Hosea 5:1-15

  • Efraime le Juda di a ahlolwa (1-15)

5  “Utlwang lona baprista,+Mamelang lona setjhaba sa Iseraele,Le mamele lona ba ntlo ya morenaHobane kahlolo ena e ama lona. Le leraba ho MizpaEbile le letlowa le adilweng hodima Tabore.+   Marabele* a kene tlwara! diketsong tsa ho bolayaMme ke a lemosa* kaofela.   Ke tseba Efraime,Baiseraele ba ke ke ba ipatela nna. Wena Efraime, o entse botekatse.* Baiseraele ba itshilafaditse.+   Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bonaHobane ba rata botekatse*+Ebile ha ba tsotelle Jehova.   Boikgohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o kgopo.+ Baiseraele le Baefraime ba kgopilwe ka lebaka la phoso ya bonaBajuda le bona ba kgopilwe.+   Ba ile ba nka dinku le dikgomo tsa bona ho ya etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona hore a ba hauheleEmpa ha a ka a ba hauhela. O ne a suthetse hole le bona.+   Ba fetohetse Jehova+Hobane ba tswaletswe bana ke basadi ba baditjhaba.* Ba tla fediswa ka kgwedi e le nngwe ha mmoho le masimo* a bona.   Letsang lenaka+ Gibea le terompeta Rama.+ Etsang modumo wa ntwa Bethe-avene,+ wena Benjamine etella pele.   Efraime, o tla ba ntho e tshosang mohlang o fumanang kotlo.+ Ke boleletse maloko a Iseraele se tla etsahala. 10  Dikgosana tsa Juda di bolotsana jwalo ka batho ba tjhetjhisang moedi.+ Ke tla ba halefela haholo jwalo ka ha eka ke qhalla metsi hodima bona. 11  Efraime o hateletswe, o silakantswe ka tokaHobane o ne a ikemiseditse ho sala dira tsa hae morao.+ 12  Ke ne ke le jwalo ka tshwele* ho Efraime,Ke tshwana le ntho e bodileng ho batho ba Juda. 13  Ha Efraime a bona bolwetse ba hae le Juda a bona seso sa hae,Efraime a ya Asiria+ mme a romela baromuwa ho morena e moholo. Empa morena eo ha a ka a kgona ho le fodisaKapa ho phekola seso sa lona. 14  Ke tla ba jwalo ka tawana ho Efraime,Ke be jwalo ka tau e matla ho batho ba Juda. Ke tla ba kgaola dikoto ebe ke a tsamaya.+Ke tla ba nka mme ha ho na ya tla ba pholosa.+ 15  Ke tla tsamaya ke kgutlele sebakeng sa ka ho fihlela ba fumana ditlamorao tsa molato wa bona. Ka nako eo, ba tla batla hore ke ba hauhele.*+ Ha ba le mathateng, ba tla batla thuso ya ka.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Ba kgelohang.”
Kapa: “kgalemela.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano; o ithekisitse.”
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “dikabelo.”
Ka Seheberu: “bara ba baditjhaba.”
Kapa: “mmoto.”
Ka Seheberu: “batla sefahleho sa ka.”