Jeremia 17:1-27

  • Sebe sa Juda se ngotswe fatshe ka pene ya tshepe (1-4)

  • Ditlhohonolofatso tsa ho tshepa Jehova (5-8)

  • Pelo e bolotsana (9-11)

  • Jehova, tshepo ya Iseraele (12, 13)

  • Thapelo ya Jeremia (14-18)

  • Le boloke letsatsi la Sabatha le halalela (19-27)

17  “Sebe sa Juda se ngotswe fatshe ka pene ya tshepe. Se ngotswe ka motsu wa taemane dipelong tsa bonaLe manakeng a dialetare tsa bona.   Le bara ba bona ba hopola dialetare tsena le dipalo tse halalelang*+Tse pela sefate se behang haholo, hodima maralla a phahameng,+   Hodima dithaba tse naheng. Ke tla nehelana ka maruo a hao le matlotlo ohle a hao hore a hapuwe,+Ke nehelane ka dintho tse dibakeng tsa hao tse phahameng ka lebaka la sebe dibakeng tsohle tsa hao.+   Ka ho rata, o tla lahla lefa la hao leo ke o fileng lona.+ Hape ke tla etsa hore o sebeletse dira tsa hao naheng eo o sa e tsebeng+Hobane o hoteditse bohale ba ka jwalo ka mollo.*+ Mollo oo o tla tuka ka ho sa feleng.”   Jehova o re: “Ho rohakwe motho* ya tshepang batho,+Ya tshepang matla a motho*+Le eo pelo ya hae e furallang Jehova.   O tla ba jwalo ka sefate se emeng se le seng lehwatateng. A ke ke a bona dintho tse molemoEmpa o tla dula dibakeng tse omeletseng lefeelleng,Naheng e letswai moo ho se nang motho ya ka dulang.   Ho hlohonolofatswe motho* ya tshepang Jehova,Eo tshepo ya hae e leng ho Jehova.+   O tla ba jwalo ka sefate se lenngweng haufi le metsi,Seo metso ya sona e namelang molapong. A ke ke a utlwa motjheso ha ho tjhesa haholo,Ho ena le hoo, makgasi a hae a tla dula a le matle.+ Selemong sa komello a ke ke a tshwenyehaKapa a kgaotsa ho beha ditholwana.   Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe ebile e tsitlella seo e se batlang.*+ Ke mang ya ka e tsebang? 10  Nna Jehova, ke hlahloba pelo,+Ke phenya menahano e tebileng*E le hore ke fe e mong le e mong ho ya ka ditsela tsa hae,Ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.+ 11  Motho ya fumanang maruo ka bolotsana*O jwalo ka kgwale e fuwamang mahe ao e sa a behelang.+ Ka mora nako maruo ao a tla mo siya,Qetellong ho tla hlaka hore ha a na kelello.” 12  Terone e kganyang eo esale e phahamisitswe ho tloha qalong,Ke sehalalelo sa rona.+ 13  Jehova, tshepo ya Iseraele,Bohle ba o furallang ba tla hlajwa ke dihlong. Ba o kwenehelang* ba tla nyamela jwalo ka mongolo o mobung+Hobane ba furaletse Jehova, mohlodi wa metsi a bophelo.+ 14  Mphodise, Jehova mme ke tla fola. Mpholose mme ke tla pholoha+Ka ha ke wena eo ke mo rorisang. 15  Ho na le ba reng ho nna: “Ke hobaneng ha mantswe a Jehova a eso phethahale?+ A ke a phethahale hle!” 16  Empa ha e le nna, ha ke a ka ka tlohela ho o sala morao jwalo ka modisaEbile ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la koduwa. O tseba hantle dintho tsohle tseo molomo wa ka o di buileng,Kaofela di etsahetse ka pela sefahleho sa hao. 17  O se ke wa etsa hore ke tshohe. O setshabelo sa ka letsatsing la tlokotsi. 18  Bahlorisi ba ka ba ke ba swabe+Empa o se ke wa dumella hore ke swabe. E se eka ba ka tshohaEmpa o se ke wa dumella hore ke tshohe. Ba tlisetse letsatsi la tlokotsi,+O ba timetse le ho ba fedisa kaofela.* 19  Jehova o ile a re ho nna: “Eya mme o eme keiting ya bara ba setjhaba eo marena a Juda a kenang le ho tswa ka yona le dikeiting tsohle tsa Jerusalema.+ 20  O re ho bona: ‘Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda, batho bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema ba kenang ka dikeiti tsena. 21  Jehova o re: “Itebeleng mme le se ke la jara thoto le ha e le efe kapa la e kenya ka dikeiti tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+ 22  Le se ke la ntsha thoto le ha e le efe malapeng a lona ka letsatsi la Sabatha mme ho hang le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe.+ Le boloke letsatsi la Sabatha le halalela feela jwalo ka ha ke laetse baholoholo ba lona.+ 23  Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe mme ka manganga ba ile ba hana ho mamela* ha ba kgalemelwa.”’+ 24  Jehova o boetse o re: ‘Haeba le mmamela ka hloko, le sa kenye thoto le ha e le efe ka dikeiti tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha mme le boloka letsatsi la Sabatha le halalela ka ho se etse mosebetsi le ha e le ofe letsatsing leo+ 25  jwale marena le dikgosana tse dulang teroneng ya Davida+ di tla kena le dikeiting tsa motse ona. Marena le dikgosana tsa ona, banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba tla kena ba palame dikariki le dipere+ mme motse ona o tla dula o ena le baahi ka ho sa feleng. 26  Batho ba tla tla ba tswa metseng ya Juda, ba tswa dibakeng tse potolohileng Jerusalema, ba tswa naheng ya Benjamine,+ ba tswa mabalane,+ ba tswa dibakeng tse dithaba le Negebe.* Ba tla tlisa dinyehelo tsa setjheso,+ mahlabelo,+ dinyehelo tsa dijo,*+ dibano tse tshweu le mahlabelo a diteboho ka tlung ya Jehova.+ 27  Empa haeba le sa mmamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela mme le jara dithoto le ho kena ka tsona dikeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa dikeiti tsa yona ka mollo. Ruri mollo o tla tjhesa ditora tsa Jerusalema tse tiileng+ mme o ke ke wa tima.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “o hoteditswe jwalo ka mollo bohaleng ba ka.”
Kapa: “monna ya matla.”
Ka Seheberu: “Ya etsang nama letsoho la hae.”
Kapa: “monna ya matla.”
Kapa mohlomong: “e ke ke ya phekolwa.”
Ka Seheberu: “diphio.”
Kapa: “ka ho hloka toka.”
Ka Seheberu: “Ba nkwenehelang.” Ekare ya kwenehelwang ke Jehova.
Kapa: “ba fedise ka tshenyo e fetang eo habedi.”
Ka Seheberu: “ba satalatsa melala ya bona.”
Kapa: “borwa.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.