Ezekiele 6:1-14

  • Molaetsa wa kahlolo wa dithaba tsa Iseraele (1-14)

    • Ditshwantsho tse nyonyehang tse rapelwang di tla fediswa (4-6)

    • “Le tla tseba hore ke nna Jehova” (7)

6  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, sheba dithabeng tsa Iseraele mme o profete kgahlanong le tsona.  O re, ‘Lona dithaba tsa Iseraele, utlwang lentswe la Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho dithaba, maralla, dinokana le dikgohlo: “Ke tla le bolaya ka sabole ke be ke fedise dibaka tsa lona tse phahameng.  Dialetare tsa lona di tla heletswa, didulwana tsa lona tsa dibano di tla robeha+ mme ke tla lahlela batho ba lona ba bolailweng fatshe ka pela ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang.+  Lona batho ba Iseraele, ke tla lahlela ditopo tsa lona ka pela ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang* mme ke tla hasanya masapo a lona ho potoloha dialetare tsohle.+  Dibakeng tsohle tseo le dulang ho tsona, metse e tla senngwa+ mme dibaka tse phahameng di heletswe, di sale di senyehile.+ Dialetare tsa lona di tla dihuwa mme di ripitlwe, ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang di tla fediswa, didulwana tsa lona tsa dibano di tla rojwa mme mesebetsi ya lona e fediswe.  Ba bangata ba lona le tla bolawa+ mme le tla tseba hore ke nna Jehova.+  Ke tla tlohela ba bang hore ba phonyohe sabole ha le le hara ditjhaba, le hasane dinaheng tsohle.+  Ba phonyohileng ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo ba isitsweng botlamuweng ho tsona.+ Ba tla hlokomela hore pelo ya ka e ile ya utlwa bohloko hobane ha ba a ka ba tshepahala* mme ba ile ba mphuralla+ hape ba ne ba batla* ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse nyonyehang.+ Dintho tsohle tse mpe le tse nyonyehang tseo ba di entseng di tla ba swabisa.+ 10  Ba tla tseba hore ke nna Jehova le hore ha ke ne ke ba bolella hore ke tlo tlisa tlokotsi ena, ke ne ke sa bue leshano.”’+ 11  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Opang diatla le tapatape mme le hloname ka lebaka la dintho tsohle tse mpe le tse nyonyehang tseo Baiseraele ba di entseng hobane ba tla bolawa ka sabole, ka tlala le ka bolwetse bo kotsi.+ 12  Ya hole o tla bolawa ke bolwetse bo kotsi, ya haufi a bolawe ka sabole. Mang kapa mang ya phonyohang dintho tsena o tla bolawa ke tlala. Ke tla ba halefela haholo.+ 13  Le tla tseba hore ke nna Jehova+ ha ditopo tsa bona di wetse fatshe hara ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse nyonyehang ho potoloha dialetare tsa bona,+ hodima maralla ohle a phahameng ka hodima dithaba tsohle, ka tlasa difate tsohle tse behang haholo le ka tlasa makala a difate tse kgolo, moo ba neng ba etsetsa mahlabelo a nkgang ha monate* teng ho kgahlisa ditshwantsho tsohle tsa bona tse nyonyehang.+ 14  Ke tla otlolla letsoho mme ke ba fe kotlo, ke etse hore naha ya bona e se ke ya eba le baahi le dibaka tsohle tseo ba dulang ho tsona di tla sala di se na letho ho feta lehwatata le haufi le Dibla. Ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Kapa: “ba latela.”
Kapa: “ha ba a ka ba itshwara hantle.”
Kapa: “ba nyehela monko o nkgang ha monate.”