Jeremia 13:1-27

  • Lebanta la line le senyehileng (1-11)

  • Dinkgo tsa veine di tla pshatlwa (12-14)

  • Bajuda ba hanang ho mamela ba tla iswa botlamuweng (15-27)

    • “Na Mokushe a ka fetola letlalo la hae?” (23)

13  Jehova o itse ho nna: “Tsamaya, o ithekele lebanta la line mme o le tlame thekeng empa o se ke wa le kenya ka metsing.”  Ka hoo, ka reka lebanta jwalo ka ha Jehova a ne a ntaetse yaba ke le tlama thekeng.  Jehova a boela a re ho nna:  “Nka lebanta leo o le rekileng, le thekeng la hao, o tlohe o ye Eufrate mme o le pate lepatsong la lefika.”  Ka hoo, ka ya mme ka le pata Eufrate feela jwalo ka ha Jehova a ntaetse.  Empa ka mora matsatsi a mangata Jehova a re ho nna: “Tsamaya o ye Eufrate, o yo nka lebanta leo ke o laetseng hore o le pate.”  Ka hoo, ka ya Eufrate. Ka tsetolla lebanta moo ke neng ke le patile teng. Ka fumana le senyehile le se na thuso ho hang.  Jwale Jehova a re ho nna:  “Jehova o re: ‘Boikgohomoso ba Juda le boikgohomoso bo bongata ba Jerusalema bo tla tshwana le lebanta lena.+ 10  Batho bana ba kgopo ba hanang ho mamela mantswe a ka,+ bao ka manganga ba latelang dipelo tsa bona+ le ba latelang medimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela, ba tla ba feela jwalo ka lebanta lena le se nang thuso ho hang. 11  Etswe feela jwalo ka ha lebanta le itshwarella thekeng la motho, ke entse hore bohle ba ntlo ya Iseraele le bohle ba ntlo ya Juda ba itshwarelle ka nna e le hore e be setjhaba sa ka,+ botumo ba ka,+ thoriso ya ka le hore ba ntlhomphe. Empa ha ba a ka ba mamela,’ ke Jehova ya tjhong.+ 12  O boele o ba fe molaetsa ona: ‘Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Nkgo e nngwe le e nngwe e kgolo e lokela ho tlatswa veine.”’ Ba tla re: ‘Re se re ntse re tseba hore nkgo e nngwe le e nngwe e kgolo e lokela ho tlatswa veine.’ 13  Ebe o re ho bona: ‘Jehova o re: “Ke fa baahi bohle ba naha ena, marena a dutseng teroneng ya Davida, baprista le baprofeta le baahi bohle ba Jerusalema veine e ngata ho fihlela ba tahwa.+ 14  Ke tla ba thulanya, ke etse ntho e tshwanang ho bo ntate le bara,” ke Jehova ya tjhong.+ “Nke ke ka ba qenehela, ka sarelwa kapa ka ba hauhela. Ha ho na letho le tla nthibela ho ba fedisa.”’+ 15  Thehang tsebe le mamele. Le se ke la ikgohomosa etswe ke Jehova ya buileng. 16  Rorisang Jehova Modimo wa lonaPele a etsa hore ho be lefifiLe pele maoto a lona a kgoptjwa dithabeng ka shwalane. Le tla lebella lesediEmpa o tla etsa moriti o lefifi,O tla etsa hore lesedi le fetohe lefifi le letsho.+ 17  Haeba le hana ho mamela,Ke tla llela lekunutung ka lebaka la boikgohomoso ba lona. Ke tla ntsha dikeledi, mahlo a ka a tla keleketla meokgo+Hobane mohlape wa Jehova+ o hapuwe. 18  E re ho morena le ho mme wa morena:*+ ‘Dulang sebakeng se tlaseKa ha korone ya lona e ntle e tla theoha dihloohong tsa lona.’ 19  Dikeiti tsa metse ya borwa di kwetswe,* ha ho ya di bulang. Batho bohle ba Juda ba hapuwe, ba hapuwe kaofela.+ 20  Jerusalema, phahamisa mahlo mme o bone ba tswang leboya.+ O kae mohlape oo o o filweng, dinku tsa hao tse ntle di kae?+ 21  O tla reng ha o fuwa kotloKe batho bao esale o nka e le metswalle ya hao ya sebele?+ Na o ke ke wa otlwa ke mahlaba a kang a mosadi ya pepang?+ 22  Ha o re ka pelong: ‘Ke hobaneng ha ke hlahetswe ke dintho tsee?’+Ke ka lebaka la phoso ya hao e kgolo o hlobodisitsweng mose+Le direthe tsa hao di utlwileng bohloko haholo. 23  Na Mokushe* a ka fetola letlalo la hae kapa lengau la fetola maroboko a lona?+ Haeba ho jwalo, le lona le ka etsa dintho tse lokileng,Lona batho ba rutilweng ho etsa bobe. 24  Ka hoo, ke tla le hasanya jwalo ka mmoko o fefolwang ke moya wa lehwatata.+ 25  Ena ke ntho e tla o* etsahalla, eo ke o abetseng yonaHobane o ntebetse+ mme o tshepile leshano,”+ ke Jehova ya tjhong. 26  Ka hoo, ke tla phahamisa mose wa hao o o kwahele sefahlehomme dihlong tsa hao di tla ba powaneng.+ 27  Bofebe ba hao+ le sello sa hao se kang sa pere e palesitsengHa mmoho le botekatse ba hao bo swabisang, di tla ba powaneng. Maralleng le hara nahaKe bone boitshwaro ba hao bo nyontshang.+ O madimabe, wena Jerusalema. O tla dula o sa hlweka ho fihlela neng?”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mofumahadi.”
Kapa: “di etseditswe thibella.”
Kapa: “Moethiopia.”
Ho buuwa le Jerusalema.