Jeremia 27:1-22

  • Joko ya Babilona (1-11)

  • Tsedekia o bolellwa hore a sebeletse morena wa Babilona (12-22)

27  Qalong ya puso ya Jojakime* mora wa Josiase, morena wa Juda, Jehova o ile a bua le Jeremia.  Yaba Jeremia o re: “Jehova o itse ho nna: ‘Iketsetse diropo le dijoko mme o di behe molaleng.  O di romele ho morena wa Edomo,+ morena wa Moabe,+ morena wa bara ba Amone,+ morena wa Tire+ le morena wa Sidone+ ka baromuwa ba tlileng Jerusalema ho Morena Tsedekia wa Juda.  O fe marena ao taelo e yang ho beng ba ona e reng: “Ona ke molaetsa o tswang ho Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele oo le lokelang ho o bolella beng ba lona:  ‘Ke nna ya entseng lefatshe, batho le diphoofolo tse lefatsheng ka matla a ka le ka letsoho la ka le matla.* Ke di file mang kapa mang eo ke mo ratang.*+  Ke file mohlanka wa ka Nebukadnezare+ morena wa Babilona dinaha tsena tsohle. Le dibata tsa naha ke di behile taolong ya hae.  Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse mora wa hae le setloholo sa hae ho fihlela ha nako ya naha ya hae e fihla,+ nako eo ka yona ditjhaba tse ngata le marena a maholo a tla mo etsa lekgoba.+  Haeba mmuso kapa setjhaba sefe kapa sefe se ka hana ho sebeletsa Nebukadnezare morena wa Babilona le ho beha molala wa sona tlasa joko ya morena wa Babilona, ke tla otla setjhaba seo ka sabole,+ tlala le lefu la sewa ho fihlela ke se timeditse ka letsoho la hae,’ ke Jehova ya tjhong.  ‘Ka hoo, le se ke la mamela baprofeta ba lona, dinohe, ba sebetsang ka ditoro, maselamose le baloi ba reng ho lona: “Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona.” 10  Etswe ba le profetela leshano. Haeba le ka ba mamela, le tla iswa hole le naha ya lona, ke tla le qhalakanya mme le tla timela. 11  ‘Empa setjhaba se behang molala wa sona tlasa joko ya morena wa Babilona ebe se a mo sebeletsa, ke tla se dumella ho sala* naheng ya sona hore se e leme mme se dule ho yona,’ ke Jehova ya tjhong.”’” 12  Ke ile ka bua ka tsela e tshwanang le ho Tsedekia+ morena wa Juda ka re: “Behang melala ya lona tlasa joko ya morena wa Babilona, le mo sebeletse, le sebeletse le batho ba hae mme le tla dula le phela.+ 13  Ho seng jwalo, wena le batho ba hao le tla hlahelwa ke dintho tseo Jehova a itseng di tla hlahela setjhaba se ke keng sa sebeletsa morena wa Babilona yaba le bolawa ka sabole,+ tlala+ le ka lefu la sewa.+ 14  Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona’+ hobane ba le profetela mashano.+ 15  Ha ke a ba roma empa ba profeta mashano ka lebitso la ka. Ha le ka ba mamela, ke tla le qhalakanya mme le tla shwa, lona le baprofeta ba le profetelang,” ke Jehova ya tjhong.+ 16  Ke itse ho baprista le setjhaba sena sohle: “Jehova o re: ‘Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba lona ba le profetelang ba re: “Disebediswa tsa ntlo ya Jehova di tla kgutla Babilona haufinyane”+ hobane ba le profetela mashano.+ 17  Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babilona mme le tla dula le phela.+ Ho seng jwalo, motse ona o tla ripitlwa. 18  Empa haeba ke baprofeta mme ehlile Jehova o bua le bona, e reng ba kope Jehova wa mabotho hore disebediswa tse setseng ka tlung ya Jehova, ka tlung ya morena* wa Juda le tse setseng Jerusalema di se ke tsa iswa Babilona.’ 19  Jehova wa mabotho o re ka dipilara,+ Tanka,*+ dikariki+ le disebediswa tse setseng motseng ona, 20  tseo Nebukadnezare morena wa Babilona a sa kang a di nka ha a hapa Jekonia mora wa Jojakime, morena wa Juda, ho tloha Jerusalema ho ya Babilona ha mmoho le bahlomphehi bohle ba Juda le Jerusalema,+ 21  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re ka disebediswa tse setseng ka tlung ya Jehova, ka tlung* ya morena wa Juda le tse setseng Jerusalema: 22  ‘Di tla iswa Babilona+ mme di tla sala moo ho fihlela ke di lata,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla di lata, ke di kgutlisetse mona.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Tsedekia,” ho latela meqolo e meng ya kgale.
Ka Seheberu: “ya lokileng mahlong a ka.”
Ka Seheberu: “otlolohileng.”
Ka Seheberu: “phomola.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Kapa: “phaleising.”