Genese 38:1-30

  • Juda le Tamare (1-30)

38  Juda a tloha ho bana babo mme a hloma tente ya hae haufi le monna wa Moadulame ya bitswang Hira.  Ke hona moo Juda a ileng a bona moradi wa Mokanana+ e mong ya bitswang Shua. A nyala ngwanana eo yaba o robala le yena.  Ngwanana eo a ima mme ka mora nako a ba le ngwana wa moshanyana. Juda a mo reha Ere.+  A ima hape yaba o ba le mora, a mo reha Onane.  A ba le mora e mong hape mme a mo reha Shela. Juda o ne a le Akzibe+ ha mosadi wa hae a eba le mora enwa.  Ka mora nako Juda a batlela Ere letsibolo la hae mosadi mme lebitso la hae e ne e le Tamare.+  Ere letsibolo la Juda o ne a etsa dintho tse sa kgahliseng Jehova, ka hoo Jehova a mo bolaya.  Ka lebaka leo, Juda a re ho Onane: “Robala le mosadi wa abuti wa hao mme o mo nyale e le hore o etsetse abuti wa hao bana.”+  Empa Onane o ne a tseba hore bana bao e ke ke ya eba ba hae.+ Ka hoo, e ne e re ha a robala le mosadi wa abuti wa hae, ebe o ntshetsa peo ya hae fatshe e le hore a se ke a mo etsetsa bana.+ 10  Ntho eo a neng a e etsa e ne e sa thabise Jehova, ka hoo le yena Modimo a mo bolaya.+ 11  Juda a re ho ngwetsi ya hae Tamare: “Dula o le mohlolohadi ntlong ya ntate wa hao ho fihlela mora wa ka Shela a hodile.” O ne a nahana hore mora wa hae Shela a ka nna a shwa jwalo ka bara ba bang ba hae.+ Tamare a tsamaya mme a dula ntlong ya ntate wa hae. 12  Mosadi wa Juda, moradi wa Shua+ a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a ya Timna+ ho batho ba kutang dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae wa Moadulame ya bitswang Hira.+ 13  Tamare a bolellwa hore ntate matsale wa hae o nyolohela Timna ho ya kuta dinku tsa hae. 14  A hlobola diaparo tsa hae tse neng di bontsha hore ke mohlolohadi mme a ikgurumetsa ka lesira yaba o ikwahela ka sholo.* A dula keiting ya Enaime e tseleng e yang Timna. O ne a bona hore Shela o hodile empa ntate matsale wa hae o ne a sa ba nyadise.+ 15  Ha Juda a mo bona, a nka hore ke letekatse* hobane o ne a ikwahetse sefahleho. 16  A ya ho yena pela tsela mme a re: “Ke kopa o ntumelle hore ke robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae.+ Le ha ho le jwalo, Tamare a re: “O tla mpha eng e le hore o robale le nna?” 17  A re: “Ke tla nka potsanyane mohlapeng wa ka ke o romelle yona.” Empa Tamare a re: “O tla siya eng e le bopaki ba hore o tla e romela?” 18  Juda a re: “Ke o siele eng?” Tamare a re: “Ntshiele reng ya hao e tempang,+ thapo le molamu oo o o tshwereng.” A mo fa tsona yaba o robala le yena mme a mo imisa. 19  A tsamaya yaba o hlobola sholo ya hae mme o apara diaparo tsa hae tse bontshang hore ke mohlolohadi. 20  Juda a roma motswalle wa hae wa Moadulame+ hore a ise potsanyane ho mosadi eo e le hore a late dintho tseo a neng a di siile e le bopaki empa a fumana a le siyo. 21  A botsa banna ba sebaka sa habo mosadi eo a re: “Mosadi elwa wa letekatse* wa Enaime ya emang pela tsela o hokae?” Ba re: “Ha ho mohla ho kileng ha eba le letekatse mona.” 22  A kgutlela ho Juda mme a re: “Ha ke a mo fumana, ntle ho moo, banna ba sebaka seo ba itse, ‘Ha ho mohla ho kileng ha eba le letekatse mona.’” 23  Juda a re: “A ka nna a di nka dintho tseo e le hore re se ke ra tlotlollwa. Bonyane ke rometse potsanyane ena le hoja o sa mo fumana.” 24  Hoo e ka bang dikgwedi tse tharo ha morao ha thwe ho Juda: “Ngwetsi ya hao Tamare o ikentse letekatse mme o imme.” Juda a re: “Mo ntshetseng ka ntle mme a tjheswe.”+ 25  Ha a ntse a ntshetswa ka ntle a romela molaetsa ho ntate matsale wa hae a re: “Ke imisitswe ke monga dintho tsena.” A boela a re: “Ke kopa o hlahlobe hore na dintho tsena ke tsa mang, reng e tempang, thapo le molamu.”+ 26  Juda a di hlahloba mme a re: “Mosadi enwa o lokile ho mpheta hobane ha ke a mo fa mora wa ka Shela.”+ Juda ha a ka a hlola a robala le yena. 27  Ha nako ya hore a belehe e fihla, ho ile ha fumaneha hore o imme mafahla. 28  Ha a ntse a beleha, lefahla le leng la ntsha letsoho mme hanghang mmelehisi a nka kgwele e kgubedu* a le tlama letsoho a re: “Enwa o tswile pele.” 29  Empa hang ha le kgutlisa letsoho, lefahla le leng la tswa yaba mmelehisi o a hweletsa o re: “Ke hobaneng ha o tabotse mme wa hao ka tsela ee?” Ka hoo la rehwa Pereze.*+ 30  Ka mora moo lefahla le leng la tswa. Letsoho la lona le ne le fasitswe ka kgwele e kgubedu* yaba le rehwa Zera.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tjale.”
Kapa: “motho ya ithekisang.”
Ka Seheberu: “letekatse la tempele.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”
E bolelang “Ho Tabola,” mohlomong e bua ka ho tabola dinoka.
Kapa: “mmala o sekareleta.”