Hosea 2:1-23

  • Iseraele e fuwa kotlo (1-13)

  • Iseraele e kgutlela ho Jehova e leng monna wa yona (14-23)

    • “O tla re ke monna wa hao” (16)

2  “Ereng ho bana ba bo lona, ‘Le setjhaba sa ka.’*+ Le re ho dikgaitsedi tsa lona, ‘Le basadi ba hauhetsweng.’*+   Qosang mme wa lona. Le mo qoseHobane ha se mosadi wa ka+ ebile ha ke monna wa hae. O lokela ho tlohela botekatse,*A tlohele le ho etsa bofebe,   Ho seng jwalo ke tla mo hlobodisa hore a be jwalo ka mohla a neng a tswalwa. Ke etse hore a be jwalo ka lehwatata,A be jwalo ka naha e se nang metsiLe hore a bolawe ke lenyora.   Nke ke ka qenehela bana ba haeHobane o ba fumane ka lebaka la botekatse.*   Mme wa bona o entse botekatse.+ Ya neng a ba imme o entse ntho e hlabisang dihlong+ hobane o itse,‘Ke tla sala bao ke ratanang le bona morao,+Ba mphang dijo le metsi,Diaparo tsa ulu le tsa line, oli le veine.’*   Ke tla thiba tsela ya hae ka sehlahla se meutlwa. Ke tla haha lebota la majwe hore le mo thibeE le hore a se ke a bona tsela.   O tla lelekisa bao a ratanang le bona empa a ke ke a ba tshwara.+ O tla ba batla empa a ke ke a ba fumana. Ka hoo o tla re, ‘Ke tla kgutlela ho monna wa ka wa pele+Hobane dintho di ne di ntsamaela hantle ka nako eo ho feta hona jwale.’+   O ne a sa hlokomele hore ke nna ya mo fileng koro,+ veine e ntjha le oliLe hore ke nna ya mo fileng silevera e ngataLe kgauta eo ba ileng ba e sebedisetsa ho rapela Baale.+   ‘Ka lebaka leo, ke tla mo nkela koro ya ka e butswitsengLe veine ya ka e ntjha ka nako ya yona+Ebile ke tla phamola diaparo tsa ka tsa ulu le tsa line tseo a neng a di apara. 10  Ke tla mo hlobodisa ka pela bao a ratanang le bona. Ha ho na monna ya tla mo pholosa ho nna.+ 11  Ke tla fedisa thabo yohle ya haeE leng mekete ya hae+ ya ha kgwedi e qala, disabatha tsa hae le dinako tsohle tsa hae tsa mekete. 12  Ke tla senya difate tsa hae tsa morara le tsa feie* tseo a itseng ka tsona:“Ona ke moputso wa ka oo ke o filweng ke bao ke ratanang le bona.”Ke tla di etsa moruMme diphoofolo tse hlaha di tla di ja. 13  Ke tla etsa hore a ikarabelle ka lebaka la matsatsi ao ka ona a ileng a etsetsa ditshwantsho tsa Baale mahlabelo,+Matsatsi ao ka ona a neng a ikgabisa ka direng le ka mekgabiso ebe o sala bao a ratanang le bona morao.Ka nako eo, o ne a ntebetse,’+ ke Jehova ya tjhong. 14  ‘Ke tla mo qekisa,Ke ye le yena lehwatatengEbile ke tla bua le yena ka bonolo. 15  Ka mora moo, ke tla kgutlisetsa difate tsa hae tsa morara ho yena+Ebile ke tla etsa hore a fete Kgohlong* ya Akore+ hore a kene naheng e fanang ka tshepo.O tla nkaraba a le moo jwalo ka mehleng ya hae ha a sa le motjhaJwalo ka mohla a neng a tswa naheng ya Egepeta.+ 16  Letsatsing leo, o tla re ke monna wa haoMme o ke ke wa hlola o re ke monga hao,’* ke Jehova ya tjhong. 17  ‘Nke ke ka mo dumella hore a bitse mabitso a ditshwantsho tsa Baale+Ebile a ke ke a hlola a hopola mabitso a tsona.+ 18  Letsatsing leo, ke tla etsa selekane bakeng sa bona le diphoofolo tse hlaha,+Dinonyana le diphoofolo tse hahabang.+ Ke tla fedisa seqha, sabole le ntwa naheng,+Ke etse hore ba phele ba sireletsehile.+ 19  Ke tla o nka hore o be mosadi wa ka ka ho sa feleng. Ke a o tshepisa hore ke tla o tshwara hantle le ka toka, Ke o rate ke be ke o hauhele.+ 20  Ke tshepisa hore ke tla o tshepahalla. O tla tseba hore ke nna Jehova.’+ 21  Jehova o re, ‘Letsatsing leo ke tla araba,Ke tla araba mahodimo,Ona a tla araba lefatshe.+ 22  Lefatshe le tla araba koro le veine e ntjha le oli. Tsona di tla araba Jezriele.*+ 23  Ke tla jala batho ba ka jwalo ka peo lefatsheng,+Ke hauhele ba sa kang ba hauhelwa.* Ke tla re ho batho bao e seng setjhaba sa ka: “Le setjhaba sa ka,”*+Bona ba tla re: “O Modimo wa rona.”’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Sheba naletsana ya Hosea 1:6.
Sheba naletsana ya Hosea 1:9.
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “seno.”
Kapa: “feiga.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “Baale wa Hao.”
E bolelang “Modimo o Tla Jala Peo.”
Sheba naletsana ya Hosea 1:6.
Sheba naletsana ya Hosea 1:9.