Genese 25:1-34

  • Abrahama o nyala hape (1-6)

  • Lefu la Abrahama (7-11)

  • Bara ba Ishmaele (12-18)

  • Jakobo le Esau ba a hlaha (19-26)

  • Esau o rekisa tokelo ya hae ya ho ba letsibolo (27-34)

25  Abrahama a nyala hape mme lebitso la mosadi wa hae e ne e le Ketura.  Ha nako e ntse e ya ba eba le bana e leng Zimrane, Jokshane, Medane, Midiane,+ Ishbake le Shua.+  Jokshane a ba le bara ba bitswang Sheba le Dedane. Bara ba Dedane e ne e le Ashurime, Letushime le Leumime.  Bara ba Midiane e ne e le Efa, Efere, Hanoke, Abida le Elda. Bara bana bohle e ne e le ba Ketura.  Ha morao Abrahama a fa Isaka dintho tsohle tseo a nang le tsona+  empa Abrahama a fa bara ba hae ba tswetsweng ke direthe* tsa hae dimpho. Jwale ha a sa ntse a phela a re ba ye ka botjhabela, hole le mora wa hae Isaka,+ naheng ya Botjhabela.  Abrahama o phetse dilemo tse 175.  Abrahama a shwa a tsofetse haholo mme a kgotsofetse yaba o patwa jwalo ka batho ba habo.*  Bara ba hae, e leng Isaka le Ishmaele ba mo pata lehaheng le Makpela, tshimong ya Efrone mora wa Zohare wa Mohethe e ka pela Mamre,+ 10  e leng tshimo eo Abrahama a ileng a e reka ho bara ba Hethe. Abrahama a patelwa moo le mosadi wa hae Sara.+ 11  Ka mora lefu la Abrahama, Modimo a nna a hlohonolofatsa mora wa hae Isaka.+ Isaka o ne a dula haufi le Beere-lahai-roi.+ 12  Ena ke histori ya Ishmaele+ mora wa Abrahama le Hagare+ wa Moegepeta, e leng mosebeletsi wa Sara. 13  Ana ke mabitso a bara ba Ishmaele ho ya ka malapa a bona: Nebajothe+ letsibolo la Ishmaele, Kedare,+ Adbele, Mibsame,+ 14  Mishma, Duma, Masa, 15  Hadade, Tema, Jeture, Nafishe le Kedema. 16  Bana ke bara ba Ishmaele mme ana ke mabitso a bona ho ya ka metse le diahelo* tsa bona. Ke dikgosana tse 12 ho ya ka maloko a tsona.+ 17  Ishmaele o phetse dilemo tse 137 yaba o a shwa mme o patwa jwalo ka batho ba habo.* 18  Bana ba hae ba dula Havila+ haufi le Shure+ e pela Egepeta le ho ya fihla Asiria. O ile a dula haufi le bana babo kaofela.*+ 19  Ena ke histori ya Isaka mora wa Abrahama.+ Abrahama a ba le mora ya bitswang Isaka. 20  Isaka o ne a le dilemo di 40 ha a nyala Rebeka moradi wa Bethuele,+ Moarame wa Padane-arame, kgaitsedi ya Labane. 21  Isaka a nna a rapella mosadi wa hae ka tiyo ho Jehova hobane mosadi wa hae o ne a sa kgone ho ba le bana. Jehova a araba kopo ya hae mme mosadi wa hae Rebeka a ima. 22  Yaba bara ba qala ho lwantshana ka hare ho yena,+ hoo a ileng a re: “Haeba ke tlo sotleha hakana, ho thusang hore ke nne ke phele?” Yaba o botsa Jehova. 23  Jehova a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao+ mme ditjhaba tse pedi tse ka hare ho wena di tla arolwa,+ setjhaba se seng se tla ba matla ho feta se seng+ mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”+ 24  Ha nako ya hore a belehe e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae. 25  Lefahla la pele la hlaha le le lefubedu hohle, le le jwalo ka seaparo sa boya,+ ka hoo ba le reha Esau.*+ 26  Ka mora moo, lefahla le leng la hlaha mme letsoho la lona le ne le tshwere serethe sa Esau,+ jwale a le reha Jakobo.*+ Isaka o ne a le dilemo di 60 ha Rebeka a ba le mafahla. 27  Ha bashanyana ba ntse ba hola, Esau ya eba monna ya tsebang ho tsoma,+ monna wa naheng empa Jakobo yena e ne e le monna ya se nang molato, ya dulang ditenteng.+ 28  Isaka o ne a rata Esau hobane o ne a rata nama ya diphoofolo tseo Esau a neng a di tsoma athe Rebeka yena o ne a rata Jakobo.+ 29  Ka letsatsi le leng Jakobo o ne a phehile sopho ya lensisi ha Esau a fihla a tswa naheng mme a kgathetse haholo. 30  Esau a re ho Jakobo: “Ke kopa o potlake o ntshelle sopho eo e kgubedu* hobane ke kgathetse haholo.”* Ke ka lebaka leo lebitso la hae e neng e le Edomo.*+ 31  Jakobo a re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ya hao ya ho ba letsibolo.”+ 32  Esau a re: “Ke a shwa ke tlala, tokelo ya ho ba letsibolo e tla nthusa kang?” 33  Jakobo a re ho yena: “Ntlhapanyetse pele!” A mo hlapanyetsa mme a rekisetsa Jakobo tokelo ya hae ya ho ba letsibolo.+ 34  Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya lensisi, a ja a ba a nwa, ka mora moo a tsamaya. Ka tsela eo, Esau o ile a nka tokelo ya hae ya ho ba letsibolo e se ya bohlokwa.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.
Kapa: “diahelo tse potapotilweng ke lerako.”
Ka Seheberu: “o nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.
Kapa mohlomong: “O ne a hlouwe ke bana babo kaofela.”
E bolelang “Bohwete.”
E bolelang “Ya Tshwarang Serethe; Ya Nkelang e Mong Sebaka.”
Ka Seheberu: “bofubedu bona.”
Kapa: “ke shwele ke tlala.”
E bolelang “Bofubedu.”