Jeremia 28:1-17

  • Jeremia le Hanania moprofeta wa bohata (1-17)

28  Selemong sona seo, qalong ya puso ya Morena Tsedekia+ wa Juda, ka selemo sa bone kgweding ya bohlano, moprofeta Hanania mora wa Azure, ya tswang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ya Jehova ka pela baprista le setjhaba sohle:  “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ya morena wa Babilona.+  Pele dilemo tse pedi di fela, ke tla kgutlisetsa disebediswa tsohle tsa ntlo ya Jehova mona, disebediswa tseo Morena Nebukadnezare wa Babilona a di nkileng mona a di isa Babilona.+  Ke tla lata Jekonia+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda le Bajuda bohle ba hapuweng ba ileng Babilona,+ ke ba kgutlisetse mona hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona,’ ke Jehova ya tjhong.”  Yaba moprofeta Jeremia o bua le moprofeta Hanania ka pela baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka tlung ya Jehova.  Moprofeta Jeremia a re: “Amen!* E se eka Jehova a ka etsa jwalo! E se eka Jehova a ka phethahatsa mantswe a hao ao o a profetileng ka hore a late disebediswa tsa ntlo ya Jehova Babilona. A late le batho bohle ba hapuweng ba isitsweng moo a ba kgutlisetse mona.  Le ha ho le jwalo, ka kopo, utlwa molaetsa ona oo ke o fetisang moo o ntseng o utlwa le moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.  Mehleng ya kgale, baprofeta ba tlileng pele ho nna le wena ba ne ba tlwaetse ho profeta ka dinaha tse ngata le mebuso e meholo, ba profeta ntwa, tlokotsi le lefu la sewa.  Haeba moprofeta a profeta kgotso mme lentswe la hae le phethahala, ho tla tsebahala hore o fela a rometswe ke Jehova.” 10  Yaba moprofeta Hanania o tlosa joko molaleng wa Jeremia mme o a e roba.+ 11  Moprofeta Hanania a re ka pela setjhaba sohle: “Jehova o re: ‘Joko eo Nebukadnezare morena wa Babilona a e behileng molaleng wa ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka tsela ena, pele dilemo tse pedi di fela.’”+ Yaba moprofeta Jeremia o a itsamaela. 12  Ka mora hore moprofeta Hanania a robe joko molaleng wa moprofeta Jeremia, Jehova a fa Jeremia molaetsa ona o reng: 13  “E ya, o re ho Hanania: ‘Jehova o re: “O robile dijoko tsa lepolanka+ empa sebakeng sa tsona o tla etsa dijoko tsa tshepe.” 14  Etswe Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke tla beha joko ya tshepe melaleng ya ditjhaba tsena tsohle hore di sebeletse Morena Nebukadnezare wa Babilona mme di tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le dibata tsa naha.”’”+ 15  Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa o mamele wena Hanania! Jehova ha a o roma empa o entse hore setjhaba sena se dumele leshano.+ 16  Ka hona, Jehova o re: ‘Bona, ke tla o fedisa lefatsheng. O tla shwa selemong sena hobane o kgothaleditse batho hore ba fetohele Jehova.’”+ 17  Ka hoo, moprofeta Hanania a shwa selemong seo, ka kgwedi ya bosupa.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Ha ho be jwalo.”