Hosea 1:1-11

  • Mosadi wa Hosea le bana ba hae (1-9)

    • Jezriele (4), Lo-ruhama (6) le Lo-ami (9)

  • Tshepo ya ho tsosoloswa le ho momahana (10, 11)

1  Jehova a bua le Hosea* mora wa Beri mehleng ya Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase+ e leng marena a Juda+ le mehleng ya Jeroboame+ mora wa Joashe,+ morena wa Iseraele.  Ha Jehova a qala ho bua a sebedisa Hosea, Jehova o ile a re ho yena: “Tsamaya o yo nyala mosadi eo e tla ba letekatse* le ya tla o tswalla bana ka lebaka la botekatse* ba hae hobane ka tsela e tshwanang, batho ba naha ena ba entse botekatse mme ba tlohetse ho sebeletsa Jehova.”+  Hosea a nyala Gomere moradi wa Diblaime. A ima yaba o mo tswalla mora.  Jehova a re ho Hosea: “Mo rehe Jezriele* hobane ka mora nakwana e seng kae ke tla etsa hore ba lelapa la Jehu+ ba ikarabelle ka lebaka la ho bolawa ha batho ba Jezriele ebile ke tla fedisa mmuso wa Iseraele.+  Letsatsing leo ke tla roba seqha sa Iseraele Kgohlong* ya Jezriele.”  A ima hape yaba o tswala moradi. Modimo a re ho Hosea: “Mo rehe Lo-ruhama* ka ha ha ke sa tla hlola ke hauhela+ Baiseraele* empa ke tla ba leleka.+  Empa ke tla hauhela setjhaba* sa Juda+ mme nna Jehova Modimo wa bona ke tla ba pholosa.+ Nke ke ka ba pholosa ka seqha, ka sabole, ka ntwa, ka dipere kapa ka bapalami ba dipere.”+  Ka mora ho kgwesa* Lo-ruhama, Gomere a ima mme a tswala mora.  Modimo a re: “Mo rehe Lo-ami* hobane ha le setjhaba sa ka ebile nke ke ka ba Modimo wa lona. 10  Baiseraele* ba tla ba bangata jwalo ka lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa kapa la balwa.+ Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thwe ho bona, ‘Ha le setjhaba sa ka,’+ ho tla thwe ho bona, ‘Le bana ba Modimo ya phelang.’+ 11  Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be mmoho.+ Ba tla ikgethela moetapele mme ba tswe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ke kgutsufatso ya Hoshaia e bolelang “Ho Pholoswa ke Jah; Jah o Pholositse.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “ya tla etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
E bolelang “Modimo o Tla Jala Peo.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “ntlo ya Iseraele.”
E bolelang “Ha a Hauhelwa.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
E leng ha ngwana a tlohediswa ho nyanya.
E bolelang “Ha le Setjhaba sa Ka.”
Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”