Hosea 3:1-5

  • Hosea o lopolla mosadi wa hae wa letekatse (1-3)

  • Baiseraele ba tla kgutlela ho Jehova (4, 5)

3  Jehova a re ho nna: “Tsamaya hape, o rate mosadi ya ratwang ke monna e mong a bile a etsa bofebe+ jwalo ka ha Jehova a rata setjhaba sa Iseraele+ le ha se ntse se ya ho medimo e meng+ ebile se rata dipolokwe tsa morara o omisitsweng.”*  Ke ile ka ithekela yena ka dikotwana tse 15 tsa silevera le ka dilithara tse 330* tsa harese.  Ka re ho yena: “O tla dula o le wa ka ka matsatsi a mangata. O se ke wa etsa botekatse* kapa wa robala le monna e mong mme le nna nke ke ka robala le wena.”  Lebaka ke hore setjhaba sa Iseraele se tla qeta nako e telele* se se na morena,+ kgosana, sehlabelo, pilara, efoda+ le ditshwantsho tsa terafime.*+  Ka mora moo, Baiseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova Modimo wa bona+ le Davida morena wa bona.+ Matsatsing a ho qetela, ba tla tla ho Jehova ba thothomela ba batla hore a ba hlohonolofatse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng tse sebediswang borapeding ba bohata.
Ka Seheberu: “homere e le nngwe le halofo.” Homere e le nngwe e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”
Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”