Jeremia 2:1-37

  • Baiseraele ba furalla Jehova, ba rapela medimo e meng (1-37)

    • Iseraele e tshwana le sefate sa naheng (21)

    • Diaparo tsa hae di na le madi (34)

2  Jehova a re ho nna:  “Eya o phatlalatse moo Jerusalema e ntseng e utlwa, o re: ‘Jehova o re: “Ke hopola hantle boitelo* ba hao ha o sa le motjha,+Lerato la hao nakong eo ke neng ke o lebeleditse,+Ka moo o neng o ntatela ka teng lefeelleng,Naheng e sa jalwang peo.+   Iseraele o ne a halalela ho Jehova,+ e le ditholwana tsa Hae tsa pele.”’ Jehova o re: ‘Mang kapa mang ya mo ntshang kotsi o ne a tla ba molato. Tlokotsi e ne e tla mo wela hodimo.’”+   Utlwang lentswe la Jehova, lona ba ntlo ya JakoboLe lona malapa ohle a ntlo ya Iseraele.   Jehova o re: “Bontate ba lona ba fumane ke le molato wa eng+Ha e le moo ba tsamaetse hole le nna hakaale? Ba rapetse ditshwantsho tse se nang thuso+ yaba le bona ba fetoha ntho e se nang thuso.+   Ha ba a ka ba re: ‘A re tshepeng Jehova*Ya re ntshitseng naheng ya Egepeta,+Ya re tataisitseng lefeellengHara lehwatata+ le hara dikoti,Naheng e otluweng ke komello+ le e moriti o lefifi,Naheng eo ho seng motho ya fetang ho yonaLe eo ho seng motho ya dulang ho yona.’   Qetellong ka le tlisa naheng e mobu o motle*Hore le je ditholwana tsa yona le dintho tsa yona tse ntle.+ Empa la kena mme la silafatsa naha ya ka,La etsa hore naha* ya ka e be ntho e nyonyehang.+   Baprista ha ba a ka ba re: ‘A re tshepeng Jehova.’*+Ba neng ba lokela ho ruta molao ha ba a ka ba ntseba. Badisa ba mphetohetse,+Baprofeta ba profetile ka Baale,+Ba latetse medimo e ke keng ya ba thusa.   Jehova o re: ‘Ka hoo, ke tla boela ke le lwantshe.+ Ke tla lwantsha le ditloholo tsa lona. 10  Tshelelang dihlekehlekeng* tsa Kitime+ mme le bone. Romelang molaetsa Kedare+ mme le nahane hantle,Le bone hore na ntho e tjena e kile ya etsahala. 11  Na setjhaba se kile sa tlohela medimo ya sona yaba se ya medimong ya bohata? Empa batho ba ka ba ntlohetse, nna Modimo ya matla mme ba ya nthong e se nang thuso.+ 12  Lona mahodimo shebang ka ho makala,Tlakaselang ke tshabo,’ ke Jehova ya tjhong 13  ‘Hobane setjhaba sa ka se entse dintho tse pedi tse mpe: Se ntahlile, nna mohlodi wa metsi a bophelo,+Se itjheketse didiba,*Didiba tse se nang metsi, tse ke keng tsa a boloka.’ 14  ‘Na Iseraele ke mohlanka kapa lona lekgoba le hlahetseng ka tlung ya monga lona? Jwale ke hobaneng ha e tlatlapuwe? 15  Ditau tse matla di a e rorela,+Di phahamisitse mantswe. Di etsa hore naha ya Iseraele e be ntho e tshosang. Metse ya yona e tjhesitswe, ha e na moahi. 16  Batho ba Nofe*+ le Takpanese+ ba o phumotse lefatla. 17  Na ha se wena ya ipaketseng dintho tseeKa ho lahla Jehova Modimo wa hao+Ha a ntse a o tataisa tseleng? 18  Jwale ke hobaneng ha o rata tsela e yang Egepeta+Ho ya nwa metsi a Shihore?* Ke hobaneng ha o rata tsela e yang Asiria+Ho ya nwa metsi a Noka ya Eufrate? 19  O lokela ho ithuta dinthong tse kgopo tseo o di entseng,O lokela ho kgalemellwa ho se tshepahale. O tsebe mme o bone hore ke ntho e mpe le e bohloko+Ho lahla Jehova Modimo wa hao. Ha o a ntlhompha,’+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong. 20  ‘Etswe ke kgale ke robile joko ya hao+Le ho kgaola diketane tsa hao. Empa o itse: “Nke ke ka o sebeletsa.” O ne o kakaletse maralleng ohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse behang,+O ikentse letekatse.+ 21  Ke o lemme o le sefate se setle haholo sa morara o mofubedu,+ sa peo e ntle. Jwale ho tlile jwang hore o fetohe lehlomela le bodileng la sefate sa morara sa naheng ka pela mahlo a ka?’+ 22  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Le ha o ka ba wa itlhatswa ka soda,* wa sebedisa sesepa se sengata,Mahlong a ka o tla be o ntse o sa hlweka ka lebaka la phoso ya hao.’+ 23  Ke jwang o ka reng: ‘Ha ke a itshilafatsa,Ha ke a rapela medimo ya Baale’? Bona tsela ya hao kgohlong. Ela hloko seo o se entseng. O tshwana le kamele e nyenyane e tshehadi e lebeloE thalang ntle ho morero, 24  Le tonki e hlaha e tlwaetseng ho phela naheng,E fofonelang moya ka lebaka la takatso ya yona. Ke mang ya ka e thibang nakong eo e palesitseng? Tsohle tse tona tse e batlang di ke ke tsa hloka ho ikgathatsa. Di tla e fumana ha e le nako* ya yona ya hore e tlolelwe. 25  Kgaotsa ho matha e le hore o tle o se ke wa qetella o sa rwala lethoLe mmetso wa hao o se ke wa omella. Empa o itse: ‘Tjhe! Ha ho na thuso.+ Ke ratile baditjhaba*+Mme ke tla ba latela.’+ 26  Jwalo ka ha leshodu le hlajwa ke dihlong ha le fumanwa,Ba ntlo ya Iseraele le bona ba hlajwa ke dihlong,Bona ha mmoho le marena a bona, dikgosana tsa bona,Baprista ba bona le baprofeta ba bona.+ 27  Ba re ho sefate: ‘O Ntate.’+ Ba re ho lejwe: ‘O ntswetse.’ Ho ena le hore ba kgutlele ho nna, ba mphuraletse.+ Nakong ya tlokotsi ya bona ba tla re: ‘Tloo o re pholose!’+ 28  Jwale medimo ya hao eo o iketseditseng yona e kae?+ E ke e tle haeba e ka o pholosa nakong ya tlokotsi ya hao. Etswe medimo ya hao e mengata jwalo ka metse ya hao, wena Juda.+ 29  Jehova o re: ‘Ke hobaneng ha le ntse le ntwantsha? Ke hobaneng ha kaofela ha lona le mphetohetse?’+ 30  Ke otlile bana ba lona empa ho ne ho se na thuso.+ Ba ne ba sa mamele kgalemelo le ha e le efe.+ Sabole ya lona e timeditse baprofeta ba lona+Jwalo ka tau e bohale. 31  Lona moloko, nahanisisang ka lentswe la Jehova. Na ke se ke tshwana le lefeella ho IseraeleKapa naha e lefifi le letsholetsho? Ke hobaneng ha setjhaba see sa ka se itse: ‘Re itsamaela ka moo re batlang. Ha re sa tla tla ho wena’?+ 32  Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae? Na monyaduwa a ka lebala mabanta a hae a ho ikgabisa?* Le ha ho le jwalo, setjhaba sa ka se ntebetse ka nako e telele.+ 33  Wena mosadi, o sebeditse ka thata e le hore banna ba o rate. O entse hore ditsela tsa hao e be tse mpe.+ 34  Le diaparo tsa hao di na le madi a bafutsana ba hlokang molato.+ Ha ba a bolaelwa ho thuha ntlong ya hao. Le ha ho le jwalo, ke fumane madi a bona diaparong tsohle tsa hao.+ 35  Empa o re: ‘Ha ke na molato. Ka nnete Modimo ha a sa nkgalefetse.’ Jwale ke tlisa kahlolo hodima haoHobane o re: ‘Ha ke a etsa sebe.’ 36  Ke hobaneng ha o nyenyefatsa taba ya ho se tshepahale ha hao? O tla hlajwa ke dihlong le ka Egepeta+Feela jwalo ka ha o ile wa hlajwa ke dihlong ka Asiria.+ 37  Ka lebaka lena, o tla tsamaya o itshwere hloohong+Hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng,Ba ke ke ba o thusa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lerato.”
Ka Seheberu: “Jehova o hokae.”
Kapa: “naheng ya serapa sa difate tsa ditholwana.”
Kapa: “lefa.”
Ka Seheberu: “Jehova o hokae?”
Kapa: “dibakeng tse lebopong la lewatle.”
Mohlomong letlapeng.
Kapa: “Memfise.”
E leng nokana e tswang Nokeng ya Nile.
Ho buuwa ka carbonate of soda.
Ka Seheberu: “kgwedi.”
Kapa: “medimo esele.”
Kapa: “mabanta a lenyalo?”