Jeremia 23:1-40

  • Badisa ba lokileng le ba babe (1-4)

  • Batho ba tla sireletseha pusong ya “mojalefa ya lokileng” (5-8)

  • Baprofeta ba bohata ba a kgalemelwa (9-32)

  • “Morwalo” wa Jehova (33-40)

23  Jehova o re: “Ho madimabe badisa ba bolayang le ba qhalakanyang dinku tsa lekgulo la ka.”+  Ka hona, Jehova Modimo wa Iseraele o re ho badisa ba disang setjhaba sa hae: “Le hasantse dinku tsa ka, la nna la di qhalakanya. Ha le a ka la di hlokomela.+ Ka hoo, nke ke ka le hauhela hobane mesebetsi ya lona e kgopo,” ke Jehova ya tjhong.  “Ke tla bokella dinku tsa ka tse setseng dinaheng tsohle tseo ke di leleketseng ho tsona.+ Ke tla di kgutlisetsa lekgulong la tsona+ mme di tla ata di ngatafale.+  Ke tla di batlela badisa ba sebele.+ Ha di sa tla hlola di tshoha kapa di tshaba mme ho ke ke ha eba le e lahlehang,” ke Jehova ya tjhong.  Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ya lokileng.+ E tla ba morena+ mme a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatsheng.*+  Mehleng ya hae, Juda e tla bolokwa+ le Iseraele e tla dula e sireletsehile.+ O tla bitswa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’”+  Jehova o re: “Le ha ho le jwalo, matsatsi a a tla, ao ka ona ba ke keng ba hlola ba re: ‘Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng batho ba Iseraele naheng ya Egepeta’+  empa ba tla re: ‘Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng le ya kgutlisitseng ditloholo tsa Baiseraele naheng e ka leboya le dinaheng tsohle tseo a di qhalakanyeditseng ho tsona’ mme di tla dula naheng ya tsona.”+  Molaetsa o yang ho baprofeta: Pelo ya ka e bohloko. mmele wa ka* o a thothomela. Ke jwalo ka motho ya tahilweng,Ya hlotsweng ke veineKa lebaka la Jehova le ka lebaka la mantswe a hae a halalelang. 10  Etswe naha e tletse batho ba febang.*+ Naha e swabile hobane e rohakilwe+Le makgulo a dithota a omeletse.+ Diketso tsa bona di mpe ebile ba sebedisa matla a bona hampe. 11  “Moprofeta le moprista ba silafetse.*+ Le ka tlung ya ka ke fumane ba etsa bolotsana,”+ ke Jehova ya tjhong. 12  “Ka hoo, ditsela tsa bona di tla thella di be lefifi,+Ba tla kgoptjwa mme ba we. Etswe ke tla ba tlisetsa tlokotsiKa selemo sa hore ba fuwe kotlo,” ke Jehova ya tjhong. 13  “Ke bone ntho eo ke e nyatsang ho baprofeta ba Samaria.+ Ba profeta ka lebitso la Baale. Ba kgelosa setjhaba sa ka sa Iseraele. 14  Ke bone dintho tse mpe hara baprofeta ba Jerusalema. Ba a feba+ ebile ba leshano,+Ba tshehetsa* batho ba kgopo,Ha ba kgaotse ho etsa bokgopo. Ho nna kaofela ha bona ba jwalo ka Sodoma.+ Baahi ba moo ba jwalo ka Gomora.”+ 15  Ka hona, Jehova wa mabotho o re ka baprofeta: “Ke ba jesa lengana,Ke ba nwesa le metsi a tjhefo.+ Etswe baprofeta ba Jerusalema ba entse hore batho ba mphetohele naheng yohle.” 16  Jehova wa mabotho o re: “Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba le profetelang.+ Ba a le thetsa.* Ba le bolella dipono tseo ba inahanelang tsona+Eseng tse tswang molomong wa Jehova.+ 17  Ba dula ba re ho ba ntellang: ‘Jehova o itse: “Le tla ba le kgotso.”’+ Ba re ho bohle bao ka manganga ba latelang dipelo tsa bona: ‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+ 18  Etswe ke mang ya hara metswalle ya JehovaE le hore a utlwe le ho utlwisisa lentswe la hae? Ke mang ya utlwileng lentswe la hae mme a le mamela? 19  Jehova o tla halefa jwalo ka sefefo se matlaJwalo ka setsokotsane, o tla tsukutla batho ba kgopo.+ 20  Jehova o tla dula a halefileHo fihlela a entse dintho tseo a di rerileng a bile a di phethile. Le tla utlwisisa taba ena hantle mehleng ya ho qetela. 21  Ha ke a ka ka roma baprofeta empa ba mathile. Ha ke a ka ka bua le bona empa ba profetile.+ 22  Hoja ba ne ba le hara metswalle ya ka,Ba ka be ba entse hore batho ba ka ba mamele mantswe a ka. Ba ka be ba entse hore ba furalle mekgwa le mesebetsi ya bona e mebe.”+ 23  Jehova o re: “Na nna ke Modimo ya bonang dintho tse etsahalang haufi feela a sa bone dintho tse etsahalang hole?” 24  “Na ho na le motho ya ka ipatang moo ke sa mo boneng?”+ ke Jehova ya tjhong. “Na ho na le ntho le ha e le efe eo nke keng ka e bona lehodimong kapa lefatsheng?”+ ke Jehova ya tjhong. 25  “Ke utlwile baprofeta ba profetang leshano ka lebitso la ka ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’+ 26  Baprofeta baa ba tla profeta mashano ho fihlela neng? Ba bua mashano ho tswa botebong ba pelo.+ 27  Ba batla ho etsa hore batho ba ka ba lebale lebitso la ka ka ditoro tseo ba ntseng ba di phetelana feela jwalo ka ha bontate ba bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka lebaka la Baale.+ 28  Moprofeta ya lorileng a ke a phete toro empa ya fuweng lentswe la ka a le bolele ka nnete. Na koro* e ka bapiswa le lehlaka?” ke Jehova ya tjhong. 29  Jehova o re: “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?+ Na ha le tshwane le hamore e thuhakanyang lefika?”+ 30  Jehova o re: “Ke tla otla baprofeta ba utswang mantswe a ka ho baprofeta ba bang ebe ba a sotha.”+ 31  Jehova o boetse o re: “Ke tla otla baprofeta ba ipuelang mantswe a bona ebe ba re: ‘Modimo o re!’”+ 32  Hape Jehova o re: “Ke tla otla baprofeta ba phetang ditoro tsa bohata ebe ba kgelosa batho ba ka ka ho ithorisa ka ditoro tsa bona tsa mashano,+ Ha ke a ba roma kapa hona ho ba laela. Ka hoo, ba ke ke ba thusa batho bana ho hang,”+ ke Jehova ya tjhong. 33  “Ha batho bana kapa moprofeta kapa moprista a re: ‘Molaetsa wa Jehova ke morwalo,’ o re ho bona: ‘“Ke lona morwalo mme ke tla le lahla,”+ ke Jehova ya tjhong.’ 34  Ha e le motho kapa moprofeta kapa moprista ya reng: ‘Molaetsa wa Jehova ke morwalo,’ ke tla otla motho eo le ba ntlo ya hae. 35  E mong le e mong o ntse a re ho wa habo le ho ngwanabo: ‘Jehova o arabile ka ho reng? Jehova o itseng?’ 36  Empa le kgaotse hore molaetsa wa Jehova ke morwalo. Ke morwalo ho lona hobane le sothile mantswe a Modimo ya phelang, Jehova wa mabotho, Modimo wa rona mme le a hlalositse ka mokgwa oo le ratang. 37  O re ho moprofeta eo: ‘Jehova o o file karabo efe? Jehova o itseng? 38  Haeba le ntse le re molaetsa wa Jehova ke morwalo, Jehova o re: “Ka ha le ntse le re lentswe la Jehova ke morwalo empa ke itse ho lona le se ke la re lentswe la Jehova ke morwalo, 39  ke tla le nka ke le lahlele hole le nna, lona ha mmoho le motse oo ke o nehileng lona le baholoholo ba lona. 40  Ke tla le tlotlolla ke be ke le bakele sekgobo se ke keng sa lebalwa.”’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lehlomela.”
Kapa: “naheng.”
Ka Seheberu: “Masapo a ka.”
Kapa: “batho ba sa tshepahalleng Modimo.”
Kapa: “mphetohetse.”
Ka Seheberu: “tiisa matsoho a.”
Kapa: “Ba le tshepisa lefeela.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.