Ezekiele 8:1-18

  • Ezekiele o iswa Jerusalema ka pono (1-4)

  • O bona dintho tse nyonyehang ka tempeleng (5-18)

    • Basadi ba llela Tamuze (14)

    • Banna ba rapela letsatsi (16)

8  Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka letsatsi la bo15 la kgwedi ha ke dutse ka tlung ya ka mme baholo ba Juda ba dutse ka pela ka, matla* a Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle a ile a ba hodima ka.  Ha ke ntse ke shebile, ka bona ntho e tshwanang le motho e shebahalang jwalo ka mollo. Ho tloha karolong e neng e bonahala eka ke letheka la hae ho ya tlase, ho ne ho ena le mollo.+ Hape ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo, o ne a phatsima jwalo ka motswako wa kgauta le silevera.+  Ka mora moo, a otlolla karolo e neng e bonahala eka ke letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo wa ntlisa Jerusalema ka dipono tse tswang ho Modimo. Wa nkisa keiting e ka hare+ e shebileng leboya, moo ho neng ho eme setshwantsho se rapelwang, se halefisang Modimo.+  Kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le moo,+ e le jwalo ka eo ke ileng ka e bona thoteng.+  O ile a re ho nna: “Mora motho, ke kopa o phahamisetse mahlo a hao leboya.” Ka hoo, ka phahamisetsa mahlo ka leboya mme hona moo, ka leboya ho keiti ya aletare, moo ho kenwang teng ho ne ho ena le setshwantsho sena se rapelwang se etsang hore Modimo a halefe.  A re ho nna: “Mora motho, na o bona dintho tse mpe le tse nyonyehang tseo Baiseraele ba di etsang moo,+ dintho tse etsang hore ke tsamaele hole le sehalalelo sa ka?+ Le ha ho le jwalo, o tlo bona dintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.”  Ka mora moo, a ntlisa keiting ya lebala. Ha ke sheba, ka bona lesoba leboteng.  A re ho nna: “Mora motho, ke kopa o phunye lebota, o eketse lesoba leo.” Ka phunya lebota yaba ke bona monyako.  A re ho nna: “Kena o bone dintho tse mpe le tse nyonyehang tseo ba di etsang mona.” 10  Ka hoo, ka kena yaba ke a sheba, ka bona mefuta yohle ya ditshwantsho tsa diphoofolo tse hahabang, dibata tse nyonyehang+ le ditshwantsho tsohle tse rapelwang tse nyonyehang* tsa Baiseraele.+ Di ne di betlilwe leboteng ho le potapota ka hohle. 11  Baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba eme ka pela tsona mme Jazania mora wa Shafane+ a eme hara bona. E mong le e mong wa bona a tshwere pitsa eo ho tjhesetswang dibano ho yona mme mosi o nkgang ha monate wa dibano o ne o nyoloha.+ 12  A re ho nna: “Mora motho, na o bona seo baholo ba Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong a le ka dikamoreng tsa hae tse ka hare tse nang le ditshwantsho tsa hae tse rapelwang? Ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohile naheng ena.’”+ 13  A boela a re ho nna: “O tla bona dintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tseo ba di etsang.” 14  A ntlisa keiting e ka leboya ya ntlo ya Jehova yaba ke bona basadi ba dutseng fatshe moo, ba llela modimo Tamuze. 15  A re ho nna: “Mora motho, na o bona see? O tla bona dintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.”+ 16  A ntlisa lebaleng le ka hare la ntlo ya Jehova.+ Monyako wa tempele ya Jehova, pakeng tsa foranta le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang 25 ba furaletseng tempele ya Jehova, difahleho tsa bona di shebile ka botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi ba shebile ka botjhabela.+ 17  A re ho nna: “Mora motho, na o bona see? Na ke ntho e sa reng letho hore ebe Bajuda ba etsa dintho tsee tse nyonyehang le hore ebe ba baka ntwa naheng+ mme ba a ntshitelwa? Jwale ba nkgotla ka thupa* ka nkong. 18  Ke tla halefa. Nke ke ka ba utlwela bohloko kapa ka ba qenehela.+ Le ha ba ka llela ho nna ba hweleditse, nke ke ka ba utlwa.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “letsoho.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ho ka etsahala hore e ne e le thupa e neng e sebediswa borapeding ba ditshwantsho.