Genese 32:1-32

  • Mangeloi a kopana le Jakobo (1, 2)

  • Jakobo o itokisetsa ho kopana le Esau (3-23)

  • Jakobo o lwana le lengeloi (24-32)

    • Lebitso le letjha la Jakobo ke Iseraele (28)

32  Jakobo a tsamaya mme mangeloi a Modimo a kopana le yena.  Ha Jakobo a a bona a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” A reha sebaka seo Mahanaime.*  Jakobo a romela baromuwa hore ba mo etelle pele ho ya ho Esau abuti wa hae naheng ya Seire,+ eo hape e bitswang naha* ya Edomo+  yaba o re ho bona: “Le fihle le re ho morenaka Esau, ‘Mohlanka wa hao Jakobo o re: “Ke dutse* le Labane nako e telele.+  Ke na le dipoho, ditonki, dinku le basebeletsi ba banna le ba basadi+ mme ke romela molaetsa ona ho o tsebisa morenaka e le hore o ka nkamohela.”’”  Baromuwa ba kgutlela ho Jakobo ba re: “Re kopane le abuti wa hao Esau ebile o tseleng le banna ba 400 ho tla kopana le wena.”+  Jakobo a tshoha haholo mme a tshwenyeha.+ A arola batho bao a neng a ena le bona, dinku, dipodi, dikgomo le dikamele ka dihlopha tse pedi.  A re: “Haeba Esau a ka hlasela sehlopha se seng, se seng sona se tla pholoha.”  Jakobo a re: “Jehova Modimo wa ntate wa ka Abrahama le Modimo wa ntate wa ka Isaka, wena ya reng ho nna, ‘Kgutlela naheng ya heno le ho ba heno mme ke tla o hlohonolofatsa,’+ 10  ha ke tshwanelwe ke lerato la hao* le hore ebe o ntshepahalletse+ hobane ke tshetse Jordane ena ke ena le lere la ka feela mme jwale ke fetohile dihlopha tse pedi.+ 11  Ke a o rapela, mpholose+ ho abuti wa ka Esau hobane ke tshaba hore o tla tla mme a ntlhasele+ le basadi ba ka le bana. 12  O ile wa re: ‘Ke tla o hlohonolofatsa, ke etse hore bana* ba hao ba be jwalo ka lehlabathe la lewatle le lengata haholo hore le ka balwa.’”+ 13  A robala moo yaba o isetsa abuti wa hae Esau karolo e nngwe ya maruo a hae e le mpho:+ 14  dipodi tse tshehadi tse 200, diphooko* tse 20, dinku tse tshehadi tse 200, diramo tse 20, 15  dikamele tse 30 tse anyesang dipetsana tsa tsona, dikgomo tse tshehadi tse 40, dipoho tse leshome, ditonki tse tshehadi tse 20 le ditonki tse tona tse leshome.+ 16  A neha bahlanka ba hae diphoofolo ka ho latellana mme a re ho bona: “Tshelang pele ho nna mme le siye sebaka pakeng tsa diphoofolo tsa lona.” 17  A re ho mohlanka wa pele: “Haeba abuti wa ka Esau a ka kopana le wena mme a o botsa a re, ‘O ya hokae, monga hao ke mang, hona diphoofolo tsee ke tsa mang?’ 18  O tle o re, ‘Ke mohlanka wa Jakobo, mohlanka wa hao. Diphoofolo tsena ke mpho e rometsweng ho wena morenaka Esau+ mme le yena o ntse a tla ka mora rona.’” 19  A re ho mohlanka wa bobedi le wa boraro le ho bohle ba kgannang diphoofolo: “Le bue mantswe ana ho Esau ha le kopana le yena. 20  Hape le re, ‘Mohlanka wa hao Jakobo o ntse a tla ka mora rona.’” Hobane o ile a re: ‘Haeba nka bopa kgotso le yena ka ho mo romella mpho pele ke fihla,+ mohlomong o tla nkamohela ka mosa ha re kopana.’ 21  Bahlanka ba hae ba tshela pele ho yena mme ba isa mpho empa yena a robala ditenteng. 22  Bosiung boo a tsamaya le basadi ba hae ba babedi,+ basebeletsi ba hae ba babedi ba basadi+ le bara ba hae ba banyenyane ba 11 mme a tshela nokana ya Jaboke.+ 23  A ba tshedisa nokana* mme a nka le dintho tsohle tseo a nang le tsona. 24  Qetellong Jakobo a sala a le mong. Monna e mong a lwana le yena ho fihlela mesong.+ 25  Ha a bona hore ha a mo hlole, a tshwara komiki ya noka ya hae mme komiki ya noka ya Jakobo ya tswa madulong ha a ntse a lwana le yena.+ 26  Ka mora moo a re: “Ntlohele ke tsamaye ka ha e se e le hoseng.” Jakobo a re: “Nke ke ka o tlohela ho fihlela o ntlhohonolofatsa.”+ 27  Monna eo a re ho yena: “Lebitso la hao o mang?” A re: “Ke Jakobo.” 28  Monna eo a re: “Lebitso la hao ha e sa tla hlola e eba Jakobo empa e tla ba Iseraele*+ hobane o lwanne le Modimo+ le batho mme qetellong o hlotse.” 29  Jakobo a re: “Ke kopa o mpolelle lebitso la hao.” Empa monna eo a re: “Ke hobaneng ha o batla ho tseba lebitso la ka?”+ Yaba o a mo hlohonolofatsa. 30  Jakobo a reha sebaka seo Peniele*+ hobane o ile a re, “Ke bone sefahleho sa Modimo* empa ke ntse ke phela.”+ 31  Ha a feta Penuele,* letsatsi le ile la qala ho tjhaba empa o ne a hlotsa ka lebaka la noka ya hae.+ 32  Ke ka lebaka leo ho fihlela letsatsing lena Baiseraele* ba sa tlwaelang ho ja mosifa wa serope, o komiking ya lenonyello la noka hobane o ile a tshwara komiki ya lenonyello la noka ya Jakobo mosifeng wa serope.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Mabotho a Mabedi.”
Ka Seheberu: “sebaka.”
Kapa: “ke dutse ke le moditjhaba.”
Kapa: “lerato la hao le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “dipodi tse tona.”
Kapa: “kgohlo.” Sheba Tlhaloso.
E bolelang “Ya Lwanang le (Ya Phehellang) Modimo” kapa “Modimo o a Lwana.”
E bolelang “Sefahleho sa Modimo.”
Ka Seheberu: “difahleho di tadimane.”
Kapa: “Peniele.”
Kapa: “bara ba Iseraele.”