Ezekiele 7:1-27

  • Bofelo bo fihlile (1-27)

    • Tlokotsi e sa tlwaelehang (5)

    • Tjhelete e tla lahlelwa diterateng (19)

    • Tempele e tla silafatswa (22)

7  Jehova a boela a bua le nna a re:  “Mora motho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho naha ya Iseraele: ‘Bofelo! Bofelo bo fihlile naheng yohle.  Ke nako ya hore le fediswe. Ke tla le halefela, ke le ahlole ho ya ka diketso tsa lona ke be ke le fe kotlo ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang tseo le di entseng.  Nke ke ka le utlwela bohloko kapa ka le qenehela+ hobane ke tla le ahlola ho ya ka diketso tsa lona ebile le tla fumana ditlamorao tsa dintho tse nyonyehang tseo le di etsang.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova.’+  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Tlokotsi, tlokotsi e sa tlwaelehang e a tla.+  Bofelo bo a tla. Bofelo bo tla tla. Bo tla tla ho wena o sa lebella. Bo a tla.  Nako* ya hao e fihlile, wena ya dulang naheng. Nako e a tla, letsatsi le haufi.+ Dithabeng ho na le modumo wa pherekano eseng wa thabo.  Haufinyane ke tla ntshetsa bohale ba ka ho wena+ ke be ke o halefele haholo+ mme ke tla o ahlola ho ya ka diketso tsa hao ke be ke o fe kotlo ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang tseo o di entseng.  Nke ke ka o utlwela bohloko kapa ka o qenehela.+ Ke tla o ahlola ho ya ka diketso tsa hao ebile o tla fumana le ditlamorao tsa dintho tse nyonyehang tseo o di etsang. Ke tla o ahlola ho ya ka diketso tsa hao. O tla tseba hore nna Jehova, ke nna ya o otlang.+ 10  Letsatsi le a tla. Le haufi.+ Nako* ya lona e fihlile, thupa eo ke tlo le otla ka yona e se e lokile mme boikgohomoso ba sera bo eketsehile. 11  Dintwa di fetohile thupa ya bokgopo.+ Ba ke ke ba pholoha ha mmoho le maruo a bona, bongata ba bona le botumo ba bona. 12  Nako e tla tla, letsatsi le tla fihla. Motho ya rekang a se ke a thaba le ya rekisang a se ke a utlwa bohloko hobane batho bohle ba halefetswe.*+ 13  Motho ya rekisang a ke ke a kgutlela sebakeng seo a se rekisitseng le haeba a ntse a phela hobane dintho tseo o di boneng ponong di tlo tlela batho bohle. Ha ho na ya tla kgutla ebile ha ho na ya tla pholosa bophelo ba hae ka lebaka la phoso ya hae.* 14  Ba letsitse terompeta+ mme batho bohle ba se ba itokiseditse ho ya ntweng empa ha ho na motho ya yang hobane ke halefetse batho bohle.+ 15  Batho ba ka ntle ho motse ba tla bolawa ka sabole+ mme ba ka hare ba bolawe ke bolwetse bo kotsi le tlala. Motho le ha e le ofe ya masimong o tla bolawa ka sabole mme tlala le bolwetse bo kotsi di bolaye ba ka hara motse.+ 16  Batho ba bona ba tla pholoha le ba tla kgona ho baleha ba tla ya dithabeng. E mong le e mong o tla llela phoso ya hae jwalo ka maeba a dikgohlo.+ 17  Matsoho ohle a bona a tla kgathala mme mangole a bona a rothe metsi.*+ 18  Ba apere masela a hwashang*+ ebile ba tshohile haholo. Batho bohle ba tla hlajwa ke dihlong mme dihlooho tsa bona di tla hlaha lefatla.*+ 19  Ba tla lahlela silevera ya bona diterateng le kgauta ya bona e tla fetoha ntho e nyonyehang ho bona. Silevera ya bona kapa kgauta ya bona e ke ke ya ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.+ Ba ke ke ba kgotsofala kapa ba kgora hobane dintho* tseo e tla be e le tsona tse etsang hore ba etse sebe. 20  Ba ne ba ikgohomosa ka dintho tse ntle tseo ba ikgabisang ka tsona ebile ba etsa ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse nyonyehang ka tsona.*+ Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore e be dintho tse nyonyehang ho bona. 21  Ke tla di* fa batho ba kgopo le baditjhaba hore ba di nke mme ba tla di silafatsa. 22  Ke tla ba lahla+ mme ba tla silafatsa sebaka* sa ka se patehileng ebile mashodu a tla kena ho sona a se silafatse.+ 23  Etsa diketane*+ hobane naha e tletse dikahlolo tsa dipolao+ le motseng ho tletse dintwa.+ 24  Ke tla tlisa batho ba kgopo ka ho fetisisa ditjhabeng+ mme ba tla nka matlo a bona.+ Ke tla etsa hore batho ba matla ba se ke ba hlola ba ikgohomosa ebile dibaka tsa bona tse halalelang di tla silafatswa.+ 25  Ha ba le mathateng, ba tla batla kgotso empa e tla be e le siyo.+ 26  Ho tla tla tlokotsi ka mora tlokotsi le ditaba tse bohloko ka mora ditaba tse bohloko. Batho ba tla batla pono ho moprofeta+ empa molao* o rutwang ke baprista o ke ke wa ba le thuso. Le keletso e fanwang ke baholo e ke ke ya ba le thuso.+ 27  Morena o tla utlwa bohloko+ le kgosana e tshwenyehe haholo. Matsoho a batho a tla thothomela ke ho tshoha. Ke tla sebetsana le bona ho ya ka diketso tsa bona ke be ke ba ahlole ho ya ka moo ba ahlotseng batho ba bang ka teng. Ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Korone.”
Kapa mohlomong: “Korone.”
Sena se bolela hore ba rekang ditsha kapa ba di rekisang, di ke ke tsa ba thusa hobane ho tlo fediswa batho bohle.
Kapa mohlomong: “ka phoso ya hae.”
Ho bolelang hore ba tla ithotela ka lebaka la ho tshoha.
Ho bolela hore dihlooho tsa bona di tla beolwa ka lebaka la ho utlwa bohloko.
E leng silevera le kgauta ya bona.
E leng dintho tsa bona tse entsweng ka silevera le kgauta.
E leng silevera le kgauta ya bona eo ba e sebedisang ho etsa ditshwantsho tse rapelwang.
Ho ka etsahala hore ho buuwa ka karolo e ka harehare ya sehalalelo sa Jehova.
E leng diketane tsa botlamuwa.
Kapa: “taelo.”