Hagai 1:1-15

  • Ba kgalemellwa ho se tsosolose tempele (1-11)

    • ‘Na ke nako ya ho dula matlong a kgabisitsweng ka mapolanka a matle?’ (4)

    • “Itlhahlobeng” (5)

    • Ba jala peo e ngata empa ba kotula hanyenyane (6)

  • Setjhaba se mamela lentswe la Jehova (12-15)

1  Selemong sa bobedi Morena Dariuse* a le pusong, letsatsing la pele la kgwedi ya botshelela, Jehova a fa moprofeta Hagai*+ molaetsa o yang ho mmusi wa Juda e leng Zorobabele+ mora wa Shalatiele le ho moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake, o reng:  “Jehova wa mabotho o itse: ‘Batho bana ba re: “Nako ya hore ntlo* ya Jehova e hahuwe* ha e eso fihle.”’”+  Jehova a boela a fa moprofeta Hagai+ molaetsa o reng:  “Na ke nako ya hore le dule matlong a lona a kgabisitsweng ka mapolanka a matle, ha ntlo ya ka e le dithako?+  Jehova wa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng.  Le jetse peo e ngata empa le kotula hanyenyane.+ Le a ja empa eseng ho fihlela le kgotshe. Le nwa veine empa ha le na e lekaneng. Le apara diaparo empa ha ho ya futhumalang. Ya hirilweng o tshela mokgolo ka sepatjheng se masoba.’  Jehova wa mabotho o re: ‘Itlhahlobeng.’  ‘Nyolohelang thabeng mme le tlise difate tse renngweng.+ Le hahe ntlo+ ya ka e tla nkgotsofatsa mme ke tlotliswe,’+ ke Jehova ya tjhong.  Jehova wa mabotho o re: ‘Le ne le lebeletse tjhai e ngata empa le kotutse hanyenyane. Ha le e tlisa ka tlung, ke ile ka e butswella kwana.+ Ka lebaka lefe? Hobane ntlo ya ka ke dithako empa e mong le e mong wa lona o ntse a ya hodimo le tlase a hlokomela ntlo ya hae.+ 10  Ka hoo, mahodimo ha a ka a fana ka phoka ya ona mme lefatshe ha le a ka la medisa letho. 11  Ka nna ka etsa hore ho be le komello lefatsheng le dithabeng mme ha eba le kgaello ya dijo,* veine, oli le dijalo. Lona le diphoofolo tsa lona le a sotleha mme le sehlela lefeela.’” 12  Zorobabele+ mora wa Shalatiele+ le moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake+ le batho bohle ba mamela lentswe la Jehova Modimo wa bona. Ba mamela le mantswe a moprofeta Hagai hobane Jehova Modimo wa bona o ne a mo romme mme ba tshoswa ke molaetsa wa Jehova. 13  Yaba Hagai moromuwa wa Jehova o bolella batho ditaba ho ya ka moo Jehova a mo laetseng o re: “‘Ke na le lona,’+ ke Jehova ya tjhong.” 14  Yaba Jehova o susumetsa+ mmusi wa Juda+ e leng Zorobabele mora wa Shalatiele le moprista ya phahameng Joshua+ mora wa Jozadake ha mmoho le batho bohle hore ba qale ho tsosolosa ntlo ya Jehova wa mabotho, Modimo wa bona.+ 15  Ba qadile ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya botshelela selemong sa bobedi sa puso ya Morena Dariuse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Dariuse I kapa Dariuse e Moholo
E bolelang “Ya Hlahileng Nakong ya Mokete.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “hahuwe hape.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.