Genese 43:1-34

  • Bana ba bo Josefa ba kgutlela Egepeta ba se ba ena le Benjamine (1-14)

  • Josefa o kopana le bana babo hape (15-23)

  • Josefa o etsa mokete le bana babo (24-34)

43  Ho ne ho ena le tlala e kgolo naheng.+  Ha dijo* tseo ba tlileng le tsona Egepeta di se di fedile,+ ntate wa bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta mme le re rekele dijonyana.”  Juda a re ho yena: “Monna eo o itse re se ke ra kgutlela ho yena ntle le haeba re ka tla le Benjamine.+  Haeba o re dumella hore re tsamaye le yena, re tla yo o rekela dijo.  Empa haeba o sa re dumelle ho tsamaya le yena, re ke ke ra ya hobane monna eo o itse ho rona, ‘Le se ke la kgutlela ho nna ntle le haeba le tla le ngwanabo lona.’”+  Iseraele+ a re: “Ke hobaneng ha le ntliseditse mathata aa ka ho bolella monna eo hore le na le ngwanabo lona e mong?”  Ba re: “Monna eo o botsitse ka rona le ka ba leloko a re, ‘Na ntate wa lona o ntse a phela? Na le na le ngwanabo lona e mong?’ Re ile ra mo bolella nnete.+ Re ne re sa tsebe hore o tla re, ‘Tloong le ngwanabo lona.’”+  Juda a phehella ntate wa hae Iseraele a re: “Ntumelle hore ke tsamaye le Benjamine+ e le hore rona, wena le bana ba rona+ re se ke ra shwa.+  Ke tla etsa bonnete ba hore o sireletsehile.+ Ke nna ya tla ikarabella ka yena. Haeba ke hloleha ho mo kgutlisetsa ho wena, ke tla ba molato ka ho sa feleng. 10  Empa haeba re ne re sa dieha, hona jwale re ka be re kgutletse moo ka makgetlo a mabedi.” 11  Ntate wa bona Iseraele a re: “Tshelang dihlahiswa tsa boleng bo botle ka mekotleng ya lona mme le di ise ho monna eo e le mpho:+ balsame e nyenyane,+ mahe a dinotshi a manyenyane, labdaname, makgapetla a nang le boroku* ba sefate,+ dinate tsa pistatjhio* le dialmonde. 12  Kgutlisang tjhelete e ileng ya kenngwa ka mekotleng ya lona+ mme le nke le e nngwe e lekanang le yona. Mohlomong e ne e le phoso. 13  Tsamayang le ngwanabo lona mme le kgutlele ho monna eo. 14  E se eka Modimo ya Matla Ohle a ka etsa hore monna eo a le hauhele e le hore a le lokollele Simeone le Benjamine. Empa haeba ke tla amohuwa bana ba ka,+ ho lokile.” 15  Banna bao ba nka mpho ena mme ba tsamaya le Benjamine ba nkile tjhelete e neng e le ka mekotleng ya bona le e nngwe e lekanang le yona. Ba ya Egepeta mme ba boela ba ema ka pela Josefa.+ 16  Ha Josefa a bona ba ena le Benjamine, hanghang a re ho monna ya okametseng ntlo ya hae: “Isa banna bana ka tlung, o hlabe diphoofolo mme o phehe dijo hobane ba tla ja le nna motshehare.” 17  Ka potlako monna eo a etsa seo Josefa a se boletseng+ yaba o ba isa ntlong ya Josefa. 18  Empa banna bao ba tshoha ha ba iswa ntlong ya Josefa ba re: “Re mona ka lebaka la tjhelete e ileng ya kgutlisetswa ka mekotleng ya rona ha re ne re le mona ka lekgetlo la pele. Ba tla re hlasela, ba re etse makgoba mme ba nke le ditonki tsa rona.”+ 19  Ba atamela monna ya okametseng ntlo ya Josefa yaba ba bua le yena ba eme monyakong wa ntlo. 20  Ba re: “Re tshwarele morena. Re ile ra tla mona ka lekgetlo la pele ha re tlo reka dijo.+ 21  Empa ha re fihla sebakeng sa ho robala mme re bula mekotla ya rona, re ile ra hlokomela hore kaofela re ne re ena le tjhelete e felletseng ka mekotleng ya rona.+ Ke ena re e kgutlisitse 22  hobane ha re tsebe hore na ke mang ya e kentseng ka mekotleng ya rona.+ Re tlile le tjhelete e nngwe ho tla reka dijo.” 23  A re: “Ho lokile. Le se ke la tshoha. Modimo wa lona le Modimo wa ntate wa lona ke yena ya kentseng tjhelete* eo ka mekotleng ya lona. Ke a tseba hore le patetse.” A tlisa Simeone ho bona.+ 24  Monna eo a ba tlisa ka tlung ya Josefa mme a ba fa metsi hore ba hlatswe maoto a bona, a ba a fa ditonki tsa bona furu. 25  Ba ne ba utlwile hore Josefa o a tla motshehare le hore o tlo ja le bona moo.+ Ba mo lokisetsa mpho.+ 26  Ha Josefa a kena ka tlung, ba mo tlisetsa mpho ya bona mme ba kgumama* ka pela hae.+ 27  Ka mora moo, a ba botsa hore na ba ntse ba ya hantle yaba o re: “Ntate wa lona ya seng a hodile eo le buileng ka yena o ntse a ya jwang? Na o ntse a phela?”+ 28  Ba re: “Morena, ntate wa rona o ntse a phela ebile o ntse a ya hantle.” Ba kgumama ka pela hae.+ 29  Ha a bona Benjamine ngwanabo, mora wa mme wa hae+ a re: “Na enwa ke yena ngwanabo lona e monyenyane eo le mpoleletseng ka yena?”+ A re ho Benjamine: “E se eka Modimo a ka o hauhela mora wa ka.” 30  Josefa a tswa a potlakile hobane maikutlo a hae a ne a phahame ka lebaka la ngwanabo. A ya kamoreng e nngwe mme a llela teng.+ 31  Ha maikutlo a hae a se a kokobetse, a hlapa sefahleho mme a kgutla yaba o re: “Tshelang dijo.” 32  Ba mo ngwathela a le mong le bona ba ingwathela ba le bang, le Baegepeta ba nang le yena ba ja ba le bang hobane Baegepeta ba ne ba nka e le ntho e mpe ka ho fetisisa ho ja le Baheberu.+ 33  Bana babo ba ne ba dutse ka pela hae, ho tloha ka e moholo ho ya ka tokelo ya hae ya letsibolo+ ho fihlela ho e monyenyane mme ba nna ba shebana ka ho makala. 34  A nna a ba neheletsa dijo tse tswang tafoleng ya hae a di fetisetsa tafoleng ya bona empa a fa Benjamine dijo tse fetang tsa ba bang ka makgetlo a mahlano.+ Ba keteka le ho nwa le yena ho fihlela ba kgotsofala.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mamina a sefate.”
Ona ke mofuta wa peo e tshwanang le makotomane empa yona e na le mmala o mosehla le o motala.
Kapa: “letlotlo.”
Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.