Hosea 13:1-16

  • Efraime ya rapelang medimo ya ditshwantsho o lebetse Jehova (1-16)

    • “Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?” (14)

13  “Ha Efraime a bua, batho ba ne ba thothomela. O ne a tumme Iseraele+ Empa o ile a ba molato ka lebaka la ho rapela Baale+ yaba o a shwa.   Ba etsa sebe le ho fetaKa ho etsa ditshwantsho* ka silevera ya bona.+ Ba etsa medimo ya ditshwantsho ka bohlale. Kaofela e entswe ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.Ba re, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ke ba sune manamane.’+   Ba tla ba jwalo ka maru a hoseng,Jwalo ka phoka e nyamelang kapele,Jwalo ka mmoko o fefolwang ke sefefo seotlong*Le jwalo ka mosi o tswang lesobeng la marulelo.   Nna Jehova, haesale ke le Modimo wa hao ho tloha ha o le naheng ya Egepeta.+ O ne o sa tsebe Modimo e mong ntle ho nnaEbile ha ho na mopholosi e mong ntle ho nna.+   Ke o tsebile ha o le lefeelleng,+ naheng e omeletseng.   Ba ne ba kgotshe ka lebaka la dijalo tsa masimo a bona.+ Ha ba se ba kgotshe, ba ile ba ikgohomosaYaba ba a ntebala.+   Ke tla ba hlasela jwalo ka tawana+Le jwalo ka lengau le ipatileng pela tsela.   Ke tla ba hlasela jwalo ka bere e lahlehetsweng ke madinyane a yonaEbile ke tla harola difuba tsa bona. Ke tla ba ja jwalo ka tau. Sebata se hlaha sa naheng se tla ba kgaola dikoto.   Se tla o fedisa, wena IseraeleHobane o fetohetse nna mothusi wa hao. 10  O hokae jwale morena wa hao hore a o pholose metseng yohle ya hao?+ Ba kae babusi* ba hao bao o ileng wa re ka bona,‘Mphe morena le dikgosana’?+ 11  Ke le file morena ke halefile+Ebile ke tla mo tlosa ke halefile.+ 12  Phoso ya Efraime e ke ke ya lebalwa.*Sebe sa hae se bolokilwe. 13  O tla tlelwa ke bohloko ba pelehi. Ke ngwana ya seng bohlale. Ha a hlahe ha nako ya hore a tswalwe e fihla. 14  Ke tla lopolla batho ba ka Lebitleng,*Ke ba lokolle lefung.+ Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?+ Lebitla, matla a hao a ho fedisa a hokae?+ Nke ke ka le qenehela. 15  Le ha Efraime a ka mela hara lehlaka,Jehova o tla tlisa moya wa botjhabela. O tla be o tswa lehwatateng ho tla tjhesa sediba sa hae le mohlodi wa hae wa metsi. Matlotlo ohle a hae a tla utsuwa.+ 16  Basamaria ba tla nkwa ba le molato+ hobane ba fetohetse Modimo wa bona.+ Ba tla bolawa ka sabole,+Bana ba bona ba rojwe dikoto,Baimana ba bona ba tabolwe dimpa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “diemahale tse entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.
Ka Seheberu: “baahlodi.”
Kapa: “e bolokilwe.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.