Jeremia 30:1-24

  • Setjhaba se tla kgutlisetswa hae se be se fodiswe (1-24)

30  Jehova a re ho Jeremia:  “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Ngola mantswe ohle ao ke o bolellang ona bukeng.  “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla lata batho ba ka ba hapuweng e leng Iseraele le Juda,”+ ke Jehova ya tjhong. “Ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke e fileng baholoholo ba bona mme e be ya bona hape,”’ ke Jehova ya tjhong.”+  Ana ke mantswe ao Jehova a a boleletseng Iseraele le Juda.   Jehova o re: “Le utlwile seboko sa batho ba tshohileng. Ke tshabo feela, ha ho na kgotso.   Ke kopa le botse, na ho na le monna ya ka belehang? Jwale ke hobaneng ha ke bona monna e mong le e mong ya matla a itshwere mpeng*Jwalo ka mosadi ya belehang?+ Ke hobaneng ha difahleho tsohle di pudufetse?   Jowe! Letsatsi leo e tla ba le tshosang.*+ Ha ho le kileng la tshwana le lona. E tla ba nako ya mahlomola bakeng sa JakoboEmpa ke tla mo pholosa.”  Jehova wa mabotho o re: “Letsatsing leo, ke tla roba joko e melaleng ya bona, ke kgaole diropo tse ba tlammeng dikoto tse pedi mme baditjhaba* ha ba sa tla hlola ba ba* etsa makgoba a bona.  Ba tla sebeletsa Jehova Modimo wa bona, ba sebeletse Davida, morena eo ke tla mo kgetha bakeng sa bona.”+ 10  Jehova o re: “Wena Jakobo mohlanka wa ka, o se ke wa tshoha,O se ke wa haroha letswalo, wena Iseraele.+ Etswe ke tla o pholosa o le hole,Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsweng ho yona ha ba ne ba haptjwa.+ Jakobo o tla kgutla mme a phele ka kgotso le kgutso,Ho se na motho ya tla mo tshosa.”+ 11  Jehova o re: “Ke na le wena ho o pholosaEmpa ke tla fedisa ditjhaba tsohle tseo ke o hasanyeditseng ho tsona.+ Le ha ho le jwalo, wena nke ke ka o fedisa.+ Ke tla o kgalemela ka tsela e nepahetseng,*Ho hang nke ke ka o tlohela feela ke sa o fe kotlo.”+ 12  Jehova o re: “Ha ho na letho le ka etsang hore o kgaotse ho nyahama.+ Leqeba la hao ha le fole. 13  Ha ho na ya buellang nyewe ya hao,Diso tsa hao ha di phekolehe. Ha ho mohla o tla fola. 14  Dinyatsi tsa hao kaofela di o lebetse.+ Ha di sa o batla. Ke o otlile jwalo ka ha sera se ka o otla,+Ke o otlile jwalo ka ha motho ya sehloho a ka o otla,Ka lebaka la diphoso tsa hao tse ngata le dibe tsa hao tse ngata.+ 15  Na o na le lebaka la ho lla hobane o nyahame? Bohloko ba hao ha bo phekolehe. Ke o entse tjenaKa lebaka la diphoso tsa hao tse ngata le dibe tsa hao tse ngata.+ 16  Ka hona, bohle ba bolayang batho ba hao ba tla bolawa.+ Dira tsa hao kaofela di tla haptjwa.+ Ba o utswetsang ba tla utswetswa,Bohle ba hapang thepa ya hao le bona ke tla etsa hore ba nkelwe thepa.”+ 17  “Empa ke tla o phekola mme ke fodise maqeba a hao,”+ ke Jehova ya tjhong,“Le hoja ba o bitsitse mokgelo ba re: ‘Sione, sebaka seo ho se nang motho ya se batlang.’”+ 18  Jehova o re: “Ke tla lata bana ba Jakobo ba hapuweng,+Ke ba hauhele mme ke lokise moo ba dulang. Motse o tla boela o hahwe moo o neng o hahilwe pele,+Ntlo ya boreneng e tla ema moo ho loketseng. 19  Ba tla leboha, ba hweletse ba thabile.+ Ke tla ba atisa, ba ke ke ba fokotseha,+Ke tla eketsa palo ya bona*Mme ba ke ke ba kgellwa fatshe.+ 20  Bana ba hae ba tla ba jwalo ka pele,Ke tla ba etsa setjhaba se matla ka pela ka.+ Ke tla sebetsana le bahatelli bohle ba hae.+ 21  Morena wa hae o tla hlaha hara batho ba haeMme mmusi wa hae o tla hlaha hara bana ba hae. Ke tla etsa hore a atamele mme o tla nkatamela.” “Etswe ke mang ya nang le sebete sa* ho nkatamela ke sa re a atamele?” ke Jehova ya tjhong. 22  “Le tla ba setjhaba sa ka+ mme ke be Modimo wa lona.”+ 23  Jehova o tla halefa jwalo ka sefefo se matla,+Jwalo ka setsokotsane se tsukutlang batho ba kgopo. 24  Jehova o tla dula a tuka ke bohaleHo fihlela a entse dintho tseo a di rerileng a bile a di phethile.+ Le tla utlwisisa taba ena mehleng ya ho qetela.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “thekeng.”
Ka Seheberu: “le leholo.”
Kapa: “basele.”
Kapa: “mo.”
Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”
Kapa mohlomong: “etsa hore ba hlomphehe.”
Ka Seheberu: “ya faneng ka pelo ya hae e le tiiso.”