Hosea 6:1-11

  • Ba kgothaletswa ho kgutlela ho Jehova (1-3)

  • Lerato la batho le fela kapele (4-6)

    • Lerato le molemo ho feta sehlabelo (6)

  • Boitshwaro ba batho bo hlabisa dihlong (7-11)

6  “Tloong, re kgutleleng ho Jehova. O re kgaotse dikoto+ empa o tla re fodisa. O re otlile empa o tla tlamisa maqeba a rona.   O tla re fa matla ka mora matsatsi a mabedi. Letsatsing la boraro o tla re phahamisa. Re tla phela hape mme o tla re amohela.   Re tla tseba Jehova. Re tla leka ka hohle hore re mo tsebe. O tla tla ho rona jwalo ka ha letsatsi le tjhaba hoseng. A tle ho rona jwalo ka pula e tsholohangLe jwalo ka pula ya selemo e nosetsang lefatshe.”   “Ke etseng ka wena Efraime? Ke etseng ka wena Juda? Lerato la hao le tshwana le maru a hosengEbile le jwalo ka phoka e nyamelang kapele.   Ke ka lebaka leo ke tla ba otla ke sebedisa baprofeta.+ Ke tla ba bolaya ka mantswe a tswang molomong wa ka.+ Dikahlolo tseo ke tla ba fa tsona di tla kganya jwalo ka lesedi.+   Ke thabiswa ke lerato* eseng sehlabelo. Ke thabiswa ke ha batho ba tseba Modimo ho ena le dinyehelo tse feletseng tsa setjheso.+   Batho ba ka jwalo ka batho ba bang, ba fetohetse selekane seo ke se entseng le bona.+ Ba ntlhanohetse naheng ya bona.   Gileade ke motse wa batho ba kgopo,+Ke motse o tletseng dipolao.+   Sehlopha sa baprista se jwalo ka dikebekwa tse ipatileng hore di hlasele motho. Ba bolaya batho tseleng ya Shikeme.+ Boitshwaro ba bona bo hlabisa dihlong. 10  Ke bone ntho e tshosang setjhabeng sa Iseraele. Efraime e etsa botekatse.+Iseraele e itshilafaditse.+ 11  Juda, o behetswe nako ya kotulo,Ha ke tla be ke kgutlisa batlamuwa ba setjhaba sa ka.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa: “mohau.”