Genese 42:1-38

  • Bana ba bo Josefa ba ya Egepeta (1-4)

  • Josefa o kopana le bana babo ebile o a ba leka (5-25)

  • Bana babo ba kgutlela hae ho Jakobo (26-38)

42  Ha Jakobo a utlwa hore ho na le koro* Egepeta,+ a re ho bara ba hae: “Ke hobaneng ha le ntse le shebana feela?”  A boela a re: “Ke utlwile hore ho na le koro Egepeta. Tsamayang le yo e reka e le hore re se ke ra shwa ke tlala.”+  Bana ba bo Josefa ba leshome+ ba ya Egepeta ho ya reka koro.  Empa Jakobo a re Benjamine+ ngwanabo Josefa a se ke a tsamaya le bona hobane o ile a re: “A ka tloha a hlahelwa ke kotsi ebe o a shwa.”+  Bara ba Iseraele ba tla le batho ba bang ba neng ba tlo reka dijo hobane le Kanana ho ne ho ena le tlala.+  Josefa e ne e le yena ya busang naha+ hape e ne e le yena ya rekisetsang lefatshe lohle koro.+ Bana babo ba tla mme ba kgumama* ka pela hae.+  Hanghang ha Josefa a ba bona, a tseba hore ke bana babo empa a etsa hore ba se ke ba bona hore ke yena.+ A ba buisa hampe a re: “Le tswa hokae?” Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana re tlilo reka dijo.”+  Josefa a bona hore ke bana babo empa bona ba ne ba sa mo tsebe.  Josefa a hopola ditoro tseo a ileng a di lora ka bona+ yaba o re ho bona: “Le dihlwela! Le tlo sheba hore na naha ya rona e fokola hokae!” 10  Ba re ho yena: “Tjhe, morena, re tlo reka dijo. 11  Kaofela re bana ba motho. Re banna ba tshepahalang. Ha re dihlwela.” 12  Empa a re ho bona: “Ha le bue nnete! Le tlo sheba hore na naha ya rona e fokola hokae!” 13  Ba re: “Re bana ba motho+ ba 12+ naheng ya Kanana. E monyenyane o na le Ntate+ mme e mong yena ha a sa le yo.”+ 14  Empa Josefa a re ho bona: “Le dihlwela jwalo ka ha ke buile! 15  Ke tla bona hore na le bua nnete: Ke hlapanya ka Faro hore le ke ke la tloha mona ho fihlela ngwanabo lona e monyenyane a tla.+ 16  Romang e mong wa lona hore a tle le ngwanabo lona ha le ntse le tshwerwe e le hore ho tle ho bonahale hore na le bua nnete. Haeba le sa tle le yena, ke hlapanya ka Faro hore le dihlwela.” 17  A ba kwalla ka matsatsi a mararo. 18  Letsatsing la boraro Josefa a re ho bona: “Etsang tjena e le hore le phele hobane ke tshaba Modimo. 19  Haeba le banna ba tshepahalang, dumellang a le mong wa bana ba bo lona a nne a dule a kwalletswe ka tlung ya botlamuwa empa lona ba bang le ka tsamaya mme le nke koro e le hore le fokotse tlala e matlong a lona.+ 20  Le ntlisetse ngwanabo lona e monyenyane e le hore ho tle ho bonahale hore le bua nnete mme le ke ke la shwa.” Ba dumela ho etsa jwalo. 21  Ba buisana ba re: “Re ahlolwa ka lebaka la ngwanabo rona+ hobane re bone ka moo a neng a utlwile bohloko ka teng ha a ne a kopa hore re mo qenehele empa ha re a ka ra mamela. Ke ka lebaka leo re hlahetsweng ke tlokotsi ena.” 22  Rubene a re: “Na ha ke a re le se ke la etsa ngwana hampe? Empa ha le a ka la mmamela.+ Jwale re ikarabella ho Modimo ka seo re se entseng.”*+ 23  Empa ba ne ba sa tsebe hore Josefa o a ba utlwa ka ha ho ne ho eba le mofetoledi ha a bua le bona. 24  A ba furalla mme a lla.+ Ha a kgutla a tlo bua le bona hape, a nka Simeone+ yaba o mo tlama ba ntse ba shebile.+ 25  Josefa a re ho tlatswe koro ka mekotleng ya bona le hore ba kgutlisetswe tjhelete ya bona. Hape a re ba fuwe mofaho bakeng sa tsela. Ba ile ba fela ba etsa jwalo. 26  Ba palamisa mekotla ya dijo* ditonking tsa bona mme ba tsamaya. 27  Ha ba le sebakeng sa ho robala, e mong wa bona a bula mokotla wa hae hore a fe tonki ya hae furu mme a bona tjhelete ya hae ka mokotleng. 28  A re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe, ke ena ka mokotleng.” Ba tshoha mme ba shebana ba thothomela ba re: “Modimo o re ahlolelang?” 29  Ha ba fihla ho ntate wa bona Jakobo naheng ya Kanana, ba mo bolella dintho tsohle tse ba hlahetseng, ba re: 30  “Morena wa naha eo o buile le rona hampe+ a ba a re qosa ka hore re dihlwela. 31  Empa re itse ho yena, ‘Re banna ba tshepahalang. Ha re dihlwela.+ 32  Re bara ba motho ba 12,+ ntate wa rona o mong. E mong ha a sa le yo+ mme hona jwale e monyenyane o na le Ntate naheng ya Kanana.’+ 33  Empa morena wa naha o itse ho rona, ‘Hore ke tle ke tsebe hore le a tshepahala, siyang e mong wa bana ba bo lona.+ Le nke ho hong e le hore ho be le dijo matlong a lona mme le tsamaye.+ 34  Le ntlisetse ngwanabo lona e monyenyane e le hore ke tle ke tsebe hore ha le dihlwela empa le banna ba tshepahalang. Ka mora moo, ke tla kgutlisa ngwanabo lona mme le reke dintho tseo le di hlokang naheng ena.’” 35  Ha ba ntse ba ntsha dintho ka mekotleng ya bona, kaofela ba fumana ho ena le mokotla wa tjhelete. Ha ba e bona le ntate wa bona a e bona, ba tshoha. 36  Ntate wa bona Jakobo a re ho bona ka pelo e bohloko: “Le nkamohile bana.+ Josefa ha a sa le yo,+ Simeone ha a sa le yo,+ jwale le tlo nka le Benjamine! Ke hobaneng ha ke hlahelwa ke dintho tsee?” 37  Empa Rubene a re ho ntate wa hae: “O bolaye bara ba ka ba babedi haeba ke sa mo kgutlisetse ho wena.+ Ke tla mo hlokomela mme ke mo kgutlisetse ho wena.”+ 38  Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a tsamaya le lona hobane abuti wa hae o shwele mme o setse a le mong.+ Haeba a ka hlahelwa ke kotsi tseleng ebe o a shwa, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.
Ka Seheberu: “madi a hae a a batlwa.”
Kapa: “koro.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.