Hosea 7:1-16

  • Bokgopo ba Efraime bo a hlaloswa (1-16)

    • Ha ho na motho ya ka phonyohang letlowa la Modimo (12)

7  “Nako le nako ha ke fodisa Efraime,Phoso ya yona e a senoleha+Le bokgopo ba Samaria bo a senoleha.+ Ba bolotsana,+Ba utswetsa batho malapeng a bona ebile ba tshwara batho poho seterateng.+   Ha ba nahane hore ke tla hopola dintho tsohle tse mpe tseo ba di etsang.+ Ba tshwasitswe ke bokgopo ba bona. Ke bona dintho tsohle tseo ba di etsang.   Ba thabisa morena ka dintho tse mpe tseo ba di etsangEbile ba thabisa dikgosana ka mashano a bona.   Kaofela ha bona ba etsa bofebe,Ditakatso tsa bona di tuka jwalo ka onto e besitsweng ke motho ya bakang bohobe,Eo ho sa hlokahaleng hore a e beselletse ho tloha ha a ntse a duba hlama ho fihlela e betse.   Ka letsatsi la mokete wa morena wa rona, dikgosana di ile tsa kula. Di ile tsa halefa haholo ka mora ho nwa veine.+ Morena ke motswalle wa basomi.   Ba tla ho morena ka dipelo tse tukang jwalo ka onto.* Motho ya bakang bohobe o robala bosiu bohle. Empa hoseng onto e ntse e tuka jwalo ka lelakabe la mollo.   Kaofela ha bona ba tjhesa jwalo ka ontoEbile ba fedisa babusi* ba bona. Marena ohle a bona a wele.+ Ha ho le ya mong ho bona ya kopang thuso ho nna.+   Efraime o itswakanya le ditjhaba tse ding.+ Efraime o tshwana le dikuku tse bakuweng ka lehlakoreng le le leng feela.   Batho bao a sa ba tsebeng ba mo nketse matla+ empa ha a tsebe. Moriri wa hae o se o le moputswa empa ha a hlokomele. 10  Boikgohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o kgopo+Empa ha a kgutlela ho Jehova Modimo wa hae+Ebile ha a mo batla ho sa tsotellehe dintho tsena tsohle tse mo etsahaletseng. 11  Efraime o tshwana le leeba le se nang kelello, le seng bohlale.+ O kopile thuso ho Egepeta+ le ho Asiria.+ 12  Ke tla ba kwahela ka letlowa la ka hohle moo ba yang, Ke ba theole jwalo ka dinonyana. Ke tla ba kgalemela jwalo ka ha ke ba lemositse.+ 13  Ho madimabe bona hobane ba mpalehile. Ba tla fediswa hobane ba ntshitetswe. Ke ne ke ikemiseditse ho ba lopolla empa ba buile mashano ka nna.+ 14  Ha ba a ka ba nkopa thuso ho tswa pelong+Le hoja ba ne ba dula ba lla dibetheng tsa bona. Ba ne ba itsheha ba tshepile hore ba tla fumana koro le veine e ntjha. Ba ile ba mphetohela. 15  Le hoja ke ile ka ba kgalemela le ho ba matlafatsa,Ba fetohile dira tsa ka mme ba ntherela dintho tse mpe. 16  Ba fetohile empa ha ba a tla borapeding ba nnete. Ba ne ba sa tshepahale jwalo ka seqha se kgwehlang.+ Dikgosana tsa bona di tla bolawa ka sabole hobane di bua ka ho tella.Ka lebaka leo, ba tla tshehwa naheng ya Egepeta.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Dipelo tsa bona di jwalo ka onto ha ba tla ka maqheka a bona.”
Ka Seheberu: “baahlodi.”