Jeremia 19:1-15

  • Jeremia o laelwa hore a pshatle botlolo ya letsopa (1-15)

    • Ba etsetsa Baale mahlabelo ka bana (5)

19  Jehova o itse: “Eya mme o reke botlolo ya letsopa ho sebopi.+ O bitse ba bang ba baholo ba setjhaba le ba bang ba banna ba hlaheletseng ba baprista,  o ye Phuleng ya Mora wa Hinome,+ e Keiting ya Sebopi.* Ha o fihla moo, o phatlalatse mantswe ao ke tla o bolella ona.  O re: ‘Utlwang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le lona baahi ba Jerusalema. Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Haufinyane ke tlisa tlokotsi sebakeng sena mme ditsebe tsa mang kapa mang ya utlwang ka yona di tla hlohlona  hobane ba ntahlile+ mme ba entse hore ke se ke ka hlola ke tseba sebaka sena.+ Ba etsetsa medimo e meng mahlabelo mona, medimo eo bona, baholoholo ba bona le marena a Juda ba sa kang ba e tseba mme ba tlatsitse sebaka sena ka madi a ba se nang molato.+  Ba hahile dibaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba tjhese bara ba bona mollong e le dinyehelo tsa setjheso tse etsetswang Baale+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona kapa ka bua ka yona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.”’*+  Jehova o re: ‘Matsatsi a a tla ao ka ona sebaka sena se ke keng sa hlola se bitswa Tofethe kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome empa ho tla thwe ke Kgohlo ya Polao.+  Ke tla thibela morero wa Juda le wa Jerusalema sebakeng sena mme ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona le ke letsoho la ba batlang ho ba bolaya. Ke tla fa dinonyana le dibata tsa lefatshe ditopo tsa bona hore e be dijo tsa tsona.+  Ke tla etsa hore motse ona e be ntho e tshosang le ntho e letsetswang molodi. E mong le e mong ya fetang pela wona o tla o sheba a tshohe mme a letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa wona.+  Ke tla etsa hore ba je bara le baradi ba bona mme e mong le e mong o tla ja wa habo ka lebaka la ho thibellwa le ka lebaka la kgatello le tsietsi e bakilweng ke dira tsa bona tse batlang ho ba bolaya.”+ 10  “Jwale o pshatle botlolo ka pela mahlo a banna ba tsamayang le wena, 11  o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke tla pshatla batho ba motse ona tjena jwalo ka ha motho a pshatla sejana sa sebopi hoo se ke keng sa kgona ho lokiswa. Ba tla pata ba shweleng Tofethe ho fihlela ho se ho se na sebaka sa ho pata ba bang.”’+ 12  Jehova o re: ‘Ke tla etsa tjena ka sebaka sena le ho baahi ba sona, ke etse hore motse ona o be jwalo ka Tofethe. 13  Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla silafala jwalo ka Tofethe+ hobane ba ile ba etsetsa makgotla ohle a mahodimo mahlabelo marulelong a ona+ mme ba tshella medimo e meng dinyehelo tsa dino moo.’”+ 14  Ha Jeremia a kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo romme ho ya profeta, a ema lebaleng la ntlo ya Jehova yaba o re ho setjhaba sohle: 15  “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tlisetsa motse ona le ditoropo tsohle tsa wona tlokotsi yohle eo ke boletseng hore ke tla e tlisetsa wona hobane ka manganga ba hanne ho* mamela mantswe a ka.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Keiting ya Mangeta.”
Kapa: “ho seng mohla e kileng ya fihla pelong ya ka.”
Ka Seheberu: “ba sataladitse melala hore ba se ke ba.”