Genese 48:1-22

  • Jakobo o hlohonolofatsa bara ba babedi ba Josefa (1-12)

  • Efraime o hlohonolofatswa haholo (13-22)

48  Ka mora dintho tsena, Josefa a bolellwa hore ntate wa hae o a kula. A tsamaya le bara ba hae ba babedi e leng Manase le Efraime.+  Ha Jakobo a bolellwa hore mora wa hae Josefa o tlile ho yena, a* leka ka matla ho phahama betheng e le hore a dule hodima yona.  Jakobo a re ho Josefa: “Modimo ya Matla Ohle o ile a hlaha ho nna Luze naheng ya Kanana yaba o a ntlhohonolofatsa.+  A re ho nna, ‘Ke tla o atisa, ke etse hore o ngatafale mme ke o etse setjhaba se seholo+ hape ke fe bana* ba hao naha ena e le lefa la ka ho sa feleng.’+  Bara ba babedi bao o bileng le bona naheng ya Egepeta pele ke tla, ke ba ka.+ Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwalo ka ha Rubene le Simeone e le bara ba ka.+  Empa bana bao o tla ba le bona ka mora bana, e tla ba ba hao. Ba tla bitswa ka mabitso a bana ba bo bona mme ba fumane lefa la bana ba bo bona.+  Ha ke tswa Padane, mme wa hao Ragele o ile a shwella+ pela ka naheng ya Kanana. Re ne re le hole le ho fihla Efratha.+ Ka mo pata moo tseleng e yang Efratha, eo hape e bitswang Bethlehema.”+  Ha Iseraele a bona bara ba Josefa a re: “Ke bomang baa?”  Josefa a re ho ntate wa hae: “Ke bara bao Modimo a mphileng bona sebakeng sena.”+ Jakobo a re: “Ke kopa o ba tlise e le hore ke ba hlohonolofatse.”+ 10  Mahlo a Iseraele a ne a sa bone hantle ka lebaka la botsofadi. Josefa a ba atametsa ho yena mme a ba suna yaba o a ba haka. 11  Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla o bona+ empa Modimo o ntumeletse hore ke bone le bana* ba hao.” 12  Josefa a ba tlosa mangoleng a Iseraele yaba o a kgumama.* 13  Josefa a tshwara Efraime+ ka letsoho le letona, a mo isa ka letsohong le letshehadi la Iseraele, a tshwara Manase+ ka letsoho le letshehadi, a mo isa ka letsohong le letona la Iseraele yaba o ba atametsa ho Iseraele. 14  Empa Iseraele a beha letsoho le letona hloohong ya Efraime le hoja a ne a le monyenyane mme letsoho le letshehadi a le beha hloohong ya Manase. O ile a etsa sena ka morero le hoja Manase e ne e le yena letsibolo.+ 15  A hlohonolofatsa Josefa mme a re:+“Modimo wa nnete eo ntatemoholo wa ka Abrahama le ntate wa ka Isaka ba tsamaileng ka pela hae,+ Modimo wa nnete ya ntlhokometseng bophelo bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena,+ 16  Lengeloi le ileng la ntopolla tlokotsing,+ hlohonolofatsa bashanyana bana.+Ba ke ba bitswe ka lebitso la ka, la ntatemoholo wa ka Abrahama le la ntate wa ka Isaka, Ba ke ba eketsehe, e be letshwele le leholo lefatsheng.”+ 17  Ha Josefa a bona hore ntate wa hae o ntse a behile letsoho le letona hloohong ya Efraime, a se ke a thabela seo yaba o leka ho tlosa letsoho la ntate wa hae hloohong ya Efraime ho le isa hloohong ya Manase. 18  Josefa a re ho ntate wa hae: “Ntate o etsa phoso, letsibolo ke Manase.+ Beha letsoho la hao le letona hloohong ya hae.” 19  Ntate wa hae a nna a hana a re: “Ke a tseba mora wa ka, ke a tseba. Le yena e tla ba setjhaba mme le yena o tla ba moholo. Empa ngwanabo e monyenyane o tla ba moholo ho yena+ mme bana* ba hae ba tla lekana le ditjhaba.”+ 20  A ba hlohonolofatsa letsatsing leo+ a re: “Baiseraele ba ke ba bue ka lona ha ba fana ka tlhohonolofatso ba re,‘E se eka Modimo a ka le etsa jwalo ka Efraime le Manase.’” A nna a beha Efraime ka pela Manase. 21  Iseraele a re ho Josefa: “Ke haufi le ho shwa+ empa Modimo o tla ba le lona mme a le kgutlisetse naheng ya baholoholo ba lona.+ 22  Ke o fa karolo ya naha e fetang ya bana beno, naha eo ke e nkileng ho Baamore ka sabole le ka seqha sa ka.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Iseraele.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.
Ka Seheberu: “peo.”