Jeremia 31:1-40

  • Baiseraele ba setseng ba tla boela ba dule naheng (1-30)

    • Ragele o llela bana ba hae (15)

  • Selekane se setjha (31-40)

31  Jehova o re: “Ka nako eo, ke tla ba Modimo wa malapa ohle a Iseraele mme ona e tla ba setjhaba sa ka.”+   Jehova o re: “Batho ba phonyohileng sabole ba ile ba hauhelwa ke Modimo lefeelleng. Baiseraele ba ya moo ba tla fumana phomolo.”   Jehova a hlaha ho nna a le hole a re: “Ke o ratile ka lerato le sa feleng. Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka o tshepahalla le ho o hulela ho nna.+   Ke tla boela ke o hahe mme o tla ba setjhaba hape.+ Wena morwetsana wa Iseraele, o tla boela o nke meropa ya hao e menyenyaneO tjeke o thabile.*+   O tla boela o leme dirapa tsa morara dithabeng tsa Samaria.+ Balemi ba tla lema mme ba je ditholwana.+   Ho tla tla letsatsi leo balebedi dithabeng tsa Efraime ba tla hweletsa ba re: ‘Emang, re nyoloheleng Sione ho Jehova Modimo wa rona.’”+   Etswe Jehova o re: “Binelang Jakobo le thabile,Hweletsang le thabile hobane le phahametse ditjhaba.+ Phatlalatsang molaetsa, le rorise Modimo le re: ‘Jehova, pholosa setjhaba sa hao, Baiseraele ba setseng.’+   Ke tla ba lata ho tswa naheng ya leboya.+ Ke tla ba bokella ho tswa dibakeng tse holehole tsa lefatshe.+ Hara bona ho tla ba le difofu le ba holofetseng,+Mosadi wa moimana le ya pepang, kaofela ha bona. Ba tla kgutlela mona e le phutheho e kgolo.+   Ba tla kgutla ba ntse ba lla.+ Ke tla ba etella pele ba ntse ba kopa mohau. Ke tla ba tataisetsa melatswaneng,+Tseleng e pharaletseng moo ba ke keng ba kgoptjwa. Ke nna Ntate wa Iseraele, Efraime ke letsibolo la ka.”+ 10  Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba,Le le phatlalatse hara dihlekehleke tse hole le re:+ “Ya hasantseng Iseraele o tla mo bokella,O tla mo disa jwalo ka ha modisa a disa mohlape wa hae.+ 11  Jehova o tla lopolla Jakobo,+A mo pholose* letsohong la ya matla ho mo feta.+ 12  Ba* tla tla, ba hweletse ka thabo hodima thaba ya Sione,+Ba tlale thabo ka lebaka la melemo e tswang ho Jehova,Ka lebaka la dijo,* veine e ntjha,+ oli,Dikonyana, dipotsanyane le manamane.+ Ba tla ba jwalo ka serapa se nosetswang hantle,+Ha ba sa tla hlola ba omella hape.”+ 13  “Ka nako eo, morwetsana o tla tjeka a thabileHa mmoho le bahlankana le bo ntatemoholo.+ Ke tla fetola maswabi a bona thabo e kgaphatsehang,+Ke tla ba tshedisa, ke etse hore ba thabe ho ena le ho sarelwa.+ 14  Ke tla kgotsofatsa baprista ka dijo tse ngata.* Setjhaba sa ka se tla kgotsofatswa ke melemo e tswang ho nna,”+ ke Jehova ya tjhong. 15  “Jehova o re: ‘Lentswe le utlwahala Rama,+ seboko le sello se bohloko. Ragele o llela bana ba hae.+ O hanne ho tshedisehaHobane bara ba hae ha ba sa le yo.’”+ 16  Jehova o re: “‘Thola o se ke wa lla le mahlo a hao a se ke a tswa meokgoHobane ho na le moputso bakeng sa mosebetsi wa hao,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Bara ba hao ba tla kgutla naheng ya sera.’+ 17  ‘Tshepo e teng bakeng sa hao,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Bara ba hao ba tla kgutlela habo bona.’”+ 18  “Ruri ke utlwile sello sa Efraime ha a re: ‘Ke ne ke le jwalo ka pohwana e sa kwetliswang,O nkgalemetse, ka kgalemeleha. Nkgutlisetse tseleng mme hanghang ke tla kgutlaKa ha o Jehova Modimo wa ka. 19  Ke ile ka ikwahlaya yaba ke a kgutla,+Ka mora hore o etse hore ke utlwisise, ke ile ka utlwa bohloko haholo.* Ke ile ka hlajwa ke dihlong, ka swaba+Ka lebaka la dintho tseo ke di entseng ha ke sa le motjha.’” 20  Jehova o re: “Na Efraime ha se mora wa ka wa bohlokwa, ngwana eo ke mo ratang?+ Le hoja ke mo kgalemetse ka makgetlo a mangata, ke ntse ke mo hopola. Ke ka hoo ke mo hlolohetsweng.*+ Ruri ke tla mo hauhela.+ 21  Itlhomele matshwao a tsela,O behe matshwao.+ O ele hloko tsela e kgolo, tsela eo o lokelang ho tsamaya ka yona.+ Kgutla, wena morwetsana wa Iseraele, o kgutlele metseng ena ya hao. 22  Wena moradi ya sa tshepahaleng, o tla nne o ye kwana le kwana ho fihlela neng? Jehova o entse ntho e ntjha lefatsheng: Mosadi o tla batla monna.” 23  Jehova wa mabotho e leng Modimo wa Iseraele o re: “Nakong eo ke bokellang batho ba bona ba hapuweng, ba tla boela ba bue mantswe ana naheng ya Juda le metseng ya yona: ‘E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa, wena sebaka seo ba lokileng ba dulang ho sona,+ wena thaba e halalelang.’+ 24  Juda le metse yohle ya yona e tla ba le baahi, dihwai le badisa ba tla dula teng.+ 25  Etswe ke tla kgatholla motho ya kgathetseng mme ke kgorise e mong le e mong ya fokotseng ke tlala.”+ 26  Yaba ke a phaphama ke bula mahlo, boroko ba ka bo ne bo nnatefetse. 27  Jehova o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla atisa ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda. Ke tla atisa le diphoofolo tsa bona.”+ 28  Jehova o re: “Feela jwalo ka ha ke ne ke itokiseditse ho ba fothola, ho ba ripitla, ho ba senya,+ ho ba ntsha kotsi le ho ba fedisa, ke tla itokisetsa ho ba haha le ho ba tsitsisa.+ 29  Matsatsing ao, ha ba sa tla hlola ba re: ‘Bontate ba jele morara o bodila empa bara ke bona ba utlwang bodila boo.’+ 30  Empa motho le ha e le ofe ya jang morara o bodila, ke yena ya tla utlwa bodila boo. Motho e mong le e mong o tla shwela phoso ya hae.” 31  Jehova o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla etsa selekane se setjha le ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda.”+ 32  Hape Jehova o re: “Se ke ke sa tshwana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholoholo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tshwere ka letsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta+ ‘e leng selekane sa ka seo ba ileng ba se fetohela,+ le hoja ke ne ke le monga bona.’”* 33  Jehova o re: “Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele ka mora matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao wa ka ka hara bona,+ ke o ngole dipelong tsa bona.+ Ke tla ba Modimo wa bona mme bona e tla ba batho ba ka.”+ 34  Jehova o re: “Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: ‘Tsebang Jehova’+ hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui.+ Ke tla tshwarela diphoso tsa bona mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”+ 35  Ana ke mantswe a Jehova,Ya fanang ka letsatsi bakeng sa ho kgantsha motshehareLe ka melao ya kgwedi le dinaledi bakeng sa ho kgantsha bosiu,Ya fuduhang lewatle le ya etsang hore maqhubu a lona a lwebehlane,Eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho. O re:+ 36  Jehova o re: “‘Melao ena e tla hloleha ho sebetsaMohla bana ba Iseraele ba kgaotsang ho ba setjhaba ka pela ka.’”+ 37  Jehova o re: “‘Feela jwalo ka ha mahodimo a ke ke a methwa le metheo ya lefatshe e ke ke ya tsejwa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe dintho tsohle tseo ba di entseng,’ ke Jehova ya tjhong.”+ 38  Jehova o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona Jehova a tla hahelwa motse+ ho tloha Toreng ya Hananiele+ ho ya Keiting e Khoneng.+ 39  Kgwele e methang+ e tla toba pele ho ya leralleng la Garebe ebe e tjekela Gowa. 40  Kgohlo* eo ho lahlelwang ditopo le molora* ho yona le masimo ohle ho ya fihla Kgohlong ya Kidrone+ le ho ya fihla sekgutlong sa Keiti ya Dipere+ ho elella botjhabela, e tla ba ntho e halalelang ho Jehova.+ E ke ke ya fediswa kapa ya senngwa hape le ka mohla.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “O tjeke le ba tshehang.”
Kapa: “lopolle.”
E leng Baiseraele.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “monono.”
Kapa: “otla serope sa ka.”
Ka Seheberu: “mala a ka a dubehileng ka lebaka la hae.”
Kapa mohlomong: “monna wa bona.”
Kapa: “Phula.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.