 20  Ba se ke ba kuta+ kapa ba tlohela moriri wa bona hore o be molelele haholo. Ba o fokotse feela. 21  Baprista ha ba a lokela ho nwa veine ha ba kena lebaleng le ka hare.+ 22  Ha ba a lokela ho nyala mohlolohadi kapa mosadi ya hladilweng.+ Empa ba ka nyala morwetsana wa Moiseraele kapa mohlolohadi eo monna wa hae e neng e le moprista.+ 23  Ba lokela ho ruta batho ba ka hore na ntho e halalelang le e sa halaleleng ke efe. Ba ba rute hore na ntho e hlwekileng le e sa hlwekang ke efe.+ 24  Ba lokela ho ahlola dinyewe.+ Ba ahlole ho latela melao ya ka.+ Ba lokela ho mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka mabapi le mekete yohle ya ka+ ba be ba halaletse disabatha tsa ka. 25  Ha ba a lokela ho atamela motho ya shweleng hobane ba tla silafala. Le ha ho le jwalo, ba ka silafatswa ke bontate ba bona, bomme, bara, baradi, bana ba bo bona kapa dikgaitsedi tsa bona tse sa nyalwang.+ 26  Ka mora hore moprista a itlhwekise, o lokela ho ema matsatsi a supileng pele a etsa mosebetsi wa boprista. 27  Letsatsing leo ka lona a kenang lebaleng le ka hare ho ya sebeletsa sebakeng se halalelang, o lokela ho tlisa nyehelo ya hae ya sebe,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 28  ‘Ke nna lefa la bona.+ Le se ke la ba fa lefa Iseraele hobane ke nna lefa la bona. 29  Ke bona ba tla ja nyehelo ya dijo,+ nyehelo ya sebe le nyehelo ya molato+ ebile dintho tsohle tse filweng Modimo Iseraele e tla ba tsa bona.+ 30  Ditholwana tsohle tsa pele tse butswitseng le menehelo ya mefuta yohle e tswang ho lona e tla ba ya baprista.+ Le lokela ho fa baprista phofo* ya pele ya dijo* tsa lona tse kotutsweng pele.+ Ha le etsa jwalo, malapa a lona a tla dula a hlohonolofatswa.+ 31  Baprista ha ba a lokela ho ja nama ya nonyana kapa ya phoofolo e fumanweng e shwele kapa e bolailweng ke phoofolo e nngwe.’+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Kapa: “dikamoreng tse halalelang.”
Ka Seheberu: “phofo e sa silwang hantle.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.