Hosea 12:1-14

  • Efraime o lokela ho kgutlela ho Jehova (1-14)

    • Jakobo o ile a lwantsha Modimo (3)

    • Jakobo o llela hore Modimo a mo hauhele (4)

12  “Efraime o tshepile ntho e se nang thuso.* O qeta letsatsi lohle a lelekisa moya wa botjhabela. O rata leshano le ntwa haholo. O etsa selekane le Asiria+ mme o romela oli Egepeta.+   Jehova o na le nyewe le Juda.+ O tla fa Jakobo kotlo ka lebaka la diketso tsa hae,A mo putse ho ya ka mesebetsi ya hae.+   Ha a le ka popelong o ile a tshwara ngwanabo ka serethe,+A lwantsha Modimo ka matla ohle a hae.+   A nna a lwana le lengeloi mme a hlola. A lla, a kopa hore le mo hauhele.”+ Modimo a mo fumana Bethele yaba o bua le rona moo.+   Jehova Modimo wa mabotho,+Jehova ke lebitso leo a hopolwang ka lona.+   “Kgutlela ho Modimo wa hao,+Dula o ena le lerato* le toka.+ O tshepe Modimo wa hao ka dinako tsohle.   Rakgwebo o sebedisa dikala tse sa tshepahaleng. O rata ho qhekella.+   Efraime o ntse a re, ‘Ke ruile.+ Ke fumane maruo.+ Mosebetsing wohle wa ka o boima, ba ke ke ba fumana letho le phoso kapa sebe.’   Nna Jehova haesale ke le Modimo wa hao ho tloha ha o le naheng ya Egepeta.+ Ke tla etsa hore o dule ditenteng hapeJwalo ka dinakong tseo ho nang le mokete. 10  Ke ile ka bua le baprofeta,+Ka eketsa dipono tsa bonaKa ba ka etsa dipapiso ke sebedisa baprofeta. 11  Ho na le bolotsana* le mashano Gileade.+ Ba entse mahlabelo a dipoho Gilgale.+ Dialetare tsa bona di tshwana le diqubu tsa majwe diforong tsa masimo.+ 12  Jakobo o ile a balehela naheng* ya Arame.*+ Iseraele+ a sebetsa mooA hlokomela dinku+ hore a fumane mosadi.+ 13  Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta a sebedisa moprofeta+A ba a mo hlokomela a sebedisa moprofeta.+ 14  Efraime o nkgalefisitse haholo.+O tla dula a le molato ka lebaka la ho bolaya. Morena wa hae o tla mo fa kotlo ka lebaka la ho mo nyefola.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Efraime o ja moya.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “dintho tse sa tlwaelehang; boselamose.”
Kapa: “Siria.”
Ka Seheberu: “tshimong.”