Jeremia 11:1-23

  • Juda ha e tshepahalle selekane sa yona le Modimo (1-17)

    • “Medimo ya hao e mengata jwalo ka metse ya hao” (13)

  • Jeremia o tshwantshwa le konyana e tlo hlajwa (18-20)

  • Batho ba habo Jeremia ba a mo hanyetsa (18-20)

11  Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia:  “Batho bohle ba ke ba utlwe mantswe a selekane sena. O* a bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema.  O re ho bona: ‘Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Ho rohakwe motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena,+  ao ke a laetseng baholoholo ba lona mohla ke ba ntshang Egepeta,+ seboping sa mollo o qhibidihisang tshepe.+ Ke ile ka re: ‘Mamelang lentswe la ka, le etse dintho tsohle tseo ke le laelang tsona. Le tla ba setjhaba sa ka mme ke tla ba Modimo wa lona+  e le hore nka phetha kano eo ke e hlapanyeditseng baholoholo ba lona, ya ho ba fa naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Kano eo e ntse e sebetsa le letsatsing lena.’”’” Yaba ke re: “Amen,* Jehova.”  Yaba Jehova o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana ohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema o re: ‘Utlwang mantswe a selekane sena mme le a phethe.  Etswe ke buile le baholoholo ba lona ka thata mohla ke neng ke ba ntsha Egepeta ka re: “Mamelang lentswe la ka.” Ke fane ka keletso ena ka makgetlo* ho fihlela letsatsing lena.+  Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe. Ho ena le hoo, kaofela ha bona ba ne ba le manganga mme ba nna ba latela dipelo tsa bona tse kgopo.+ Ka hoo, ka ba fa kotlo ho ya ka mantswe ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe yaba ba hana ho a phetha.’”  Yaba Jehova o re ho nna: “Ho na le mmommori hara batho ba Juda le baahi ba Jerusalema. 10  Ba kgutletse diphosong tsa kgale tsa baholoholo ba bona ba hanneng ho mamela mantswe a ka.+ Le bona ba latetse medimo e meng mme ba e sebeletsa.+ Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ha ba a tshepahalla selekane sa ka seo ke se entseng le baholoholo ba bona.+ 11  Ka hona, Jehova o re: ‘Ke ba tlisetsa tlokotsi+ eo ba ke keng ba kgona ho e baleha. Ha ba nkgweletsa ho kopa thuso, nke ke ka ba mamela.+ 12  Batho ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ho medimo eo ba e etsetsang mahlabelo* ho e kopa thuso+ empa e ke ke ya ba pholosa ho hang nakong eo ba welwang ke tlokotsi. 13  Etswe medimo ya hao e mengata jwalo ka metse ya hao, wena Juda. O entse dialetare mme hodima tsona o etsa mahlabelo bakeng sa Baale, modimo ya hlabisang dihlong. Dialetare tseo di ngata jwalo ka diterata tsa Jerusalema.’+ 14  Ha e le wena,* o se ke wa rapella setjhaba sena. O se ke wa hweletsa ho se kopela thuso kapa wa se rapella+ hobane ke tla be ke sa mamela ha se nkgweletsa nakong eo se leng tlokotsing. 15  Batho ba ka bao ke ba ratang ba na le tokelo efe ya ho ba ka tlung ya ka,Ha bongata ba bona bo phethile merero e kgopo? Na ba tla sebedisa nama e halalelang* ho etsa hore tlokotsi e suthele hole nakong eo e o* tlelang? Na o tla thaba ka nako eo? 16  Jehova o kile a o bitsa sefate sa mohlwaare se atlehileng haholo,Se setle se bileng se nang le ditholwana tse ntle. Empa ha eba le lerata le leholo mme a o tjhesa ka mollo. Ba robile makala a hao. 17  Jehova wa mabotho ya o lemmeng,+ o phatlaladitse hore tlokotsi e tla o tlela ka lebaka la bokgopo bo entsweng ke ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntshitetsweng ka ho etsetsa Baale mahlabelo.”+ 18  Jehova, o mpoleletse e le hore ke tsebe. Ka nako eo, o entse hore ke bone hore na ba ntse ba etsang. 19  Ke ne ke le jwalo ka konyana e bonolo e tlo hlajwa. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile ba ntse ba re:+ “A re senyeng sefate le ditholwana tsa sona,Re mo bolayeE le hore lebitso la hae le se ke la hlola le hopolwa.” 20  Empa Jehova wa mabotho o ahlola ka toka. O hlahloba menahano e tebileng* le pelo.+ Ere ke bone ha o iphetetsa ho bonaEtswe ke siile nyewe ya ka matsohong a hao. 21  Ka hona, Jehova o re ka batho ba Anathothe+ ba batlang ho o bolaya le ba reng: “O se ke wa profeta ka lebitso la Jehova,+ ho seng jwalo re tla o bolaya ka matsoho a rona,” 22  Jehova wa mabotho o re: “Ke tlo ba ahlola. Bara le baradi ba bona ba tla bolawa ke tlala.+ Bahlankana ba tla bolawa ka sabole.+ 23  Ho ke ke ha eba le ba setseng hara bona hobane ke tla tlisetsa batho ba Anathothe+ tlokotsi ka selemo sa ho ahlolwa ha bona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho bonahala hore mona ho ne ho buuwa le Jeremia.
Kapa: “Ha ho be jwalo.”
Ka Seheberu: “Ke tsoha hoseng ke eletsa.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
E leng Jeremia.
E leng mahlabelo a etsetswang tempeleng.
E leng Juda.
Ka Seheberu: “diphio.”