Jeremia 22:1-30

  • Melaetsa ya kahlolo e yang ho marena a mabe (1-30)

    • Molaetsa o amanang le Shalume (10-12)

    • Molaetsa o amanang le Jojakime (13-23)

    • Molaetsa o amanang le Konia (24-30)

22  Jehova o re: “Theohela ntlong ya morena* wa Juda mme o fetise molaetsa ona.  O re: ‘Utlwa lentswe la Jehova, wena morena wa Juda ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao le batho ba hao ba kenang ka dikeiti tsena.  Jehova o re: “Sebetsang ka toka le ho loka. Motho ya utswetswang le mo pholose letsohong la molotsana. Le se ke la tshwara moditjhaba hampe mme le se ke la ntsha kgutsana* kapa mohlolohadi kotsi.+ Le se ke la bolaya batho ba se nang molato sebakeng sena.+  Etswe haeba le phetha lentswe lena hantle, marena a dulang teroneng ya Davida+ a tla kena ka dikeiti tsa motse ona, a palame dikariki le dipere, ona ha mmoho le bahlanka ba ona le setjhaba sa ona.”’+  Jehova o re: “Haeba le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna hore ntlo ena e tla swahlamana.”+  “Etswe Jehova o re ka ntlo ya morena wa Juda: ‘O jwalo ka Gileade ho nna,O tshwana le tlhoro ya Lebanone. Empa ke tla o etsa dithako,Ha ho le o mong wa metse ya hao o tla ba le baahi.+   Ke tla kgetha batho ba tla o fedisa,E mong le e mong ka dibetsa tsa hae.+ Ba tla rema difate tsa hao tsa kedare tse kgethehilengBa di akgele mollong.+  “‘Ditjhaba tse ngata di tla feta haufi le motse ona mme di buisane di re: “Ke hobaneng ha Jehova a entse tjee ka motse oo o moholo?”+  Di tla re: “Ke hobane batho ba motse oo ba fetohetse selekane seo ba se entseng le Jehova Modimo wa bona, ba inametse medimo e meng mme ba e sebeleditse.”’+ 10  Le se ke la llela ya shwelengHape le se ke la mo utlwela bohloko. Ho ena le hoo, llang haholo bakeng sa motho ya haptjwangKa ha ha a sa tla hlola a kgutla hore a bone naha eo a hlahetseng ho yona. 11  “Etswe Jehova o re ka Shalume*+ mora wa Josiase, morena wa Juda ya busang sebakeng sa ntate wa hae Josiase+ le ya tlositsweng sebakeng sena: ‘Ha a sa tla hlola a kgutlela moo. 12  O tla shwella sebakeng seo ba mo isitseng kgolehong ho sona mme ha a sa tla hlola a bona naha ena.’+ 13  Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana,Ya hahang dikamore tsa yona tse ka hodimo empa e se ka toka,Ya etsang hore wa habo a mo sebeletse mahala,Ya hanang ho mo patala.+ 14  Ho madimabe ya reng: ‘Ke tlo ikahela ntlo e kgoloE nang le dikamore tse kgolo ka hodimo. Ke tla e kenya difensetere,Ke e kenye mapolanka a kedare mme ke e pente ka bofubedu.’ 15  Na o tla tswela pele ho busa hobane feela o hlodisa ba bang ka ho sebedisa kedare? Ntate wa hao le yena o ile a ja le ho nwaEmpa o ile a sebetsa ka toka le ka ho loka+Yaba dintho di mo tsamaela hantle. 16  O ile a buella nyewe ya mofutsana le ya motho ya mahlomolengYaba dintho di tsamaya hantle. ‘Na eo ha se yona ntho e bolelwang ke ho ntseba?’ ke Jehova ya tjhong. 17  ‘Empa o dula o nahana le ho batla mekgwa ya ho ithuisa ka bolotsana,Ho bolaya batho ba se nang molato,Ho etsa bobodu le ho nka thepa ya batho ka mahahapa.’ 18  “Ka hona, Jehova o re ka Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda: ‘Ba ke ke ba mo llela ba re: “Ao ngwaneso! Ao ngwaneso!” Ba ke ke ba mo llela ba re: “Ao monga ka! Ao morena ka!” 19  O tla patwa jwalo ka tonki,+A hulanngwe a be a lahlwe,A lahlelwe ka nqane ho dikeiti tsa Jerusalema.’+ 20  Nyolohela* Lebanone mme o hweletse. Hweletsa o le Bashane,O hweletse o le Abarime+Hobane bohle ba o ratang haholo ba timeditswe.+ 21  Ke buile le wena nakong eo o neng o ikutlwa o sireletsehile. Empa wa re: ‘Nke ke ka mamela.’+ Haesale o itshwere ka tsela ena ho tloha o sa le motjha,Etswe ha wa mamela lentswe la ka.+ 22  Moya o tla kganna badisa bohle ba hao,+Ba o ratang haholo ba tla haptjwa. Jwale o tla swaba le ho tlotloloha ka lebaka la tlokotsi e tla o hlahela. 23  Wena ya dulang Lebanone,+Ya entseng sehlaha hara dikedare,+O tla dumaela ha o otlwa ke mahlaba,Ha o utlwa bohloko bo kang ba mosadi ya belehang.”+ 24  “Jehova, Modimo ya phelang o re: ‘Ke hlapanya ka nna hore esita le haeba wena Konia*+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda, o ne o le reng e tempang e letsohong la ka le letona, ke ne ke tla o rola. 25  Ke tla nehelana ka wena ho ba batlang ho o bolaya, ho bao o ba tshabang, ho Nebukadnezare* morena wa Babilona le ho Bakalde.+ 26  Ke tla lahlela wena le mme wa hao naheng esele mme le tla shwela teng. 27  Le ke ke la hlola le kgutlela naheng eo le e labalabelang.+ 28  Na Konia eo ha a tshwane le nkgo feela e nyatsehang, e pshatlehileng,Sejana seo ho seng motho ya se batlang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba dihetswe fatshemme ba lahletswe naheng eo ba sa e tsebeng?’+ 29  Lona batho ba lefatsheng,* mamelang lentswe la Jehova. 30  Jehova o re: ‘Ngolang monna enwa a se na banaE le monna ya ke keng a atleha bophelong,*Etswe ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atlehaHo dula teroneng ya Davida mme a buse Juda hape.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
O boetse o bitswa Joakaze.
Ho bonahala taelo ena e ne e fuwa Jerusalema.
O boetse o bitswa Jojakine le Jekonia.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Wena lefatshe, lefatshe, lefatshe.”
Ka Seheberu: “matsatsing a hae.”