Hosea 9:1-17

  • Dibe tsa Efraime di etsa hore Modimo a mo lahle (1-17)

    • Ba inehetse ho modimo ya hlabisang dihlong (10)

9  “Le se ke la thaba lona Baiseraele.+Le se ke la thaba jwalo ka batho ba ditjhaba tse ding. Le tlohetse Modimo ka lebaka la ho etsa botekatse.*+ Le rata moputso wa botekatse oo le o fuwang seotlong* se seng le se seng sa koro.+   Empa seotlo le sehatelo sa veine di ke ke tsa ba fepa. Veine e ntjha e tla ba swetsa.+   Ba ke ke ba tswela pele ba dula naheng ya Jehova.+ Ho ena le hoo, Baefraime ba tla kgutlela EgepetaEbile ba tla ja dintho tse sa hlwekang Asiria.+   Ba ke ke ba hlola ba etsetsa Jehova mahlabelo a veine.+ Mahlabelo a bona a ke ke a mo kgahlisa.+ A tshwana le bohobe boo batho ba bo jang ha ba utlwile bohloko. Bohle ba bo jang ba tla itshilafatsa Hobane bohobe ba bona ke ba bona ba le bang. Bo ke ke ba tla ka tlung ya Jehova.   Le tla etsang ha nako ya hore le kopane e fihla,Ka letsatsi la mokete wa Jehova?   Ba tla baleha hobane sera se tla tla se tlo ba fedisa.+ Egepeta e tla ba bokella,+ Memfise e ba pate.+ Semela se meutlwa se tla hola se kwahele dintho tsa bona tsa bohlokwa tsa silevera. Dihlahla tse meutlwa di tla mela ka ditenteng tsa bona.   Matsatsi a hore ba fuwe kotlo a tla tla+Le matsatsi a hore Modimo a iphetetse a tla tla. Iseraele e tla tseba seo. Moprofeta wa bona e tla ba sethoto mme motho ya ipolelang hore o bua ditaba tse tswang ho Modimo, o tla fetoha lehlanya. Ka ha phoso ya hao e kgolo, le batho ba o hloileng ba bangata.”   Molebedi+ wa Efraime o ne a ena le Modimo wa ka.+ Empa ditsela tsohle tsa baprofeta+ ba hae di tshwana le maraba a motho ya tshwasang dinonyana. Ho tletse lehloyo ka tlung ya Modimo wa hae.   Ba etsa dintho tse tlo etsa hore ba fediswe jwalo ka mehleng ya Gibea.+ O tla hopola phoso ya bona, a ba otlele dibe tsa bona.+ 10  “Ha ke ne ke fumana Baiseraele,+ ba ne ba tshwana le morara lefeelleng. Ke ile ka bona baholoholo ba bona ba tshwana le difeie* tse butswang pele sefateng sa difeie. Empa jwale ba ile ba ya ho Baale wa Peore.+ Ba inehetse nthong e hlabisang dihlong.*+ Ba ile ba nyonyeha jwalo ka ntho eo ba e ratang. 11  Kganya ya Efraime e fofa jwalo ka nonyana. Ha ho na mosadi ya emolang, ya imang kapa ya bang le ngwana.+ 12  Le ha ba ka hodisa bana,Ke tla ba amoha bona ho fihlela ho se na le ya mong ya setseng.+ Ba tla ba mahlomoleng ha ke ba furalla.+ 13  Efraime o ne a jetswe lekgulong, ho nna a tshwana le Tire.+ Empa jwale o tlameha ho tlisa bana ba hae hore ba tlo bolawa.” 14  Jehova, o ba fe se ba tshwanelang. O ba fe popelo e senyehelwang le matswele a se nang lebese.* 15  “Ba entse dintho tsohle tse kgopo Gilgale+ e leng hona moo ke qadileng ho ba hloya. Ke tla ba leleka ntlong ya ka ka lebaka la diketso tsa bona tse mpe.+ Nke ke ka hlola ke ba rata.+ Dikgosana tsohle tsa bona di manganga. 16  Baefraime ba tla bolawa.+ Motso wa bona o tla omella ebile ba ke ke ba beha ditholwana. Le ha ba ka beleha, ke tla bolaya bana ba bona bao ba ba ratang.” 17  Modimo wa ka o tla ba lahlaHobane ha ba a mo mamela.+ E tla ba babalehi ditjhabeng tse ding.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.
Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “difeiga.”
Kapa: “ho modimo ya hlabisang dihlong.”
Kapa: “a omeletseng.”