Ezekiele 5:1-17

  • Pontsho ya hore na Jerusalema e tla fediswa jwang (1-17)

    • Moriri wa moprofeta o kutilweng o arolwa dikarolo tse tharo (1-4)

    • Jerusalema e sokodisa ho feta ditjhaba tse ding (7-9)

    • Batho ba sa mameleng ba bolawa ka ditsela tse tharo (12)

5  Mora motho, inkele sabole e bohale, o e sebedise jwalo ka lehare la motho ya kutang moriri. O beole hlooho mme o kute ditedu tsa hao. Ka mora moo, o behe moriri oo sekaleng ebe o o arola ka dikarolo tse tharo.  O tjhese karolo e nngwe ya wona ka hara motse ka mora hore matsatsi a ho thibellwa a fele.+ Ka mora moo, o nke karolo e nngwe ya wona mme o o otle ka sabole ho potoloha motse wohle.+ Karolo ya ho qetela o e lahlele moyeng mme ke tla ntsha sabole ke lelekise ba phonyohileng.+  O boele o nke o mong o fokolang mme o o phuthele seaparong sa hao.  O mong o o lahlele mollong o o tjhese lore! Mollong oo, ho tla tswa mollo o tla namela ho Baiseraele bohle.+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ena ke Jerusalema. Ke e behile hara ditjhaba. E potapotilwe ke dinaha ka mahlakoreng ohle.  E mphetohetse mme ha e mamele dikahlolo le melao ya ka. E etsa dintho tse mpe ho feta ditjhaba le dinaha tsohle tse e potolohileng.+ Ha ba mamele dikahlolo tsa ka mme ha ba latele melao ya ka.’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha le ile la sokodisa ho feta ditjhaba tsohle tse le potolohileng mme la se ke la latela melao ya ka le ho mamela dikahlolo tsa ka empa la mamela dikahlolo tsa ditjhaba tse le potolohileng,+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke kgahlanong le wena Jerusalema+ mme ke tla o ahlola ka pela mahlo a ditjhaba.+  Ke tla o etsa ntho eo ke eso ka ke e etsa le eo nke keng ka hlola ke e pheta hape ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang tseo o di etsang.+ 10  Ka hoo, bontate ba hara lona ba tla ja bara ba bona+ mme bara ba tla ja bontate ba bona. Ke tla le ahlola kaofela ha lona ke be ke le hasanye hohle.”’+ 11  Nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ke a ikana ke re, ‘Ka ha le silafaditse sehalalelo sa ka ka ditshwantsho tsohle tsa lona tse nyonyehang le ka dintho tsohle tse nyonyehang tseo le di etsang,+ le nna ke tla le lahla.* Nke ke ka le qenehela le ho le utlwela bohloko.+ 12  Sehlopha se seng sa lona se tla bolawa ke bolwetse bo kotsi kapa tlala. Se seng se tla bolawa ka sabole+ mahlakoreng ohle a motse. Sehlopha sa ho qetela ke tla se hasanya hohle mme ke ntshe sabole ke se lelekise.+ 13  Ka mora moo, kgalefo ya ka e tla fela le bohale ba ka bo tla kokobela mme ke tla be ke kgotsofetse.+ Ka mora hore ke ba halefele, ba tla tseba hore nna Jehova, ke buile mme ke batla hore ba rapele nna feela.+ 14  Ke tla etsa hore o be sebaka se senyehileng le hore o tshehwe ke ditjhaba tse o potolohileng le bohle ba fetang ka tsela.+ 15  Le tla tshehuwa le be le nyatsuwe,+ le be mohlala o lemosang le ntho e tshosang ho ditjhaba tse le potolohileng, ha ke le ahlola ebile ke le fa dikotlo ke halefile haholo. Ke nna Jehova ya tjhong. 16  Ke tla le tlisetsa tlala e tla le bolaya jwalo ka metsu. Metsu eo ke e romelang e tla le fedisa.+ Ke tla etsa hore tlala e be mpe le ho feta ka ho etsa hore le se ke la hlola le fumana dijo.*+ 17  Ke tla le tlisetsa tlala le dibata tse kotsi+ mme di tla le amoha bana. Le tla bolawa ke bolwetse bo kotsi le sabole.+ Ke nna Jehova ya tjhong.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “fedisa.”
Ka Seheberu: “ka ho roba melamu ya lona ya bohobe.” Mohlomong ho buuwa ka melamu eo ho neng ho hakwa bohobe ho yona.