Genese 35:1-29

  • Jakobo o lahla medimo ya ditshwantsho (1-4)

  • Jakobo o kgutlela Bethele (5-15)

  • Benjamine o a tswalwa; Ragele o a shwa (16-20)

  • Bara ba 12 ba Iseraele (21-26)

  • Lefu la Isaka (27-29)

35  Modimo a re ho Jakobo: “Eya Bethele+ o dule teng mme o fihle o hahele Modimo wa nnete aletare, Modimo ya ileng a hlaha ho wena ha o ne o baleha abuti wa hao Esau.”+  Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle bao a nang le bona: “Lahlang medimo ya ditshwantsho e ho lona,+ le itlhwekise mme le apare diaparo tse ding.  A re yeng Bethele. Ke tla hahela Modimo wa nnete aletare. Modimo o ile a nkaraba ha ke ne ke ena le mathata, a ba le nna hohle* moo ke neng ke ya teng.”+  Ba fa Jakobo medimo yohle ya ditshwantsho eo ba neng ba ena le yona le masale a ditsebeng tsa bona yaba Jakobo o di tsetela* tlasa sefate se seholo se neng se le haufi le Shikeme.  Ha ba ntse ba tsamaya, Modimo a etsa hore batho ba metse e ba potolohileng ba tshohe. Ka hoo, ha ba a ka ba lelekisa bara ba Jakobo.  Jakobo le batho bohle ba nang le yena ba fihla Luze+ eo hape e bitswang Bethele naheng ya Kanana.  O ile a haha aletare moo mme a bitsa sebaka seo Ele-bethele* hobane Modimo wa nnete o ile a itlhahisa ho yena moo ha a ne a baleha abuti wa hae.+  Ha morao Debora,+ mosadi ya hlokomelang* Rebeka a shwa mme a patwa haufi le Bethele tlasa sefate sa ouku.* Jakobo a se reha Alone-bakuthe.*  Ha Jakobo a tswa Padane-arame, Modimo a boela a hlaha ho yena mme a mo hlohonolofatsa. 10  Modimo a re ho yena: “Lebitso la hao ke Jakobo.+ Empa ha o sa tla bitswa Jakobo. O se o tla bitswa Iseraele.” A qala ho mo bitsa Iseraele.+ 11  Modimo a boela a re ho yena: “Ke nna Modimo ya Matla Ohle.+ Ata mme o ngatafale. O tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata+ mme marena a tla tswa ho wena.*+ 12  Ke tla o fa naha eo ke e fileng Abrahama le Isaka mme ke tla e fa le bana* ba hao.”+ 13  Modimo a tloha ho yena sebakeng seo a neng a buile le yena a le ho sona. 14  Jakobo a hloma lejwe la sehopotso sebakeng seo a buileng le yena a le ho sona, a tshela nyehelo ya seno le oli hodima lona.+ 15  Jakobo a reha sebaka seo Modimo a buileng le yena ho sona Bethele.+ 16  Ba tloha Bethele mme ha ba ntse ba le hole le ho fihla Efratha, nako ya hore Ragele a be le ngwana ya fihla empa a thatafallwa ke ho beleha. 17  Ha a ntse a thatafallwa ke ho beleha, mmelehisi a re ho yena: “O se ke wa tshoha hobane le mora enwa o tla hlaha.”+ 18  Ha a le haufi le ho shwa a mo reha Ben-oni* empa ntate wa hae a mo reha Benjamine.*+ 19  Ragele a shwa mme a patwa tseleng e yang Efratha eo hape e bitswang Bethlehema.+ 20  Jakobo a hloma lejwe la sehopotso hodima lebitla la hae. Ke lejwe la sehopotso la lebitla la Ragele ho fihlela letsatsing lena. 21  Iseraele a tsamaya yaba o hloma tente ya hae ka nqane ho tora ya Edere. 22  Ka letsatsi le leng ha Iseraele a ntse a dula naheng eo, Rubene a robala le Bilha serethe* sa ntate wa hae yaba Iseraele o utlwela ka taba eo.+ Jakobo o ne a ena le bara ba 12. 23  Bara ba Lea e ne e le Rubene letsibolo la Jakobo,+ ha latela Simeone, Levi, Juda, Isakare le Zabulone. 24  Bara ba Ragele e ne e le Josefa le Benjamine. 25  Bara ba Bilha mosebeletsi wa Ragele e ne e le Dane le Nefthali. 26  Bara ba Zilpa mosebeletsi wa Lea e ne e le Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tswalletsweng Padane-arame. 27  Qetellong Jakobo a fihla Mamre,+ Kiriathe-arba, ke ho re Hebrone, moo ntate wa hae Isaka a neng a le teng, moo Abrahama le Isaka ba ileng ba dula teng e le baditjhaba.+ 28  Isaka o phetse dilemo tse 180.+ 29  Isaka a shwa ka mora hore a phele nako e telele a bile a kgotsofetse yaba o patwa jwalo ka batho ba habo.* Bara ba hae e leng Esau le Jakobo ba mo pata.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tseleng.”
Kapa: “pata.”
E bolelang “Modimo wa Bethele.”
Kapa: “mosebeletsi wa.”
Kapa: “eike.”
E bolelang “Ouku (Eike) ya Dillo.”
Ka Seheberu: “a tla tswa lethekeng la hao.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “Mora wa Letsoho la ka le Letona.”
E bolelang “Mora wa Bohloko ba Ka.”
Ka Seheberu: “o nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.