Hosea 4:1-19

  • Jehova o ahlola Iseraele (1-8)

    • Setjhaba ha se tsebe Modimo (1)

  • Baiseraele ba rapela medimo ya ditshwantsho ebile ba etsa botekatse (9-19)

    • Botekatse bo etsa hore ba kgelohe (12)

4  Utlwang lentswe la Jehova lona setjhaba sa Iseraele. Jehova o tlo ahlola baahi ba naha+Hobane ha ba tshepahale, ha ba na lerato* ebile ha ba tsebe Modimo.+   Ho tletse dikano tsa bohata, leshano,+ ho bolayana,+Boshodu le bofebe.+ Batho ba bolayana ba sa tswa bolayana.+   Ke ka lebaka leo baahi ba naha ba tla lla+Ebile kaofela ba tla fellwa ke matla. Diphoofolo tse hlaha le dinonyanaEsita le ditlhapi di tla shwa.   “Le ha ho le jwalo, ho se ke ha eba le motho ya le hanyetsang kapa ya le kgalemelang+Hobane le tshwana le batho ba hanyetsang moprista.+   O tla kgoptjwa motshehare. Moprofeta le yena o tla kgoptjwa le lona jwalo ka ha eka ke bosiu. Ke tla bolaya mme wa lona.   Batho ba ka ba tla fediswa hobane ha ba ntsebe. Ka ha ba hanne ho ntseba,+Ke tla ba lahla hore e se ke ya eba baprista ba ka. Ka ha ba lebetse molao* wa ka,+Ke tla lebala bana ba bona.   Ha ba ntse ba eketseha ba ne ba ntshitelwa le ho feta.+ Ke tla etsa hore ba tlotlollwe ho ena le hore ba tlotliswe.*   Ba ja mahlabelo a sebe seo batho ba ka ba se etsangEbile ba lakatsa hore batho ba ka ba nne ba etse dibe.   Batho bana le baprista ba tla hlahelwa ke ntho e tshwanang. Ke tla ba fa kotlo ka lebaka la boitshwaro ba bonaEbile ke tla etsa hore ba fumane ditlamorao tsa diketso tsa bona.+ 10  Ba tla ja empa ba ke ke ba kgora.+ Ba tla etsa botekatse* empa ba ke ke ba eba le bana+Hobane ha ba mamele Jehova. 11  Ho etsa botekatse* le ho nwa veine ya kgale kapa e ntjhaHo etsa hore motho a se ke a lakatsa ho etsa se nepahetseng.+ 12  Batho ba ka ba bua le medimo ya bona e entsweng ka patsi. Ba etsa seo melamu* ya bona e ba bolellang sonaHobane ho etsa botekatse ho etsa hore ba kgelohe. Ka lebaka la botekatse ba bona ba hana ho mamela Modimo wa bona. 13  Ba etsa mahlabelo hodima dithaba+Le mahlabelo a kubellang mosi maralleng,Tlasa difate tsa ouku,* tsa storaxe le tlasa difate tsohle tse kgolo+Hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka lebaka leo baradi ba lona ba etsang botekatseLe dingwetsi tsa lona di etsang bofebe. 14  Nke ke ka fa baradi ba lona kotlo ka lebaka la botekatse ba bonaKapa ka otla dingwetsi tsa lona ka lebaka la bofebe ba tsonaHobane banna ba tsamaya le matekatseEbile ba etsa mahlabelo le matekatse a tempele. Batho bao ba se nang kutlwisiso+ ba tla fediswa. 15  Wena Iseraele, le hoja o etsa botekatse,+Juda e se ke ya eba molato.+ O se ke wa tla Gilgale+ kapa Bethe-avene+Ebile o se ke wa ikana wa re, ‘Ka Jehova ya phelang.’+ 16  Baiseraele ba manganga jwalo ka kgomo e manganga.+ Na jwale Jehova o tla ba disa jwalo ka ramo e nyenyane lekgulong le leholo?* 17  Efraime o rapela medimo ya ditshwantsho.+ Le kgaohane le yena. 18  Ha ba qetile jwala* ba bona kaofela,Ba etsa botekatse.* Baetapele* ba bona ba rata ho etsa dintho tse hlabisang dihlong.+ 19  Moya o tla ba thatela* ka mapheo a wona. Ba tla swabela mahlabelo a bona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “taelo.”
Kapa mohlomong: “Ba ntlotlolotse ho ena le hore ba ntlotlise.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ka ho feteletseng ba thobalano; ba tla ithekisa.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “molamu o sebediswang ke modimo.”
Kapa: “eike.”
Ka Seheberu: “sebakeng se bulehileng.”
Kapa: “jwala ba koro.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ka ho feteletseng ba thobalano; ba a ithekisa.”
Ka Seheberu: “Dithebe.”
Kapa: “o tla ba fefola.”