Jeremia 25:1-38

  • Jehova o qosa ditjhaba (1-38)

    • Ditjhaba di tla sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse 70 (11)

    • Senwelo sa veine ya kgalefo ya Modimo (15)

    • Koduwa e tla aparela ditjhaba (32)

    • Ba bolailweng ke Jehova (33)

25  Selemong sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadnezare* morena wa Babilona, Modimo o ile a bua le Jeremia ka setjhaba sohle sa Juda.  Moprofeta Jeremia o ile a re ka* setjhaba sohle sa Juda le ka baahi bohle ba Jerusalema:  “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ya Josiase+ mora wa Amone, morena wa Juda, ho fihlela hona jwale, ka dilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le nna. Yaba nna ke bua le lona ka makgetlokgetlo* empa le ne le sa mamele.+  Jehova o ile a roma bahlanka bohle ba hae ba baprofeta ho lona. O ile a ba roma ka makgetlokgetlo* empa ha le a ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le utlwe.+  Ba ne ba re: ‘Ka kopo e mong le e mong wa lona a ke a tlohele mekgwa ya hae e mebe le mesebetsi ya hae e mebe.+ Haeba le etsa jwalo, le tla tswela pele ho dula halelele naheng eo Jehova a e fileng lona le baholoholo ba lona ho tloha kgale.  Le se ke la latela medimo e meng. Le se ke la e sebeletsa le ho e inamela yaba le mo sitelwa ka mosebetsi wa matsoho a lona. Ho seng jwalo o tla le bakela tlokotsi.  Empa ha le a ka la mmamela,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Ho ena le hoo, le ile la ntshitelwa ka mosebetsi wa matsoho a lona yaba le ipakela mathata.’+  Ka hoo, Jehova wa mabotho o re: ‘Ka ha ha le a ka la mamela mantswe a ka,  ke bitsa batho ba ditjhaba tsohle tsa leboya,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke bitsa Nebukadnezare* morena wa Babilona, mohlanka wa ka.+ Ke tla ba tlisa hore ba futuhele naha ena,+ baahi ba yona le ditjhaba tsena tsohle tse e potolohileng.+ Ke tla le fedisa mmoho le ditjhaba tsena, ke le etse ntho e tshosang le ntho e letsetswang molodi, ke etse hore le senyehele ruri. 10  Ke tla fedisa thabo le nyakallo hara lona,+ ke fedise lentswe la monyadi le la monyaduwa,+ modumo wa lelwala le kganya ya lebone. 11  Naha ena yohle e tla fediswa, e fetohe ntho e tshosang mme ditjhaba tsena di tla lokela ho sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse 70.+ 12  Empa ha dilemo tse 70 di fetile,+ ke tla otla morena wa Babilona le setjhaba seo* ka lebaka la phoso ya bona+ mme ke tla etsa hore naha ya Bakalde e se ke ya hlola e eba le baahi ka ho sa feleng,’ ke Jehova ya tjhong.+ 13  ‘Ke tla phethahatsa dintho tsohle tseo ke boletseng hore ke tla di etsa naha eo, dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ena tseo Jeremia a di profetileng ka ditjhaba tsohle. 14  Etswe ditjhaba tse ngata le marena a maholo+ a tla etsa Bakalde makgoba+ mme ke tla ba ahlola ho latela diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’”+ 15  Jehova Modimo wa Iseraele o itse ho nna: “Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo letsohong la ka mme o nwese ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona. 16  Di tla nwa, di thekesele, di itshware jwalo ka mahlanya hobane ke etsa hore ntwa e qhome hara tsona.”+ 17  Ka hoo, ka nka senwelo letsohong la Jehova mme ka nwesa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+ 18  Ka qala ka Jerusalema le metse ya Juda,+ marena a yona le dikgosana tsa yona e le hore di fediswe, di fetohe ntho e tshosang, e letsetswang molodi le e rohakilweng+ feela jwalo ka ha ho tla etsahala kajeno. 19  Yaba ke leba ho Faro morena wa Egepeta le bahlanka ba hae, dikgosana tsa hae, batho bohle ba hae+ 20  le baditjhaba bohle ba neng ba dula hara bona, marena ohle a naha ya Utse, a naha ya Bafilista,+ Ashkelone,+ Gaza, Ekrone le batho ba Ashdode ba setseng, 21  Edomo,+ Moabe+ le Baamone,+ 22  marena ohle a Tire, a Sidone+ le a sehlekehleke se lewatleng, 23  Dedane,+ Tema, Buze le bohle ba kutileng ditedu tse ka hodima mehlahare,*+ 24  marena ohle a Maarabia+ le a ditjhaba tse fapaneng tse dulang lefeelleng, 25  marena ohle a Zimri, a Elame+ le a Bamede,+ 26  marena ohle a leboya, a hole le a haufi, kaofela ha ona ka ho latellana le mebuso yohle e meng ya lefatshe. Morena wa Sheshake*+ o tla nwa ka mora ona. 27  “O tle o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Nwang, tahwang, hlatsang le we hoo le ke keng la tsoha+ hobane ke romela dira tsa lona hore di le hlasele.”’ 28  Ha ba hana ho nka senwelo letsohong la hao hore ba nwe, o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho o re: “Ho nwa le tla nwa. 29  Haeba ke qala ka ho tlisa tlokotsi motseng ona o bitswang ka lebitso la ka,+ na lona nka le tlohela?”’+ Jehova wa mabotho o re: ‘Le ke ke la tlohelwa feela etswe ke tla tlisa sabole e tla bolaya batho bohle ba lefatshe.’ 30  O ba profetele mantswe ana ohle mme o re ho bona: ‘Jehova o tla rora jwalo ka tau a le hodimo,O tla phahamisa lentswe la hae a le sebakeng sa hae se halalelang sa bodulo. O tla puruma, a purumela sebaka sa hae sa bodulo. O tla hweletsa jwalo ka ba hatakelang morara ho etsa veine,A binele hodimo ka mora ho hlola batho bohle ba lefatshe.’ 31  ‘Lerata le tla utlwahala ho ya fihla dikarolong tse holehole tsa lefatsheHobane Jehova o qosa ditjhaba. O tla ahlola batho bohle ka boyena.+ O tla nehelana ka ba kgopo hore ba bolawe ka sabole,’ ke Jehova ya tjhong. 32  Jehova wa mabotho o re: ‘Koduwa e tla aparela ditjhaba,+Sefefo se matla se tla hlaha dikarolong tse holehole tsa lefatshe.+ 33  Letsatsing leo, ba bolailweng ke Jehova ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya ho e nngwe. Ba ke ke ba llelwa, ba phuthwa kapa ba patwa. Ba tla ba jwalo ka moitedi hodima lefatshe.’ 34  Lona badisa llang, le bokolle. Ipitikeng fatshe, lona dinku tsa bohlokwa hara mohlape. Nako ya hore le hlajwe le nako ya hore le hasanngwe e fihlile,Le tla wa jwalo ka sejana sa bohlokwa. 35  Badisa ha ba na moo ba ka balehelang teng,Ha ho na moo dinku tsa bohlokwa mohlapeng di tswang le teng. 36  Utlwang! Badisa ba a llaLe dinku tsa bohlokwa mohlapeng di a bokollaKa ha Jehova o senya lekgulo la bona. 37  Metse e nang le kgotso ha e sa na bopheloHobane Jehova o halefile haholo. 38  O tlohile moo a dulang teng jwalo ka ha tau e kotsi e tloha moo e dulang.+ Ka hoo, batho bohle ba tla makalla nahaHobane o sebedisitse sabole e bohale e bolayang batho ba bangataLe hobane a halefile haholo.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa mohlomong: “ho.”
Ka Seheberu: “Yaba ke tsoha hoseng mme ke a bua.”
Ka Seheberu: “a tsoha hoseng mme a ba romela.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “bitsa morena wa Babilona le setjhaba seo hore ba ikarabelle.”
Kapa: “ditlhafunelong.”
Ho bonahala hore Sheshake ke lebitso le leng la Babele (Babilona).