Ezekiele 45:1-25

  • Monehelo o halalelang le motse (1-6)

  • Karolo e fuwang dikgosana (7, 8)

  • Dikgosana di lokela ho tshepahala (9-12)

  • Menehelo ya batho le ya kgosana (13-25)

45  Ha le arola naha e le lefa,+ le lokela ho fa Jehova karolo e halalelang ya naha e le monehelo.+ Bolelele ba yona e be dikhilomithara tse ka bang 13* le bophara ba yona e be dikhilomithara tse ka bang hlano.*+ Sebaka seo kaofela* e tla ba karolo e halalelang.  Ka hara sebaka sena, ho tla ba le sebaka se halalelang se nang le mahlakore a mane a lekanang.+ Lehlakore ka leng e tla ba dimithara tse ka bang 260* ebile se tla ba le sebaka seo diphoofolo di ka fulang ho sona se etsang dimithara tse ka bang 26* mahlakoreng ohle.+  Sebakeng seo o boele o methe sebaka se bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13* le bophara ba dikhilomithara tse ka bang hlano.* Ka hara sona e tla ba sehalalelo e leng ntho e halalelang ka ho fetisisa.  E tla ba karolo e halalelang ya naha e tla fuwa baprista+ ba sebeletsang sehalalelong, ba tlang ka pela Jehova e le hore ba mo sebeletse.+ Ke moo matlo a bona le sebaka se halalelang sa tempele di tla ba teng.  Balevi ba sebeletsang tempeleng ba tla fuwa karolo ya naha e bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13* le bophara ba dikhilomithara tse ka bang hlano.*+ Ba tla boela ba fuwe dikamore tsa ho jela tse 20.*+  Le fe motse lefa la sebaka se bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13* (se lekanang le monehelo o halalelang) le se bophara ba dikhilomithara tse ka bang pedi le halofo.*+ E tla ba sa Baiseraele bohle.  Kgosana e fuwe sebaka se ka mahlakoreng a mabedi a monehelo o halalelang le a sebaka se fuweng motse. Se tla ba pela monehelo o halalelang le pela sebaka se fuweng motse. Se tla ba lehlakoreng le ka bophirimela le le ka botjhabela. Bolelele ba sona ho tloha moeding o ka bophirimela ho ya moeding o ka botjhabela bo tla lekana le karolo e nngwe ya maloko.+  Karolo ena e tla ba lefa la hae naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka ha di sa tla hlola di sotla setjhaba sa ka sa Iseraele+ ebile di tla se fa naha ho ya ka maloko a sona.’+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona dikgosana tsa Iseraele, jwale le se le feteletse. Tlohelang ntwa le ho hatella batho mme le etse dintho hantle le be le tshware batho ka toka.+ Tlohelang ho nkela batho ba ka dibaka tsa bona,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 10  ‘Le sebedise dikala tse tshepahalang. Le sebedise tekanyo e nepahetseng ya dintho tse ommeng le tse metsi.+ 11  Le be le tekanyo e le nngwe ya dintho tse ommeng* le tse metsi.* Tekanyo ya dintho tse metsi e lokela ho ba dilithara tse 22* le tekanyo ya dintho tse ommeng e be dilithara tse 22.* Tekanyo ya dilithara tse 220* e be yona e sebediswang ha ho methwa. 12  Tekanyo e sebediswang*+ e lekane le dikramo tse ka bang 11.* Bakeng sa lona, mane* e le nngwe e lekane le dikramo tse 684.* 13  Ona ke monehelo oo le lokelang ho o ntsha: Le ntshe dilithara tse ka bang nne* ho tse 220* tsa koro le dilithara tse ka bang nne ho tse 220 tsa harese. 14  Oli e lokela ho lekanngwa ho ya ka tekanyo e tshelang dilithara tse 22.* Tekanyo ya dintho tse metsi ke dilithara tse 22.* Dilithara tse 22 ha di atiswa haleshome di etsa dilithara tse 220.* 15  Mohlapeng wa Iseraele, ho fanwe ka nku e le nngwe ho tse 200. E fanwe e le nyehelo ya dijo,*+ nyehelo ya setjheso e feletseng+ le mahlabelo a kopanetsweng+ e le hore ho etsetswe batho sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 16  ‘Batho bohle naheng ba fe kgosana ya Iseraele monehelo ona.+ 17  Empa kgosana ya Iseraele ke yona e tla fana ka diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso e feletseng,+ nyehelo ya dijo+ le nyehelo ya dino ha ho etswa mekete+ e leng mokete wa ha kgwedi e qala, disabatha+ le mekete yohle ya Baiseraele.+ Ke yena ya tla etsa nyehelo ya sebe, nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso e feletseng le mahlabelo a kopanetsweng e le hore a etsetse Baiseraele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.’ 18  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, o nke pohwana e phetseng hantle mohlapeng mme o hlwekise sehalalelo sebeng.+ 19  Moprista a nke a mang a madi a nyehelo ya sebe a a tlotse koseneng ya monyako wa tempele,+ dikhoneng tse nne tse potolohileng sethala sa aletare le koseneng ya keiti ya lebala le ka hare. 20  O etse dintho tsena ka letsatsi la bosupa la kgwedi haeba motho a etsa sebe ka phoso kapa ka boomo.+ O etsetse tempele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+ 21  Ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele, le keteke mokete wa Paseka.+ Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 22  Letsatsing leo, kgosana e tla fana ka pohwana e le nyehelo ya sebe bakeng sa hae le batho bohle ba naha.+ 23  Matsatsing a supileng a mokete e tla fa Jehova dipohwana tse supileng tse phetseng hantle, diramo tse supileng tse phetseng hantle e le nyehelo ya setjheso e feletseng letsatsi le leng le le leng matsatsing ao a supileng.+ E fane le ka phooko* letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ya sebe. 24  Pohwana ka nngwe e tsamaye le dilithara tse 22 tsa nyehelo ya dijo* le dilithara tse ka bang nne tsa oli.* Ramo ka nngwe le yona e tsamaye le dilithara tse 22 tsa nyehelo ya dijo le dilithara tse ka bang nne tsa oli. 25  Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bosupa, ka matsatsi a supileng nakong ya mokete,+ kgosana e lokela ho fana ka nyehelo ya sebe e tshwanang, ya setjheso e feletseng, ya dijo le oli.’

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.” Ho buuwa ka ditswe tse telele. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse 10 000.”
Kapa: “meeding yohle ya yona.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 500.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 10 000.”
Kapa: “dikamore tse 20.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 5 000.”
Ka Seheberu: “homere.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “efa e be karolo ya leshome ya homere.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “tekanyo ya bate.”
Ka Seheberu: “bate e be karolo ya leshome ya homere.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “tekanyo ya efa.”
Kapa: “Shekele.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “mina.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 20 ha di kopana le tse 25 le tse 15.”
Ka Seheberu: “karolo ya botshelela ya efa.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “tekanyo ya bate.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “karolo ya leshome ya kore.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “podi e tona.”
Ka Seheberu: “tekanyo ya efa ya dijothollo.”
Ka Seheberu: “tekanyo ya hine ya oli.”