Hosea 8:1-14

  • Ditlamorao tsa ho rapela medimo ya ditshwantsho (1-14)

    • Ba jala moya mme ba kotula sefefo (7)

    • Iseraele o lebetse Moetsi wa hae (14)

8  “Letsa lenaka.+ Ho na le sera se tlang jwalo ka ntsu ho tla hlasela batho* ba Jehova+Hobane ba fetohetse selekane sa ka+ ebile ba tlotse molao wa ka.+   Ba hweletsa ho nna ba re, ‘Modimo wa rona, rona Baiseraele re a o tseba.’+   Baiseraele ba lahlile se molemo.+ Sera se ke se ba lelekise.   Ba ipehetse marena ba sa mpotsa. Ba ikgethela dikgosana ke sa ba dumella. Ba iketseditse medimo ya ditshwantsho ka silevera le kgauta ya bona+Ka hoo, ba tla fediswa.+   Samaria, ke lahlile setshwantsho sa namane seo o neng o se rapela.+ Ke o halefetse haholo.+ O tla hloleha ho itlhwekisa ho fihlela neng?   Namane ena e tswa Iseraele. E entswe ke setsebi sa mosebetsi wa matsoho mme ha se Modimo. Namane ya Samaria e tla silakanngwa.   Ba etsa dintho tse mpe e leng se tshwanang le ho jala moya. Ba tla kotula moya wa sefefo.+ Ha ho na lehlaka le hlahisang koro e butswitseng.+ Ntho le ha e le e fe e melang ha e hlahise phofo. Haeba e e hlahisa, baditjhaba ba tla e fedisa.+   Baiseraele ba tla fediswa.+ Ba tla ba hara ditjhaba+Jwalo ka sejana se sa batlweng.   Ba ile Asiria+ jwalo ka tonki e hlaha e itsamaelang e le nngwe. Efraime o hirile matekatse.+ 10  Le hoja ba a hira hara ditjhaba,Ke tla ba phutha. Ba tla sotleha+ ka lebaka la morwalo oo ba o filweng ke morena le dikgosana. 11  Baefraime ba ekeditse dialetare e le hore ba etse sebe.+ Di fetohile dialetare tseo ba di sebedisetsang ho etsa sebe.+ 12  Ke ile ka ba ngolla melao* e mengataEmpa ba ile ba e nka e le ntho e sa tlwaelehang.+ 13  Ba nketsetsa dimpho tsa mahlabelo ebile ba ja namaEmpa nna Jehova ha ke a thabele.+ Ke tla hopola phoso ya bona mme ke ba fe kotlo ka lebaka la dibe tsa bona.+ Ba kgutletse* Egepeta.+ 14  Iseraele o lebetse Moetsi wa hae+ mme o hahile ditempele.+ Juda o ekeditse metse e sireleditsweng ka thata.+ Empa ke tla tlisa mollo metseng ya haeMme o tla tjhesa ditora tsa metse eo.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tempele.”
Kapa: “ditaelo.”
Kapa mohlomong: “Ba tla kgutlela.”