Jeremia 16:1-21

  • Jeremia o laelwa hore a se ke a nyala, a lla kapa a ya moketeng (1-9)

  • Ba tla fuwa kotlo ebe ba kgutlisetswa naheng ya habo bona (10-21)

16  Jehova a boela a re ho nna:  “O se ke wa nyala mosadi mme o se ke wa ba le bara le baradi naheng ena.  Etswe Jehova o re ka bara le baradi ba hlahetseng naheng ena le ka bomme ba bona le bontate ba bona:  ‘Ba tla bolawa ke mafu+ empa ha ho na motho ya tla utlwa bohloko hobane ba shwele kapa a ba pate. Ba tla ba jwalo ka moitedi hodima lefatshe.+ Ba tla fediswa ka sabole le tlala+ mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana le tsa dibata.’   Jehova o re: ‘O se ke wa kena ka tlung ya ba llang,O se ke wa ya lla kapa wa fana ka matshediso.+ Ke tlositse kgotso ya ka bathong banaHa mmoho le lerato la ka le mohau,’ ke Jehova ya tjhong.+   ‘Ba baholo le ba banyenyane ba tla shwa naheng ena. Ba ke ke ba patwa,Ha ho na motho ya tla ba llelaEbile ha ho ya tla itsheha kapa a ipeole bakeng sa bona.*   Ha ho na motho ya tla fa ba llang dijoE le ho ba tshedisa hobane ba shwetswe. Ha ho ya tla ba fa kopi ya matshedisoHore ba se ke ba nwa ka lebaka la ho lahlehelwa ke ntate kapa mme.   O se ke wa kena ka tlung ya moketeHo dula le bona hore o je o nwe.’  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Mehleng ya lona, ke tla fedisa modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa naheng ena ka pela mahlo a lona.’+ 10  Etlare ha o bolella setjhaba sena mantswe ana ohle, se tla re ho wena: ‘Ke hobaneng ha Jehova a buile ka tlokotsi e kaalekaale e tla re wela? Ke phoso efe le sebe sefe seo re sitetsweng Jehova Modimo wa rona ka sona?’+ 11  O re ho sona: ‘Jehova o re: “Ke hobane bontate ba lona ba ntahlile+ mme ba nnile ba latela medimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela.+ Empa nna ba ntahlile le molao wa ka ha ba a o boloka.+ 12  Le entse hampe ho feta baholoholo ba lona,+ e mong le e mong ka manganga o latela pelo ya hae e mpe ho ena le ho mmamela.+ 13  Ka hoo, ke tla le ntsha naheng ena ke le lahlele naheng eo lona ha mmoho le baholoholo ba lona le sa kang la e tseba.+ Le tla sebeletsa medimo e meng moo bosiu le motshehare+ hobane nke ke ka le hauhela.”’ 14  Jehova o re: ‘Le ha ho le jwalo, matsatsi a tla, ao ka ona ba ke keng ba hlola ba re: “Re ikana ka Jehova ya phelang ya ntshitseng batho ba Iseraele naheng ya Egepeta”+ 15  empa ba tla re: “Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng bana ba Iseraele naheng e ka leboya le dinaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyeditse ho tsona!” Ke tla ba kgutlisetsa naheng ya bona eo ke e fileng baholoholo ba bona.’+ 16  Jehova o re: ‘Ke bitsa batshwasi ba bangata ba ditlhapi,Batshwasi bao ba tla ba tshwasa. Ka mora moo, ke tla bitsa ditsomi tse ngata,Di tla ba tsoma thabeng e nngwe le e nngweLe leralleng le leng le le leng le mapatsong a mafika. 17  Etswe mahlo a ka a shebile dintho tsohle tseo ba di etsang.* Ba ke ke ba ipata moo nke keng ka ba bonaEbile ba ke ke ba mpatela diphoso tsa bona. 18  Pele ho tsohle, ke tla ba fa moputso o feletseng wa diphoso le dibe tsa bona+Ka ha ba silafaditse naha ya ka ka ditshwantsho tsa bona tse sa pheleng* tse nyonyehangmme ba tlatsitse lefa la ka ka dintho tsa bona tse nyonyehang.’”+ 19  Jehova, matla a ka le setshabelo sa ka,Sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+Ditjhaba di tla tla ho wena di tswa dikgutlong tsa lefatshe. Di tla re: “Baholoholo ba rona ba jele lefa la ho rapela medimo ya bohata,*Lefeela le dintho tse se nang thuso.”+ 20  Na motho a ka iketsetsa medimo? Eo a e etsang e tla be e se medimo ya nnete.+ 21  “Jwale ke tla etsa hore ba tsebe,Ka nako eo ke tla etsa hore ba tsebe matla a ka le bonatla ba ka,Ba tla tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Dintho tseo bahetene ba neng ba di etsa ha ba hlokahalletswe, tseo ho bonahalang hore di ne di etswa ke Baiseraele ba bakwenehi.
Ka Seheberu: “ditsela tsa bona.”
Ka Seheberu: “ditopo tsa ditshwantsho tsa bona.”
Kapa: “lefa la leshano.”