Lengolo le Yang ho Filemone 1:1-25

  • Ditumeliso (1-3)

  • Lerato la Filemone le tumelo ya hae (4-7)

  • Pauluse o kopela Onesimase mohau (8-22)

  • Ditumediso tse phethelang (23-25)

 Lengolo leo nna Pauluse motshwaruwa+ ka lebaka la Kreste Jesu le ngwanabo rona Timothea+ re le ngollang Filemone mosebetsimmoho eo re mo ratang,  Afia kgaitsedi ya rona, Arkipase+ lesolemmoho le rona le phutheho e kenelang ha hao:+  E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.  Filemone ngwaneso, ka mehla ke leboha Modimo ha ke bua ka wena dithapelong tsa ka,+  ha ke ntse ke utlwa ka tumelo ya hao le ka moo o ratang Morena Jesu le badumedimmoho* ka teng.  Ke rapella hore tumelo eo re nang le yona e o susumeletse ho amohela ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo Kreste a re fileng yona.  Etswe ke ile ka thaba haholo ka ba ka kgothala ha ke utlwa ka moo o leng lerato ka teng ngwaneso hobane o matlafaditse dipelo tsa* badumedimmoho.*  Ka hona, ke le moapostola wa Kreste ke na le tokelo ya ho o laela ho etsa se nepahetseng  empa ke kgetha ho o kopa ka lerato ka ha nna Pauluse ke monna ya hodileng ebile ke motshwaruwa ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu. 10  Ke ipiletsa ho wena malebana le ngwanaka Onesimase,+ eo ke bileng jwalo ka ntate+ ho yena ha ke ntse ke le teronkong.* 11  Pele o ne a se na thuso ho wena empa jwale o se a le molemo ho nna le ho wena. 12  Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena Onesimase eo ke mo ratang haholo.* 13  Nka rata hore a dule mona le nna mme a ntshebeletse ka tsela eo o neng o ka rata ho ntshebeletsa ka yona ha ke ntse ke le teronkong e le hore ditaba tse monate di nne di bolelwe.+ 14  Empa ha ke batle ho etsa letho o sa ntumella e le hore o ka amohela kopo ya ka ka boithatelo eseng hobane o qobeletswe.+ 15  Mohlomong o o siile ka nakwana* e le hore o ka boela wa ba le yena ka mehla, 16  lekgetlong lena e se lekgoba+ empa e le ya bohlokwa ho feta lekgoba, e le modumedimmoho le rona.+ Ke mo rata haholo mme le wena o tla mo rata haholo e le lekgoba ebile e le Mokrestemmoho le rona. 17  Ka hona, haeba o nka hore nna ke motswalle wa hao, o mo amohele ka mosa ka tsela eo o neng o tla nkamohela ka yona. 18  Hape haeba o ile a o etsetsa phoso le ha e le efe kapa a o kolota ntho le ha e le efe, o nke e le nna ya o kolotang. 19  Nna Pauluse ke ngola ka letsoho la ka mme ke tshepisa hore ke tla o lefa. Empa o a tseba hore le wena o nkolota ho hongata.* 20  Ngwaneso, e se eka o ka nthusa ka ha re le Bakrestemmoho. Matlafatsa pelo ya ka jwalo ka ha o le molatedi wa Kreste. 21  Ke o ngolla ke kgodisehile hore o tla amohela kopo ya ka, ke tseba hore o tla be o etse ho fetang ntho eo ke e kopileng. 22  Hape o ntokisetse bodulo ka ha ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla lokollwa ke tlo le bona.+ 23  Epafrase+ ya teronkong jwalo ka nna ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu* o re o dumele. 24  Mareka, Aristakase,+ Demase+ le Luka+ basebetsimmoho le nna le bona ba re o dumele. 25  E se eka mosa wa Morena Jesu Kreste o ka ba le moya o motle oo le o bontshang.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “bahalaledi.”
Kapa: “lerato la.”
Ka Segerike: “bahalaledi.”
Ka Segerike: “ditlamong.”
Kapa: “ya pelong ya ka.”
Ka Segerike: “ka hora.”
Kapa: “bophelo ba hao.”
Kapa: “motshwaruwammoho le nna bonngweng le Kreste Jesu.”