Jeremia 26:1-24

  • Ba tshepisa Jeremia lefu (1-15)

  • Jeremia o a pholoswa (16-19)

    • Ho qotswa boprofeta ba Mikea (18)

  • Moprofeta Uria (20-24)

26  Ha Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda a qala ho busa, Jehova o ile a re ho Jeremia:  “nna Jehova ke re: ‘Ema lebaleng la ntlo ya Jehova mme o bue le* batho bohle ba metse ya Juda ba tlang ka tlung ya Jehova ho tla rapela.* O ba bolelle ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang hore o ba bolelle yona. O se ke wa siya letho.  Mohlomong ba tla mamela ebe e mong le e mong o tlohela mekgwa ya hae e mebe mme ke tla fetola maikutlo a ka* ka tlokotsi eo ke rerileng ho ba tlisetsa yona ka lebaka la mesebetsi ya bona e mebe.+  O re ho bona: “Jehova o re: ‘Haeba le sa mmamele ka hore le latele molao* wa ka oo ke le fileng wona  le bile le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka e leng baprofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo,*+  ke tla etsa hore ntlo ena e be jwalo ka Shilo,+ ke fedise motse ona mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla etsa mohlala ka wona ha di bua ka metse e rohakilweng.’”’”+  Yaba baprista, baprofeta le batho bohle ba utlwa Jeremia a ntse a bua mantswe ana ka tlung ya Jehova.+  Ha Jeremia a qetile ho bua dintho tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a di bolelle batho, jwale baprista, baprofeta le batho bohle ba mo tshwara yaba ba re: “O tlo shwa.  Ke hobaneng ha o profetile ka lebitso la Jehova, wa re ntlo ee e tla ba jwalo ka Shilo mme motse oo o tla ripitlwa o sale o se na baahi?” Batho bohle ba bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova. 10  Ha dikgosana tsa Juda di utlwa mantswe ana, tsa tloha ka tlung ya morena* tsa ya ka tlung ya Jehova yaba di dula keiting e ntjha ya ntlo ya Jehova.+ 11  Baprista le baprofeta ba re ho dikgosana le ho batho kaofela: “Monna enwa o lokela ho ahlolelwa lefu+ hobane o profetile hampe ka motse ona feela jwalo ka ha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona.”+ 12  Yaba Jeremia o re ho dikgosana le ho batho bohle: “Ke Jehova ya nthometseng hore ke bolele molaetsa wa kahlolo oo le o utlwileng mabapi le ntlo ena le motse ona.+ 13  Lokisang ditsela tsa lona le mesebetsi ya lona, le mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona mme Jehova o tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo a itseng o tla le tlisetsa yona.+ 14  Empa ha e le nna, ke matsohong a lona. Le nketse eng kapa eng eo le bonang e nepahetse ho ya ka lona. 15  Feela le tsebe hore haeba le mpolaya, lona, motse ona ha mmoho le baahi ba wona, le tla ba molato hobane le bolaile motho ya se nang molato. Etswe ka nnete Jehova o nthometse ho lona hore ke bue mantswe ana ohle moo le ntseng le utlwa.” 16  Dikgosana le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: “Monna enwa ha a lokela ho ahlolelwa lefu hobane o buile le rona lebitsong la* Jehova Modimo wa rona.” 17  Ho feta moo, ba bang ba banna ba baholo ba naha eo ba ema yaba ba re ho setjhaba sohle se phuthehileng moo: 18  “Mehleng ya Ezekiase+ morena wa Juda, Mikea+ wa Moreshethe o ne a profeta mme a re ho batho bohle ba Juda: ‘Jehova wa mabotho o re: “Sione e tla lengwa jwalo ka tshimo,Jerusalema e tla fetoha qubu ya majwe+Mme thaba ya tempele* e tla tshwana le leralla le nang le difate.”’*+ 19  Na Morena Ezekiase wa Juda le Bajuda kaofela ba ile ba mo bolaya? Na morena ha a a ka a tshaba Jehova mme a kopa mohau ho Jehova yaba Jehova o fetola maikutlo* ka tlokotsi eo a neng a itse o tla ba tlisetsa yona?+ Le rona re mothating wa ho ipakela tlokotsi e kgolo. 20  Hape ho ne ho ena le monna e mong e leng Uria mora wa Shemaia wa Kiriathe-jearime,+ ya neng a profeta ka lebitso la Jehova. O ile a profeta ka motse ona le naha ena ka mantswe a tshwanang le a Jeremia. 21  Morena Jojakime,+ banna bohle ba hae ba matla le dikgosana tsohle tsa utlwa mantswe a hae yaba morena o batla ho mo bolaya.+ Ha Uria a utlwela ka taba ena, hanghang a tshoha yaba o balehela Egepeta. 22  Morena Jojakime o ile a roma Elnathane+ mora wa Akbore le banna ba bang Egepeta. 23  Ba lata Uria Egepeta, ba mo tlisa ho Morena Jojakime ya ileng a mo bolaya ka sabole+ mme a lahlela setopo sa hae mabitleng a bafutsana.” 24  Akikame+ mora wa Shafane+ o ile a sireletsa Jeremia, ke ka hoo Jeremia a sa kang a nehellwa setjhaba hore se mo bolaye.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “malebana le.”
Kapa: “inama.”
Kapa: “ikutlwa ke swabile.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “bao ke tsohileng hoseng ke ba romela.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ikutlwa a swabile.”
Ka Seheberu: “ka lebitso la.”
Ka Seheberu: “thaba ya Ntlo.”
Kapa: “dibaka tse phahameng tse morung.”
Kapa: “ikutlwa a swabile.”