Ezekiele 9:1-11

  • Banna ba tsheletseng ba bolayang le monna ya tshwereng lenaka la enke (1-11)

    • Kahlolo e qala sehalalelong (6)

9  A hweletsa ka ditsebeng tsa ka a re: “Bitsa batho ba tlo tlisa kahlolo motseng, e mong le e mong a tshware sebetsa sa hae sa ho bolaya!”  Ke ile ka bona banna ba tsheletseng ba hlahang ka lehlakoreng la keiti+ e ka hodimo e shebileng ka leboya, e mong le e mong a tshwere sebetsa sa hae sa ntwa. Ba ne ba ena le monna e mong ya apereng seaparo sa line, a tlameletse lenaka la enke* la mongodi thekeng la hae, ba kena yaba ba ema pela aletare ya koporo.+  Kganya ya Modimo wa Iseraele+ ya tloha moo e neng e le teng hodima dikerubime mme ya ya monyako wa ntlo+ yaba Modimo o bitsa monna ya neng a apere seaparo sa line, eo thekeng la hae ho neng ho ena le lenaka la enke la mongodi.  Jehova a re ho yena: “Tsamaya hara motse wa Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba tshwenyehileng le ba utlwileng bohloko+ ka lebaka la dintho tsohle tse nyonyehang tse etswang motseng.”+  A re ho ba bang ke ntse ke utlwa: “Tsamayang ka mora hae motseng mme le bolaye batho. Le se ke la ba utlwela bohloko kapa la ba qenehela.+  Le bolaye bannabaholo, bahlankana, barwetsana, bana le basadi.+ Empa le se ke la bolaya motho le ha e le ofe ya nang le letshwao.+ Le qale sehalalelong sa ka.”+ Ba qala ka baholo ba neng ba le ka pela tempele.*+  Modimo a re ho bona: “Le silafatse tempele* mme le tlatse ditopo lebaleng.+ Tsamayang!” Ba tsamaya mme ba bolaya batho motseng.  Ha ba ntse ba bolaya batho motseng, nna ba ile ba ntlohela yaba ke kgumama fatshe ke a hweletsa ke re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, na o tla bolaya batho ba setseng ba Iseraele ha o ntshetsa bohale ba hao motseng wa Jerusalema?”+  A re ho nna: “Phoso ya Baiseraele le Bajuda e kgolo haholo.+ Naha e tletse polao+ le motseng ho tletse tlolo ya molao.+ Ba re, ‘Jehova o tlohile naheng ebile Jehova ha a re bone.’+ 10  Nke ke ka ba utlwela bohloko kapa ka ba qenehela.+ Ke tla etsa hore ba utlwe bohloko ka lebaka la ditlamorao tsa diketso tsa bona.” 11  Ka bona monna ya neng a apere seaparo sa line a bile a tlameletse lenaka la enke thekeng. A tlaleha a re: “Ke entse sohle seo o neng o ntaetse sona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ntho e tshelang enke ya mongodi.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Ka Seheberu: “ntlo.”