Jeremia 3:1-25

  • Bokwenehi bo feteletseng ba Iseraele (1-5)

  • Iseraele le Juda di molato ka lebaka la botekatse (6-11)

  • Ba laelwa hore ba bake (12-25)

3  Batho ba re: “Haeba monna a leleka mosadi wa hae ebe mosadi eo o a tsamaya o nyalwa ke monna e mong, na monna wa pele a ka kgutlela ho yena hape?” Na naha e se e ntse e sa silafala?+ Jehova o re: “O entse botekatse le metswalle e mengata.+ Jwale na ka nnete o batla ho kgutlela ho nna?   Phahamisetsa mahlo maralleng a hlobotseng mme o bone. Ke hokae moo o sa kang wa betelwa teng? O ile wa dula haufi le ditselaJwalo ka motsamai* lefeelleng. O ntse o silafatsa nahaKa botekatse le ka bokgopo ba hao.+   Ka hoo, dipula di thibetswe+Mme ha ho na pula nakong ya selemo. O itshwere jwalo ka* mosadi ya etsang botekatseEbile ha o swabe.+   Empa jwale wa nkgweletsa o re: ‘Ntate, o bile motswalle wa ka ho tloha botjheng ba ka.+   Na motho a ka dula a halefile ho ya ho ileKapa a dule a bolokile sekgopi?’ O tjho jwaloEmpa o dula o etsa bokgopo bohle boo o kgonang ho bo etsa.”+  Mehleng ya Morena Josiase,+ Jehova o ile a re ho nna: “‘Na o bone hore na Iseraele ya sa tshepahaleng o entseng? O hlweletse hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, a ya tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo e le hore a etse botekatse.+  Ka mora hore a etse dintho tsena tsohle, ke ile ka nna ka re a kgutlele ho nna+ empa ha a ka a kgutla. Juda a nna a shebella ausi wa hae wa molotsana.+  Ha ke bona hoo, ka tebela Iseraele ya sa tshepahaleng, ka mo fa lengolo la tlhalo+ ka lebaka la bofebe ba hae.+ Empa ngwanabo ya bolotsana e leng Juda ha a ka a tshoha. Le yena a tswa ho ya etsa botekatse.+  Iseraele o ne a nka botekatse ba hae hanyenyane, a nna a silafatsa naha le ho feba ka hore a rapele majwe le difate.+ 10  Ho sa tsotellehe dintho tsena tsohle tse etsahetseng, ngwanabo ya bolotsana Juda ha a ka a kgutlela ho nna ka pelo yohle haese ka boikaketsi feela,’ ke Jehova ya tjhong.” 11  Yaba Jehova o re ho nna: “Iseraele ya sa tshepahaleng o ipakile hore o lokile ho feta Juda wa molotsana.+ 12  Eya ka leboya mme o phatlalatse mantswe ana o re:+ ‘Jehova o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi.+ Nke ke ka o halefela*+ hobane ke a tshepahala,” ke Jehova ya tjhong. “Nke ke ka dula ke o halefetse ho ya ho ile. 13  Amohela feela hore o entse phoso hobane o sitetswe Jehova Modimo wa hao. O ile wa nna wa etsa botekatse* le baditjhaba* tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo empa ha o a ka wa mamela lentswe la ka,” ke Jehova ya tjhong.’” 14  Jehova o re: “Kgutlang, lona bana ba kwenehileng. Etswe ke fetohile monghadi* wa lona e le ka nnete. Ke tla le nka, ke nke a le mong motseng le ba babedi lelapeng mme ke tla le tlisa Sione.+ 15  Ke tla le fa badisa ba etsang thato ya ka*+ mme ba tla le fa* tsebo le temohisiso. 16  Matsatsing ao, le tla eketseha le ngatafale naheng,” ke Jehova ya tjhong.+ “Ha le sa tla hlola le re: ‘Areka ya selekane sa Jehova!’ Ha le sa tla hlola le nahana ka yona, le e hopola kapa le e hlolohelwa mme ha e sa tla hlola e etswa hape. 17  Ka nako eo, le tla bitsa Jerusalema terone ya Jehova+ mme ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ho rorisa lebitso la Jehova mme ha le sa tla hlola le latela dipelo tsa lona tse mpe ka manganga.”+ 18  “Matsatsing ao ba tla tsamaya ha mmoho, ba ntlo ya Juda ba tla tsamaya le ba ntlo ya Iseraele+ mme ba tle ba tswa naheng ya leboya ba kene naheng eo ke e fileng baholoholo ba lona e le lefa.+ 19  Ke ne ke ye ke re: ‘Ke o behile hara bana ba ka mme ke o file naha e ntle, lefa le letle hara ditjhaba.’*+ Ke ne ke nahana hore o tla mpitsa ‘Ntate’ le hore o ke ke wa ntahla. 20  Jehova o re: ‘Empa jwalo ka ha mosadi ya bolotsana a siya monna wa hae, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntshebeditse ka bolotsana.’”+ 21  Ho utlwahetse modumo ka hodima maralla,Sello le dikopo tsa batho ba Iseraele. Etswe ba nkile tsela e sothehileng,Ba lebetse Jehova Modimo wa bona.+ 22  “Kgutlang, lona bana ba kwenehileng. Ke tla le fodisa mme le ke ke la hlola le eba bakwenehi.”+ “Ke rona bana! Re tlile ho wenaHobane Jehova, o Modimo wa rona.+ 23  Ka nnete re ne re ithetsa ha re ntse re hweletsa re le maralleng le dithabeng.+ Ka nnete poloko ya Iseraele e ho wena Jehova Modimo wa rona.+ 24  Empa ho tloha botjheng ba rona, ntho e hlabisang dihlong* e qetile dintho tsohle tseo baholoholo ba rona ba di sebeleditseng ka thata,+Mehlape ya bona ya dinku le dipodi le mehlape ya bona ya diphoofolo tse kgolo,Bara le baradi ba bona. 25  A re robaleng ka dihlong tsa ronaMme sekgobo sa rona se re kwaheleHobane re o sitetswe, Jehova Modimo wa rona,+Rona le bontate ba rona ho tloha botjheng ba rona ho fihlela letsatsing lena.+ Ha re a mamela lentswe la hao Jehova Modimo wa rona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Moarabia.”
Ka Seheberu: “o phatla e kang ya.”
Ka Seheberu: “sosobanyetsa sefahleho.”
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “medimo esele.”
Kapa mohlomong: “monna.”
Ka Seheberu: “ya pelo ya ka.”
Kapa mohlomong: “ba le tsamaise ka.”
Ka Seheberu: “mabotho a ditjhaba.”
Ho buuwa ka Baale.