Ezekiele 47:1-23

  • Nokana e phallang ho tloha tempeleng (1-12)

    • Metsi a ntse a eketseha (2-5)

    • Metsi a Lewatle le Shweleng a a hlwekiswa (8-10)

    • Dibaka tse dulang di ena le metsi le seretse ha di hlwekiswe (11)

    • Difate tsa dijo le tse fodisang (12)

  • Meedi ya naha (13-23)

47  O ile a nkgutlisetsa moo ho kenwang teng tempeleng,+ moo ke ile ka bona metsi a phallela ka botjhabela a tswa tlasa monyako wa tempele+ hobane karolo e ka pele ya tempele e ne e shebile ka botjhabela. Metsi ao a ne a phallela tlase a tswa ka tlasa lehlakore le letona la tempele, ka borwa ho aletare.  O ile a tswa le nna ka tsela ya keiti e ka leboya+ a nkisa ka ntle yaba re potoloha keiti e ka ntle e shebileng ka botjhabela.+ Ke ile ka bona metsi a phalla hanyenyane ho tloha ka lehlakoreng le letona.  Ha monna eo a tswa a ya ka botjhabela, a tshwere kgwele e methang,+ o ile a metha dimithara tse ka bang 518* yaba o ntshedisa metsing ao. A ne a fihla maqaqailaneng.  O ile a metha dimithara tse ding tse ka bang 518* yaba o re ke tshele mme metsi ao a ne a fihla mangoleng. O ile a boela a metha dimithara tse ding tse ka bang 518* yaba o re ke tshele mme metsi a ne a se a fihla thekeng.  Ha a metha dimithara tse ding tse ka bang 518,* e ne e le metsi a tebileng hoo ke neng ke sa kgone ho tshela. Metsi ao a ne a le mangata hoo motho a neng a tla lokela ho sesa. O ne a ke ke a kgona ho tshela ka maoto.  O ile a re ho nna: “Mora motho, na o kile wa bona ntho e tjee?” Yaba o a ntsamaisa o nkgutlisetsa lebopong la noka.  Ha ke kgutla, ka bona difate tse ngata haholo ka mahlakoreng a mabedi a lebopo la noka.+  A re ho nna: “Metsi ana a phallela sebakeng se ka botjhabela mme a feta le Araba*+ ebe a kena ka lewatleng. Ha a kena ka lewatleng,+ metsi a lona a tla hlweka.  Dibopuwa tse ngata di tla kgona ho phela hohle moo metsi* ao a phallelang teng. Ho tla ba le ditlhapi tse ngata hobane metsi a tla phalla moo. Metsi a lewatle a tla hlweka mme hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela. 10  Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema pela lona ho tloha Ene-gedi+ ho ya fihla Ene-eglaime, moo ho tla ba le sebaka seo ba anehang matlowa a bona ho sona. Ho tla ba le ditlhapi tse ngata tsa mefuta e fapaneng jwalo ka ditlhapi tsa Lewatle le Leholo.*+ 11  E tla ba dibaka tse dulang di ena le metsi le tse tletseng seretse mme di ke ke tsa hlwekiswa. Di tla dula di ena le letswai.+ 12  Difate tsa mefuta yohle ya ditholwana di tla mela lebopong le ka nqena le ka nqane. Makgasi a tsona a ke ke a omella ebile di tla dula di ena le ditholwana. Di tla beha ditholwana kgwedi e nngwe le e nngwe hobane di fumana metsi ho tswa sehalalelong.+ Ditholwana tsa tsona e tla ba dijo le makgasi a tsona a fodise.”+ 13  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Sena ke sebaka seo le tla se fa maloko a 12 a Iseraele e le lefa la naha. Le fe Josefa dikarolo tse pedi tsa naha.+ 14  Le tla e fuwa e le lefa ebile le tla e arolelwa ka ho lekana. Ke ile ka hlapanya hore ke tla fa baholoholo ba lona naha ena+ mme hona jwale e fuwa lona e le lefa. 15  Ona ke moedi wa naha o ka lehlakoreng le ka leboya: O tloha Lewatleng le Leholo ka tsela ya Hethlone+ ho ya fihla Zedade,+ 16  Hamathe,+ Berotha+ le Siberaime e dipakeng tsa Damaseka le Hamathe ho ya fihla Hazere-hatikone e pela moedi wa Haurane.+ 17  Moedi o tla tloha lewatleng ho ya fihla Hazare-enone+ moeding wa Damaseka o ka le leboya le moeding wa Hamathe.+ Ona ke moedi o ka leboya. 18  Moedi o ka botjhabela o tla tloha dipakeng tsa Haurane le Damaseka o fete Jordane dipakeng tsa Gileade+ le naha ya Iseraele. Le o methe ho tloha moeding o ka leboya ho ya lewatleng le ka botjhabela.* Ona ke moedi o ka botjhabela. 19  Moedi o ka borwa* o tla tloha Tamare o kene metsing a Meribathe-kadeshe+ le Phuleng* mme o fetele Lewatleng le Leholo.+ Ona ke moedi o ka borwa.* 20  Lehlakoreng le ka bophirimela ke Lewatle le Leholo le tlohang moeding o ka borwa ho ya fihla karolong e shebaneng le Lebo-Hamathe.*+ Ona ke moedi o ka bophirimela. 21  Le arolelane naha ena malokong a lona a 12 a Iseraele. 22  Le e arolelane e le lefa le be le e arolele baditjhaba ba dulang le lona ba bileng le bana ba ntse ba dula le lona. Ba tla ba jwalo ka Baiseraele ho lona. Ba tla fuwa lefa malokong a Iseraele ha mmoho le lona. 23  Le fe moditjhaba lefa naheng ya leloko leo a dulang ho lona,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.” Mona ho buuwa ka ditswe tse telele. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.”
Kapa: “lehwatata.”
Ka Seheberu: “dinokana tse pedi.”
E leng Lewatle la Mediterranean.
E leng Lewatle le Shweleng.
Ka Seheberu: “lehlakore le ka borwa.”
E leng Phula ya Egepeta.
Ka Seheberu: “lehlakore le ka borwa.”
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”