Habakuke 3:1-19

  • Habakuke o rapella hore Jehova a nke kgato (1-19)

    • Modimo o tla pholosa batlotsuwa ba hae (13)

    • Habakuke o a thaba ha a nahana ka Jehova le hara mathata (17, 18)

3  Ena ke thapelo ya moprofeta Habakuke, ke kodiyamalla:*   Jehova, ke utlwile ka diketso tsa hao. Ke tsota mesebetsi ya hao Jehova. E se eka o ka e phetha mehleng ena ya rona,*Wa e tsebahatsa mehleng ya rona. E se eka o ka re hopola yaba o a re hauhela nakong ya pherekano.+   Modimo o tlile a tswa Temane,Ya Halalelang o tlile a tswa Thabeng ya Parane.+ (Selah)*Kganya ya hae e ile ya kwahela mahodimo,+Lefatshe la tlala batho ba mo rorisang.   Kganya ya hae e ne eka ya letsatsi.+ Ho ne ho ena le mahlasedi a tswang letsohong la haeMoo matla a hae a neng a le hona teng.   Lefu la sewa le ne le mo eteletse pele,+Feberu e matla yona e mo sala morao.   A ema tlekelele! yaba o sisinya lefatshe.+ O ile a sheba ditjhaba yaba di a thothomela.+ Dithaba tseo esale di le teng tsa heleha,Maralla ona a wa.+ O tsamaya ditseleng tsa hae tsa kgale.   Ke ile ka bona mathata ka ditenteng tsa Kushane. Ditente tsa naha ya Midiane di ile tsa tsukutleha.+   Jehova, na o halefetse dinoka? Na o tuka ke bohale ka lebaka la tsona? Kapa na o halefetse lewatle?+ O ile wa palama dipere tsa hao,+Dikariki tsa hao di ile tsa hlola.*+   O ntshitse seqha sa hao mme o se tjhehile. Melamu* e fuwe mosebetsi.* (Selah)O arotse lefatshe ka dinoka. 10  Dithaba tsa o bona yaba di a reketla ke bohloko.+ Metsi a pula ya ditlwebelele a phorosela. Bodiba ba rora,+Ba akgoletsa maqhubu a bona hodimo. 11  Letsatsi le kgwedi tsa ema tsi! hodimo mahodimong.+ Metsu ya hao ya tswa e le jwalo ka kganya,+Lerumo la hao le ne le benya jwalo ka lehadima. 12  O ile wa pholletsa le lefatshe o halefile,Wa hatakela* ditjhaba o tuka ke bohale. 13  Wa tsamaya hore o yo pholosa batho ba hao le motlotsuwa wa hao. Wa thuhakanya moetapele* wa ntlo ya ba kgopo. E ile ya timetswa ho tloha motheong ho ya tswa marulelong.* (Selah.) 14  O ile wa hlaba dihlooho tsa masole a hae ka dihlomo tsa hae*Ha a ne a mphutuhela hore a nqhalakanye. A ne a thabetse ho bolaya motho ya mathateng ka lekunutu. 15  O ile wa feta hara lewatle ka dipere tsa hao,Wa phunyeletsa hara maqhubu a lona. 16  Eitse ha ke utlwa dintho tsena, ka tlala tshabo. Molomo wa ka wa thothomela ha ke utlwa molaetsa. Ka fellwa ke matla,*+Ka tsherema mangole. Empa ke tla emela letsatsi la mahlomola ke kgobile matshwafo,+Etswe le tla tlela batho ba re hlaselang. 17  Le ha sefate sa feie* se ke ke sa thunyaLe difate tsa morara tsa se ke tsa beha ditholwana,Le ha sefate sa mohlwaare se ke ke sa behaLe masimo a ke ke a hlahisa dijo,Le ha mehlape e ka ba siyo sakengLe dikgomo tsa ba siyo masakeng, 18  Ha e le nna, ke tla thaba ha ke nahana ka Jehova,Ke nyakalle ha ke nahana ka Modimo ya mpholosang.+ 19  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o mpha matla.+ O tla etsa hore ke be lebelo jwalo ka kgama,A ntsamaise dibakeng tse phahameng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Ka Seheberu: “bohareng ba dilemo.”
Kapa: “pholosa.”
Kapa mohlomong: “Metsu.”
Kapa mohlomong: “dikano tsa meloko di boletswe.”
Ka Seheberu: “pola.”
Ka Seheberu: “hlooho.”
Ka Seheberu: “molaleng.”
Ka Seheberu: “melamu ya hae.”
Ka Seheberu: “Masapo a ka a bola.”
Kapa: “feiga.”