Genese 7:1-24

  • Ba kena ka arekeng (1-10)

  • Morwallo o kwahela lefatshe kaofela (11-24)

7  Jehova a re ho Noe: “Kena ka arekeng le lelapa lohle la hao hobane ke fumane e le wena ya lokileng hara batho bohle.+  Mofuteng o mong le o mong wa diphoofolo tse hlwekileng, o nke tse supileng*+ tse tona le tse tshehadi. Diphoofolong tse sa hlwekang o nke tse pedi feela, e tona le e tshehadi.  Ho dibopuwa tse fofang o nke tse supileng,* tse tona le tse tshehadi e le ho boloka mofuta wa tsona o phela.+  Ho setse matsatsi a supileng feela pele ke nesa pula+ lefatsheng ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke tla fedisa dintho tsohle tse phelang lefatsheng tseo ke di entseng.”+  Noe a etsa dintho tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona.  Noe o ne a le dilemo di 600 ha ho eba le morwallo lefatsheng.+  Pele morwallo o fihla, Noe a kena ka arekeng le bara ba hae, mosadi wa hae le dingwetsi tsa hae.+  Diphoofolo tsohle tse hlwekileng le tse sa hlwekang le dibopuwa tsohle tse fofang le tse hahabang,+  tsa tla ho Noe ka bobedi mme tsa kena ka arekeng, e tona le e tshehadi feela jwalo ka ha Modimo a ne a laetse Noe. 10  Ka mora matsatsi a supileng, ha eba le morwallo lefatsheng. 11  Ha Noe a le dilemo di 600, ka letsatsi la bo17 kgweding ya bobedi, mehlodi yohle ya metsi* le dikgoro tsa metsi tsa mahodimo tsa buleha.+ 12  Pula ya na lefatsheng ka matsatsi a 40 le masiu a 40. 13  Letsatsing lona leo, Noe a kena ka arekeng le mosadi wa hae le bara ba hae e leng Sema, Kama le Jafeta+ ha mmoho le dingwetsi tsa hae tse tharo.+ 14  Ba kena le diphoofolo tsa mefuta yohle tse hlaha, tse ruuwang, tse hahabang le dibopuwa tsa mefuta yohle tse fofang, e leng dinonyana tsohle le dibopuwa tsohle tse nang le mapheo. 15  Diphoofolo tsa mefuta yohle tsa nna tsa tla ho Noe ka bobedi mme tsa kena ka arekeng. 16  Diphoofolo tse tona le tse tshehadi tsa mefuta yohle tsa kena ka arekeng, feela jwalo ka ha Modimo a ne a laetse Noe. Ka mora moo, Jehova a kwala monyako. 17  Pula ya na ka matsatsi a 40 lefatsheng mme metsi a eketseha, a phahamisetsa areka hodimo, ya phaphamala ka hodima ona. 18  Metsi a tlala mme a eketseha haholo lefatsheng empa areka ya phaphamala ka hodima ona. 19  Metsi a tlala lefatsheng hoo a ileng a kwahela dithaba tsohle tse telele.+ 20  Metsi a phahama ho fihlela a feta dithaba ka dimithara tse ka bang tse supileng.* 21  Dibopuwa tsohle* tse neng di le lefatsheng tsa shwa.+ Ha shwa batho bohle,+ dibopuwa tse fofang, diphoofolo tse ruuwang, diphoofolo tse hlaha le dibopuwa tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha. 22  Dibopuwa tsohle tse phelang* lefatsheng tsa shwa.+ 23  Modimo a fedisa dintho tsohle tse phelang lefatsheng ho akarelletsa batho, diphoofolo, diphoofolo tse hahabang le dibopuwa tse fofang. Kaofela tsa fediswa.+ Noe le ba nang le yena ka arekeng ke bona feela ba ileng ba pholoha.+ 24  Metsi a kwahela lefatshe ka matsatsi a 150.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Diphoofolong tsohle tse hlwekileng o nke tse tona tse supileng le tse tshehadi tse supileng.”
Kapa mohlomong: “o nke tse tona tse supileng le tse tshehadi tse supileng.”
Kapa: “bodiba.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 15.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “nama yohle.”
Kapa: “tse nang le moya o phedisang.”