Jeremia 12:1-17

  • Jeremia o a ipelaetsa (1-4)

  • Jehova o a araba (5-17)

12  Jehova,+ o Modimo ya lokileng. Ha ke ipelaetsa ho wena,Le ha ke bua ka dikahlolo tsa hao, o sebetsa dintho ka toka. Empa ke hobaneng ha batho ba kgopo ba atleha?+ Ke hobaneng ha balotsana ba sa tshwenyehe?   O ba hlomme mme ba metse ka metso. Ba hodile mme ba hlahisitse ditholwana. O melomong ya bona empa dipelo* tsa bona di hole le wena.+   Empa Jehova,+ o ntseba hantle, wa mpona. O hlahlobile pelo ya ka mme wa e fumana e o tshepahalla.+ Ba qolle jwalo ka dinku tse lokelang ho hlajwa. O ba behelle ka thoko bakeng sa letsatsi la polao.   Naha e tla otlwa ke komello ho fihlela nengLe dimela tsa masimo ohle di pone ho fihlela neng?+ Diphoofolo le dinonyana di shweleKa lebaka la bokgopo ba batho ba dulang ho yona. Ba itse: “Ha a bone hore na ho tla etsahalang ka rona.”   Haeba o* kgathala ha o matha le batho,O tla kgona jwang ho matha le dipere?+ O ka ikutlwa o sireletsehile naheng e nang le kgotsoEmpa o tla etsang ha o le hara mefero e teteaneng ya Jordane?   Esita le bana beno, ba ntlo ya ntate wa haoBa o etseditse bolotsana.+ Ba o rohakile. O se ke wa ba tshepaEsita le ha ba o bolella dintho tse monate.   Ke siile ntlo ya ka,+ ke tlohetse lefa la ka.+ Ke nehelane ka batho ba ka bao ke ba ratang letsohong la dira tsa bona.+   Ke lefa la ka empa ba fetohile tau e morung. Ba nkgarumetse. Ka hoo, ke se ke ba hloile.   Ke bona lefa la ka le tshwana le nonyana e mebalabala* e jang nama. Dinonyana tse ding tse jang nama di a le potapota le ho le hlasela.+ Tloong, bokanang, lona dibata tsohle tsa naha,Tloong le je.+ 10  Badisa ba bangata ba sentse serapa sa ka sa morara.+ Ba hataketse karolo ya ka ya naha.+ Ba fetotse karolo e ntle ya naha ya ka sebaka se se nang letho. 11  E senyehile. E omeletse.* E fetohile sebaka se se nang letho ka pela ka.+ Naha yohle e senyehileEmpa ha ho na motho ya tsotellang.+ 12  Batho ba senyang ba tlile ka ditsela tsohle tse tsamauwang haholo lefeellengHobane sabole ya Jehova e fedisa batho ba naha ena yohle.+ Ha ho na kgotso bakeng sa mang kapa mang.* 13  Ba jetse koro empa ba kotutse meutlwa.+ Ba sebeditse hore ba be ba kgathale empa ha ba a fumana molemo wa letho. Ba tla swabela dijalo tsa bonaKa lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.” 14  Jehova o re: “Baahisani bohle ba ka ba kgopo, ba hlaselang naha eo ke entseng hore setjhaba sa ka sa Iseraele se dule ho yona,+ ke ba fothola naheng ya bona+ mme ke tla fothola ba ntlo ya Juda hara bona. 15  Empa ka mora hore ke ba fothole, ke tla boela ke ba hauhele mme ke kgutlisetse e mong le e mong wa bona lefeng la hae ha mmoho le tshimong ya hae.” 16  “Haeba ba etsa bonnete ba hore ba ithuta ditsela tsa setjhaba sa ka le ho hlapanya ka lebitso la ka ba re: ‘Ka Jehova ya phelang!’ feela jwalo ka ha ba rutile setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, jwale ba tla balellwa hara setjhaba sa ka. 17  Empa haeba ba hana ho mamela, le nna ke tla fothola setjhaba seo, ke se fothole le ho se fedisa,” ke Jehova ya tjhong.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “diphio,” e leng menahano le maikutlo a bona.
Ho bonahala eka mona Modimo o bua le Jeremia.
Kapa: “e mathebatheba.”
Kapa mohlomong: “E a lla.”
Ka Seheberu: “nama le ha e le efe.”