Jeremia 18:1-23

  • Letsopa matsohong a sebopi (1-12)

  • Jehova o furalla Iseraele (13-17)

  • Ba rerela Jeremia bobe, o kopa thuso (18-23)

18  Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia:  “Ema, o theohele ntlong ya sebopi+ mme ke tla o bolella mantswe a ka moo.”  Ka hoo, ka theohela ntlong ya sebopi mme se ne se bopela hodima mabidi.  Empa sejana seo sebopi se neng se se etsa ka letsopa se ile sa senyeha ka letsohong la sona. Yaba sebopi se bopa letsopa leo, se etsa sejana se seng ka tsela eo se batlang.*  Jehova a re ho nna:  “‘Na nka hloleha ho etsa ka lona ka moo sebopi se entseng ka letsopa, lona ba ntlo ya Iseraele?’ ke Jehova ya tjhong. ‘Bonang! Jwalo ka letsopa letsohong la sebopi, le lona le jwalo letsohong la ka, lona ba ntlo ya Iseraele.+  Neng kapa neng ha nka bua ka ho fothola, ho diha le ho senya setjhaba kapa mmuso+  ebe setjhaba seo se tlohela bokgopo ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo ke neng ke rerile ho se tlisetsa yona.+  Empa neng le neng ha ke bua ka ho haha le ho hloma setjhaba kapa mmuso 10  ebe se etsa dintho tse fosahetseng mahlong a ka mme ha se mmamele, ke tla fetola maikutlo* ka molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona.’ 11  “Ke kopa o re ho banna ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: ‘Jehova o re: “Ke ntse ke hlophisa* tlokotsi le ho nahana hore na ke tla le fa kotlo e jwang. Ke kopa le furalle ditsela tsa lona tse mpe mme le lokise ditsela tsa lona le ditlwaelo tsa lona.”’”+ 12  Empa ba re: “Ha ho na thuso.+ Re tla latela menahano ya rona mme e mong le e mong ka manganga o tla latela pelo ya hae e mpe.”+ 13  Ka hona Jehova o re: “Ka kopo, ipotsetseng hara ditjhaba. Ke mang ya utlwileng ntho e kang ee? Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo.+ 14  Na lehlwa la dithaba tsa Lebanone le a qhibidiha mafikeng a tsona? Kapa na metsi a phodileng a phallang a hlaha hole a ka psha? 15  Empa batho ba ka ba ntebetse.+ Ba etsetsa ditshwantsho tse se nang thuso mahlabelo*+Ebile ba kgeloha ditsela tsa bona, ditsela tsa kgale+Hore ba tsamaye ditseleng tse ka thoko tse sa batallang le tse tletseng makukuno* 16  E le ho etsa hore naha ya bona e be ntho e tshosang+Le e letsetswang molodi ho ya ho ile.+ E mong le e mong ya fetang pela yona o tla sheba a tshohile mme a sisinye hlooho.+ 17  Ke tla ba hasanya ka pela sera jwalo ka ha moya wa botjhabela o hasanya. Ke tla ba furalla, ke ba patele sefahleho sa ka,* ka letsatsi la koduwa ya bona.”+ 18  Yaba ba re: “Tloong, re etsetseng Jeremia mmommori+ etswe baprista ba rona ke bona ba tla tswela pele ho re tsebisa molao,* ke banna ba bohlale ba tla re eletsa le baprofeta ba tla tswela pele ho re bolella lentswe. Tloong mme re mo qose,* re se ke ra mamela hore na o reng.” 19  Mmamele Jehova,O utlwe hore na bahanyetsi ba ka ba reng. 20  Na botle bo lokela ho buseletswa ka bobe? Ba tjhekile sekoti e le hore ba mpolaye.+ Hopola ka moo ke neng ke eme ka pela hao ho ba buella hantleHore o se ke wa ba halefela. 21  Ka hona, tlohela bara ba bona hore ba bolawe ke tlalamme o ba nehelle sabole.*+ E se eka basadi ba bona ba ka shwelwa ke bana le ke banna.+ E se eka banna ba bona ba ka bolawa ke lefu la sewa le kotsi,Bahlankana ba bona ba bolawe ka sabole ntweng.+ 22  Ho ke ho utlwahale sello ka matlung a bona,Ha o ba tlisetsa sera ho ba futuhela ba sa lebellaHobane ba tjhekile sekoti hore ba nkgape,Ba ntjhehetse leraba hore ba ntshwase.+ 23  Empa wena Jehova,O tseba hantle merero yohle ya bona ya ho mpolaya.+ O se ke wa tshwarela phoso ya bonaMme o se ke wa iphapanyetsa sebe sa bona. Ba ke ba kgoptjwe ka pela hao+Ha o ba halefela.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “jwalo ka ha ho ne ho bonahala ho nepahetse mahlong a sebopi hore se etse jwalo.”
Kapa: “ke tla ikutlwa ke swabile.”
Kapa: “ke tla ikutlwa ke swabile.”
Ka Seheberu: “etsa.”
Kapa: “tse sa hahwang hantle.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “Ke tla ba bontsha mokokotlo, eseng sefahleho.”
Ka Seheberu: “re mo otle ka leleme.”
Kapa: “tataiso.”
Kapa: “matla a sabole.”