Jeremia 1:1-19

  • Jeremia o kgethwa hore e be moprofeta (1-10)

  • Pono ya sefate sa almonde (11, 12)

  • Pono ya pitsa e belang (13-16)

  • Jeremia o matlafatswa bakeng sa mosebetsi wa hae (17-19)

1  Ana ke mantswe a Jeremia* mora wa Hilkia, e mong wa baprista ba neng ba le Anathothe+ naheng ya Benjamine:  Jehova o ile a bua le nna mehleng ya Josiase+ mora wa Amone,+ morena wa Juda, ka selemo sa bo13 sa puso ya Josiase.  A boela a bua le nna mehleng ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, ho fihlela qetellong ya selemo sa bo11 sa puso ya Tsedekia+ mora wa Josiase, morena wa Juda, ho fihlela Jerusalema e haptjwa ka kgwedi ya bohlano.+  Jehova a re ho nna:   “Ke o tsebile* le pele o eba teng,+Ka o halaletsa* pele o hlaha.*+Ke o entse moprofeta ho ditjhaba.”   Empa ka re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle,Ha ke tsebe ho bua+ hobane ke sa le moshanyana.”*+   Yaba Jehova o re ho nna: “O se ke wa re: ‘Ke sa le moshanyana.’O lokela ho ya ho bohle bao ke o romang ho bona,O bue ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang yona.+   Nna Jehova, ke re o se ke wa ba tshaba+Ka ha ‘ke na le wena ho o pholosa.’”+  Jehova a otlolla letsoho la hae mme a thetsa molomo wa ka.+ Yaba Jehova o re ho nna: “Ke behile mantswe a ka molomong wa hao.*+ 10  Letsatsing lena, ke o behile hore o okamele ditjhaba le mebuso, o fothole le ho heletsa, o qhaqhe le ho fedisa, o hahe le ho hloma.”+ 11  Jehova a boela a re ho nna: “O bonang Jeremia?” Ka re: “Ke bona lekala la sefate sa almonde.”* 12  Jehova a re ho nna: “O bone hantle, etswe ke fadimehile ebile ke malalaalaotswe ho phetha lentswe la ka.” 13  Jehova a re ho nna ka lekgetlo la bobedi: “O bonang?” Ka hoo ka re: “Ke bona pitsa* e belang mme molomo wa yona o sekame o furaletse leboya.” 14  Yaba Jehova o re ho nna: “Tlokotsi e tla hlaha e tswa leboya,E hlahele baahi bohle ba naha.+ 15  Jehova o re: ‘Ke laela malapa ohle a mebuso ya leboya hore a tle.+ Le leng le le leng le tla beha terone ya lonaDikeiting tsa Jerusalema,+Marakong a yona ho e potolohaLe metseng yohle ya Juda.+ 16  Ke tla phatlalatsa dikahlolo tsa ka ho batho ba ka ka lebaka la bokgopo bohle ba bonaHobane ba ntahlile,+Ba etsetsa medimo e meng mahlabelo*+Ebile ba inamela medimo eo ba e entseng ka matsoho a bona.’+ 17  Empa o lokela ho itokisetsa ho nka kgato,*O eme mme o ba bolelle ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang yona. O se ke wa ba tshaba+E le hore ke se ke ka etsa hore o ba tshabe le ho feta. 18  Etswe kajeno ke o entse motse o sireleditsweng ka thata,Pilara ya tshepe le marako a koporo e le hore o ka ema o tiile ka pela naha yohle,+Marena a Juda le dikgosana tsa yona,Baprista ba yona le batho ba naha.+ 19  Ba tla fela ba o lwantsheEmpa ba ke ke ba o hlolaHobane ‘ke na le wena+ ho o pholosa,’ ke Jehova ya tjhong.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Mohlomong le bolela “Jehova o a Phahamisa.”
Kapa: “kgethile.”
Ka Seheberu: “pele o tswa ka popelong.”
Kapa: “qolla.”
Kapa: “motjha.”
Kapa: “Ke o boleletse hore na o reng.”
Ka Seheberu: “ya tsohileng.”
Kapa: “pitsa e kgolo.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “itlama letheka.”